LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 74 leq. 176-leq. 177 ser. 4
  • Jesu e ba Mesia

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu e ba Mesia
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Johanne o Lokisa Tsela
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Bibele e re Rutang?
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 74 leq. 176-leq. 177 ser. 4
Ka mora hore Johanne a kolobetse Jesu, Modimo o ile a romela moya o halalelang ho Jesu jwalo ka leeba

THUTO YA 74

Jesu e ba Mesia

Johanne o ne a ntse a ruta a re: ‘Ho na le e moholo ho nna ya tlang.’ Ha Jesu a le dilemo di ka bang 30, o ile a tloha Galilea a ya Nokeng ya Jordane, moo Johanne a neng a ntse a kolobetsa batho teng. Jesu o ne a batla hore Johanne a mo kolobetse empa Johanne a re: ‘Ha ke a lokela ho o kolobetsa. Ke wena ya lokelang ho nkolobetsa.’ Yaba Jesu o re ho yena: ‘Jehova o batla hore o nkolobetse.’ Ka hoo, ba kena ka Nokeng ya Jordane mme Johanne a qwedisa Jesu ka metsing.

Ha Jesu a tswa ka metsing a rapela. Yaba lehodimo le a buleha mme moya o halalelang o theohela ho yena jwalo ka leeba. Jehova a bua a le lehodimong a re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlisang.”

Ka mora hore moya o halalelang o theohele ho Jesu, e ile ya eba Kreste kapa Mesia. Jwale o ne a ka etsa mosebetsi oo Jehova a mo fileng wona.

Hang ka mora hore Jesu a kolobetswe, o ile a ya lefeelleng mme a qeta matsatsi a 40 moo. Ha a kgutla, a ya ho Johanne. Ha Johanne a mo bona, a re: ‘Enwa ke Konyana ya Modimo e tlosang sebe lefatsheng.’ Ka tsela eo, o ne a bolella batho hore Jesu ke Mesia. Na o a tseba hore na ho ile ha etsahalang ha Jesu a ntse a le lefeelleng? A re bone.

“Yaba lentswe le tswa mahodimong le re: ‘O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlisang.’ ”​—Mareka 1:11

Dipotso: Ke hobaneng ha Jesu a ile a kolobetswa? Ke hobaneng ha Johanne a ile a re Jesu ke Konyana ya Modimo?

Matheu 3:​13-17; Mareka 1:​9-11; Luka 3:​21-23; Johanne 1:​29-34; Esaia 42:1; Baheberu 10:​7-9

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share