LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 62 leq. 148-leq. 149 ser. 1
  • Mmuso o Tshwanang le Sefate se Seholo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mmuso o Tshwanang le Sefate se Seholo
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Mmuso o Tla Dula o le Teng
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 62 leq. 148-leq. 149 ser. 1
Sefate se torong ya Morena Nebukadnezare se a kgaolwa

THUTO YA 62

Mmuso o Tshwanang le Sefate se Seholo

Bosiung bo bong, Nebukadnezare o ile a lora toro e tshosang. Yaba o bitsa banna ba bohlale hore ba mo hlalosetse yona. Empa ha ho le ya mong ya ileng a kgona ho e hlalosa. Qetellong, morena a bua le Daniele.

Nebukadnezare a re ho Daniele: ‘Ke lorile sefate. Se ile sa hola hoo se ileng sa fihla lehodimong. Batho bohle lefatsheng ba ne ba ka kgona ho se bona. Se ne se ena le makala a matle mme se beha ditholwana tse ngata. Diphoofolo di dula moriting wa sona mme dinonyana di haha dihlaha makaleng a sona. Yaba lengeloi le theoha lehodimong, le re: “Remang sefate seo, le pome makala a sona. Empa le siye kutu le metso ya sona fatshe, e tlanngwe ka lebanta la tshepe le la koporo. Pelo ya yona e fetohe e be jwalo ka ya sebata, e se ke ya eba ya motho mme ho fete dinako tse supileng e ntse e le boemong boo. E le hore batho bohle ba ka tseba hore Modimo ke Mmusi le hore a ka fa motho le ha e le ofe eo a mo batlang bobusi.” ’

Jehova o ile a bolella Daniele seo toro eo e se bolelang. Daniele o ile a tshoha haholo ha a utlwa hore na toro eo e bolelang. A re: ‘Morena, ke lakatsa eka toro ena e ka be e bua ka dira tsa hao empa jwale e bua ka wena. Sefate se seholo se renngweng se tshwantshetsa wena. O tla amohuwa borena mme o tla ja jwang jwalo ka phoofolo e hlaha. Empa ka ha lengeloi le itse o siye kutu le methapo ya sona, o tla boela o be morena.’

Selemo ha morao, Nebukadnezare o ne a tsamaya marulelong a ntlo ya hae ya borena, a tsota botle ba Babilona. A re: ‘A ko bone ka moo ke hahileng motse ona o motle ka teng. Ruri ke motho wa bohlokwa.’ Ha a ntse a bua jwalo, lentswe la hlaha lehodimong la re: ‘Nebukadnezare. Ha o sa le morena.’

Ka yona nako eo, Nebukadnezare a lahlehelwa ke kelello mme a tshwana le phoofolo e hlaha. Ka hoo, a tloswa ntlong ya borena, a ilo dula le diphoofolo tse hlaha. Moriri wa hae wa hola jwalo ka masiba a ntsu mme manala a hae a ba malelele jwalo ka a nonyana.

Ka mora dilemo tse supileng, Nebukadnezare a hlaphohelwa mme Jehova a mo busetsa boreneng ba Babilona. Yaba Nebukadnezare o re: ‘Ke rorisa Jehova, Morena wa mahodimo. Jwale ke a tseba hore Jehova ke Mmusi. O kokobetsa ba ikgohomosang mme a ka fa motho le ha e le ofe eo a mo batlang bobusi.’

“Boikakaso bo etella ho wa pele mme ya ikgohomosang o qetella ka ho wa.”​—Diproverbia 16:18

Dipotso: Toro ya Nebukadnezare e ne e bolelang? Nebukadnezare o ile a ithuta eng?

Daniele 4:​1-37

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share