THUTO YA 60
Mmuso o Tla Dula o le Teng
Ka bosiu bo bong Morena Nebukadnezare o ile a lora toro e makatsang. Toro eo e ile ya mo tshwenya hoo a ileng a fellwa ke boroko. Yaba o bitsa maselamose mme o re ho ona: ‘Ntlhalosetseng toro eo ke e lorileng.’ Maselamose a re: ‘Re bolelle hore na o lorileng Morena.’ Empa Nebukadnezare a re: ‘Tjhe, nke ke ka le bolella! Lona mpolelleng hore na ke lorileng, ho seng jwalo ke tla le bolaya.’ Maselamose ao a re ho yena hape: ‘Re bolelle hore na o lorileng, re tla o hlalosetsa toro ya hao.’ A re ho ona: ‘Le batla ho nqhekella. Mpolelleng hore na ke lorileng!’ A re ho morena: ‘Ha ho na motho ya ka o bolellang yona. O re kopa ntho e thata.’
Nebukadnezare o ile a kwata haholo mme a laela hore banna bohle ba bohlale naheng eo ba bolawe. Ba ne ba akarelletsa Daniele, Shadrake, Meshake le Abednego. Daniele o ile a kopa morena hore a mo fe nako e itseng. Ka hoo, Daniele le metswalle ya hae ba rapela Jehova ba mo kopa hore a ba thuse. Jehova o ile a etsang?
Jehova o ile a bontsha Daniele toro ya Nebukadnezare le tlhaloso ya yona. Ka le hlahlamang, Daniele a ya ho mohlanka wa morena mme a re: ‘O se ke wa bolaya banna ba bohlale. Nka hlalosetsa morena toro ya hae.’ Yaba mohlanka eo o isa Daniele ho Nebukadnezare. Daniele a re ho morena: ‘Modimo o o bolella dintho tse tlo etsahala. Toro ya hao ke ena: O bone setshwantsho se seholo se nang le hlooho ya kgauta, sefuba le matsoho a silevera, mpa le dirope tsa koporo, meomo ya tshepe le maoto a kopantseng tshepe le letsopa. Yaba lejwe le kgephoha thabeng, mme le otla setshwantsho seo maotong. Ka hoo, la silakanya setshwantsho seo la se etsa phofo mme sa fefolwa ke moya. Lejwe leo la fetoha thaba e kgolo mme la tlala lefatshe lohle.’
Ka mora moo Daniele a re: ‘Tlhaloso ya toro ya hao ke ena: Mmuso wa hao ke hlooho ya kgauta. Mmuso o tlo latela wa hao ke wa silevera. Ka mora wona ho tla tla o kang wa koporo, o tla busa lefatshe lohle. Ebe ho latela o matla jwalo ka tshepe. Qetellong ho tla ba le mmuso o arohaneng, oo dikarolo tse ding di tla ba matla jwalo ka tshepe mme tse ding e be tse fokolang jwalo ka letsopa. Lejwe le fetohang thaba e kgolo ke Mmuso wa Modimo. O tla silakanya mebuso ena kaofela mme wona o be teng ka ho sa feleng.’
Yaba Nebukadnezare o kgumama fatshe ka pela Daniele. A re: ‘Modimo wa hao o o boleletse toro ena. Ha ho na Modimo ya tshwanang le yena.’ Ho ena le hore Nebukadnezare a bolaye Daniele, o ile a mo etsa moetapele wa banna bohle ba bohlale le mmusi wa profinse ya Babilona. Na o a bona hore na Jehova o ile a araba thapelo ya Daniele jwang?
“Dipolelo tse sa hlwekang tsa bokella marena sebakeng seo ka Seheberu se bitswang Armagedone.”—Tshenolo 16:16