THUTO YA 65
Esthere o Pholosa Batho ba Habo
Esthere e ne e le ngwanana wa Mojuda ya neng a dula motseng wa Persia o bitswang Shushane. Nako e telele pele ho moo, Nebukadnezare o ne a nkile ba lelapa labo Jerusalema. Esthere o ne a hodiswa ke mong ka yena ya bitswang Mordekai, ya neng a sebeletsa Morena Asueruse wa Persia.
Morena Asueruse o ne a batla mofumahadi e motjha. Bahlanka ba hae ba ile ba mo tlisetsa barwetsana ba batle ka ho fetisisa naheng eo, ho akareletsa le Esthere. Hara bona kaofela, morena o ile a kgetha Esthere hore e be yena mofumahadi. Mordekai o ile a re Esthere a se ke a bolella batho hore ke Mojuda.
Monna e mong ya ikgohomosang ya bitswang Hamane e ne e le yena ya okametseng dikgosana tsohle naheng eo. O ne a batla hore batho bohle ba mo inamele. Mordekai o ile a hana ho mo inamela. Ka hoo, Hamane a halefa mme a batla ho mo bolaya. Ha Hamane a utlwa hore Mordekai ke Mojuda, o ile a rera ho bolaya Bajuda bohle naheng eo. A re ho morena: ‘Bajuda ke batho ba kotsi, o lokela ho ba tlosa tseleng.’ Yaba Asueruse o re: ‘Etsa ntho le ha e le efe eo o e batlang.’ A mo fa matla a ho etsa molao. Ka hoo, Hamane a laela batho bohle hore ba bolaye Bajuda ka la 13 kgweding ya Adare. Jehova o ne a ntse a shebile.
Esthere o ne a sa tsebe ka molao oo. Ka hoo, Mordekai a mo romella kopi ya wona mme a re: ‘Eya o bue le morena.’ Yaba Esthere o re: ‘Motho le ha e le ofe ya yang ho morena a sa bitswa o tla bolawa. Ho se ho fetile matsatsi a 30 morena a sa mpitse empa ke tla ya. Haeba a ka nnanabeletsa lere la hae la borena, ke tla phela. Ho seng jwalo, ke tla bolawa.’
Yaba Esthere o ya lebaleng la morena. Ha morena a mo bona, a mo nanabeletsa lere la hae la borena. Esthere a ya ho yena mme morena a re: ‘Nka o etsetsang Esthere?’ Esthere a re: ‘Ke kopa hore wena le Hamane le tle dijong.’ Ha ba le dijong, Esthere a boela a ba mema hore ba tle hape. Ha ba tlile dijong ka lekgetlo lena la bobedi, morena a boela a botsa Esthere a re: ‘O batla ke o etsetseng?’ A re: ‘Ho na le motho ya batlang ho bolaya nna le batho ba heso. Ke kopa o re sireletse.’ Morena a re: ‘Ke mang ya batlang ho o bolaya?’ Esthere a re: ‘Ke monna enwa ya kgopo ya bitswang Hamane.’ Morena Asueruse a halefa haholo hoo a ileng a re Hamane a bolawe hanghang.
Empa esita le morena o ne a ke ke a etsolla molao oo Hamane a o entseng. Ka hoo, morena a beha Mordekai hore a okamele dikgosana mme a mo fa matla a ho etsa molao o motjha. Yaba Mordekai o etsa molao o neng o dumella Bajuda hore ba itshireletse ha ba hlaselwa. Ka hoo, Bajuda ba hlola dira tsa bona ka la 13 kgweding ya Adare. Ho tloha ka nako eo, ba ile ba keteka tlholo ena selemo le selemo.
“Le tla iswa ka pela babusisi le marena ka lebaka la ka e le hore le bolelle bona le ditjhaba ka tumelo ya lona.”—Matheu 10:18