LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 73 leq. 172-leq. 173 ser. 2
  • Johanne o Lokisa Tsela

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Johanne o Lokisa Tsela
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Jesu e ba Mesia
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Seo re Ithutang Sona ho ‘Morutuwa eo Jesu a Neng a mo Rata’
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 73 leq. 172-leq. 173 ser. 2
Johanne Mokolobetsi o ruta batho lebopong la Noka ya Jordane

THUTO YA 73

Johanne o Lokisa Tsela

Johanne mora wa Zakaria le Elizabetha e ile ya eba moprofeta ha a se a hodile. Jehova o ile a re Johanne a rute batho hore Mesia o a tla. Ho ena le hore a rute ka disinagogeng le ditoropong, o ne a rutela lefeelleng. Batho ba tswang Jerusalema le Judea ba ne ba tla ho tla rutwa ke Johanne. O ne a re ba lokela ho tlohela ho etsa dintho tse mpe e le hore ba thabise Modimo. Ka mora ho mamela seo Johanne a neng a se ruta, ba bangata ba ile ba tlohela ho etsa dintho tse mpe yaba Johanne o ba kolobetsa Nokeng ya Jordane.

Johanne o ne a se na dintho tse ngata. O ne a apara diaparo tse entsweng ka boya ba kamele mme a ja ditsie le mahe a dinotshi. Batho ba ne ba ipotsa dipotso tse ngata ka Johanne. Esita le Bafarisi le Basaduse ba ne ba tla ho tla mo bona. Johanne o ne a re ho bona: ‘Le lokela ho tlohela dintho tse mpe tseo le di etsang mme le bake. Le se ke la nahana hore le betere hobane feela le le bana ba Abrahama. Seo ha se bolele hore le bana ba Modimo.’

Batho ba bangata ba ile ba tla ho Johanne mme ba re: ‘Re lokela ho etsang e le hore re thabise Modimo?’ Johanne a re ho bona: ‘Haeba o ena le diaparo tse pedi, fa motho ya se nang tsona se seng.’ Na o a tseba hore ke hobaneng ha a ne a tjho jwalo? O ne a batla hore barutuwa ba hae ba tsebe hore ba lokela ho rata batho ba bang e le hore ba thabise Modimo.

Johanne o ile a re ho batho ba bokellang lekgetho: ‘Ha le a lokela ho qhekella batho ba bang.’ A re ho masole: ‘Le se ke la nka tjotjo kapa la bua leshano.’

Baprista le Balevi le bona ba ile ba tla ho Johanne mme ba re: ‘Ha e le hantle o mang? Batho bohle ba batla ho tseba.’ Johanne a re ho bona: ‘Ke thusa batho hore e be metswalle ya Jehova, jwalo ka ha Esaia a boletse esale pele.’

Batho ba ne ba rata dintho tseo Johanne a ba rutang tsona. Ba bangata ba ne ba ipotsa hore na ebe ke yena Mesia. Yaba o re ho bona: ‘Ho na le e moholo ho nna ya tlang. Ha ke bapiswa le yena, ke motho ya tlase haholo. Nna ke kolobetsa ka metsi empa yena o tla kolobetsa ka moya o halalelang.’

“Monna enwa o ne a tletse ho tla fana ka bopaki bo mabapi le lesedi e le hore batho bohle ba ka dumela ka lebaka la hae.”​—Johanne 1:7

Dipotso: Ke hobaneng ha Jehova a ile a roma Johanne? Batho ba ile ba etsang ha ba utlwa molaetsa wa hae?

Matheu 3:​1-11; Mareka 1:​1-8; Luka 3:​1-18; Johanne 1:​19-28; Esaia 40:3

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share