THUTO YA 72
Ha Jesu a Ntse a Hola
Josefa le Maria ba ne ba dula Nazaretha le Jesu le bana ba bona ba bang. Josefa o ne a phedisa ba lelapa la hae ka ho betla mapolanka mme a ruta bana ba hae ka Jehova le Molao wa hae. Lelapa la hae le ne le dula le ya sinagogeng ho ya rapela mme selemo le selemo le ya Jerusalema moketeng wa Paseka.
Ha Jesu a le dilemo di 12, lelapa labo le ile la ya Jerusalema jwalo ka ha e le tlwaelo. Motse oo o ne o le hole mme o phethesela ka ha batho ba ne ba tlile moketeng wa Paseka. Ka mora moo, Josefa le Maria ba kena tseleng ba kgutlela hae, ba nahana hore Jesu o tsamaya le ba bang sehlopheng. Empa ha ba mo sheba hara beng ka bona, ba se ke ba mo fumana.
Ba kgutlela Jerusalema mme ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba mo batla. Qetellong, ba fihla tempeleng. Ba fumana Jesu, a dutse hara mesuwe a e mametse ka hloko mme a e botsa dipotso. Mesuwe e ne e makaletse bohlale ba Jesu hoo le yona e ileng ya qala ho mo botsa dipotso mme ya hlollwa ke dikarabo tsa hae. E ne e bona hore o utlwisisa Molao wa Jehova.
Josefa le Maria ba ne ba kgathatsehile haholo. Maria a re: ‘Ngwanaka, ke kgale re o batla! O tswa kae?’ Jesu a re: “Na le ne le sa tsebe hore ke ka tlung ya Ntate?”
Ka mora moo, Jesu a kgutlela ha habo Nazaretha le batswadi ba hae. Josefa a mo ruta mosebetsi wa ho betla mapolanka. O nahana hore Jesu o ne a le jwang ha a ntse a hola? Ha Jesu a ntse a hola, o ile a hlalefa mme Modimo le batho ba mo rata.
“Ke thabela ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka, molao wa hao o ka pelong ya ka.”—Pesaleme ya 40:8