THUTO YA 66
Esdrase o Ruta Batho Molao wa Modimo
Dilemo tse ka bang 70 ka mora hore Baiseraele ba kgutlele Jerusalema, ba bang ba ne ba ntse ba dula dikarolong tse ding tsa Mmuso wa Persia. E mong wa bona ke moprista Esdrase, ya neng a ruta batho Molao wa Jehova. Esdrase o ne a lemohile hore Baiseraele ba Jerusalema ha ba latele Molao, ka hoo a ikemisetsa ho ya teng e le hore a ba thuse. Morena Artaseksese wa Persia o ile a re ho yena: ‘Modimo o o file bohlale e le hore o rute batho Molao wa hae. Tsamaya le bohle ba batlang ho tsamaya le wena.’ Ka hoo, Esdrase a bitsa Bajuda bohle ba batlang ho kgutlela Jerusalema. Ba rapela Jehova hore a ba sireletse leetong le lelelele leo ba tlo le nka mme ba kena tseleng.
Ka mora dikgwedi tse nne, ba ile ba fihla Jerusalema. Dikgosana tsa re ho Esdrase: ‘Baiseraele ha ba a mamela Molao wa Jehova mme ba nyetse basadi ba rapelang medimo ya bohata.’ Esdrase o ile a etsang? O ile a kgumama ka pela setjhaba mme a rapela a re: ‘Jehova, o re etseditse dintho tse ngata empa re o foseditse.’ Baiseraele ba ile ba re ba bakile empa ba ne ba ntse ba etsa dintho tse fosahetseng. Esdrase o ile a kgetha baholo le baahlodi hore ba lokise bothata bona. Ka dikgwedi tse tharo tse latelang, ba ile ba leleka batho ba sa rapeleng Jehova.
Ho ile ha feta dilemo tse 12. Ka nako eo, marako a motse wa Jerusalema a ile a tsosoloswa. Ka hoo, Esdrase a bokella setjhaba lebaleng ho se balla Molao wa Modimo. Ha Esdrase a bula buka, setjhaba se ile sa ema. O ile a rorisa Jehova mme setjhaba sona sa phahamisa matsoho ho dumellana le yena. Ka mora moo, Esdrase a bala Molao a ba a o hlalosa mme setjhaba sa mamela ka hloko. Setjhaba sa boela sa dumela hore se lahlile Jehova mme sa lla. Ka le hlahlamang, Esdrase a boela a se balla Molao. Baiseraele ba hlokomela hore haufinyane ba lokela ho keteka Mokete wa Maphephe. Hanghang ba qala ho lokisetsa mokete oo.
Baiseraele ba qeta matsatsi a supileng a mokete oo ba thabile ba bile ba leboha Jehova ha a ba hlohonolofaditse ka kotulo e ntle. Mokete wa Maphephe o tshwanang le oo o ne o qetetse ho ba teng mehleng ya Joshua. Ha mokete oo o fela, setjhaba sa phutheha mme sa rapela sa re: ‘Jehova, o re lokolotse bokgobeng, wa re fepa lehwatateng, wa ba wa re fa naha ena e ntle. Empa re ile ra o sitelwa ka makgetlo a mangata. Wa romela baprofeta ho re lemosa empa ha re a ka ra mamela. Le ha ho le jwalo, o ile wa re mamella. Wa phethahatsa tshepiso ya hao ho Abrahama. Jwale re o tshepisa hore re tla o mamela.’ Ba ngola fatshe seo ba se tshepisitseng mme dikgosana, Balevi le baprista ba se tiisa.
“Ho thaba ba mamelang lentswe la Modimo mme ba le boloka.”—Luka 11:28