LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 71 leq. 168-leq. 169 ser. 1
  • Jehova o Sireletsa Jesu

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova o Sireletsa Jesu
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 71 leq. 168-leq. 169 ser. 1
Maria le Jesu e monyenyane ba palame tonki mme Josefa o tsamaya ka thoko ho bona

THUTO YA 71

Jehova o Sireletsa Jesu

Naheng e nngwe e ka botjhabela ho Iseraele, ho ne ho dula batho ba dumelang hore dinaledi di a ba tataisa. Ka bosiu bo bong, banna ba tswang Botjhabela ba ile ba bona ntho e kang naledi e tsamaya sepakapakeng mme ba e sala morao. “Naledi” eo ya ba isa Jerusalema. Banna bao ba qala ho botsa batho, ba re: ‘O kae ngwana eo e tlo ba morena wa Bajuda? Re tlile ho tla mo kgumamela.’

Morena wa Jerusalema ya bitswang Heroda o ile a ferekana haholo ha a utlwa ka morena eo e motjha. Ka hoo, a botsa baprista ba ka sehloohong, a re: ‘Ngwana enwa eo ho thweng e tlo ba morena, o lokela ho hlahela hokae?’ Ba re: ‘Baprofeta ba itse o tla hlahela Bethlehema.’ Yaba Heroda o bitsa banna ba tswang Botjhabela mme o re ho bona: ‘Eyang Bethlehema mme le fumane ngwana eo. Ha le mo fumane le kgutle, le mpolelle hore na o hokae. Le nna ke batla ho mo kgumamela.’ Empa o ne a bua leshano.

“Naledi” eo ya qala ho tsamaya hape. Banna bao ba e sala morao ho ya Bethlehema. Ya fihla ya ema ka hodima ntlo e nngwe mme banna bao ba kena ka hara yona. Ba fumana Jesu le mme wa hae, Maria. Ba kgumamela ngwana mme ba mo fa kgauta, dibano tse tshweu le mira e le dimpho. Na ke Jehova ya neng a romme banna baa hore ba ye ho Jesu? Tjhe.

Bosiung boo, Jehova a re ho Josefa ka toro: ‘Heroda o batla ho bolaya Jesu. Nka mosadi wa hao le ngwana le balehele Egepeta. Le dule moo ho fihlela ke le bolella hore le kgutle.’ Hanghang, Josefa a nka ba lelapa la hae ba ya Egepeta.

Jehova o ile a bolella banna ba tswang Botjhabela hore ba se ke ba kgutlela ho Heroda. Heroda a kwata haholo ha a hlokomela hore ha ba a kgutla. Kaha o ne a sa tsebe hore na Jesu o hokae, a laela hore bana bohle ba bashanyana ba lekanang le Jesu ba Bethlehema ba bolawe. Empa Jesu o ne a le hole kwana Egepeta, a sireletsehile.

Ka mora nako, Heroda o ile a shwa. Ka hoo, Jehova a re ho Josefa: ‘Jwale o ka kgutla, ho sireletsehile.’ Josefa, Maria le Jesu ba ile ba kgutlela Iseraele mme ba dula motseng wa Nazaretha.

“Lentswe la ka le tswang molomong wa ka le tla ba jwalo . . .  mme jwang kapa jwang le tla atleha nthong eo ke le rometseng hore le e etse.”​—Esaia 55:11

Dipotso: Ke hobaneng ha Jesu a ne a le kotsing? Jehova o ile a mo sireletsa jwang?

Matheu 2:​1-23; Mikea 5:2

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share