THUTO YA 79
Jesu o Etsa Mehlolo e Mengata
Jesu o ile a tla lefatsheng ho tla bolella batho ka Mmuso wa Modimo. Jehova o ile a fa Jesu moya o halalelang e le hore a etse mehlolo ho bontsha seo a tla se etsa ha e se e le Morena. O ne a fodisa mafu ohle. Hohle moo a yang teng, batho ba kulang ba ne ba tla ho yena hore a ba fodise. Batho ba sa boneng ba ile ba bona, ba sa utlweng ditsebeng ba utlwa, ba sa kgoneng ho tsamaya ba tsamaya mme bademona ba ile ba tswa ho batho ba neng ba ena le ona. Esita le ha batho ba tshwara diaparo tsa hae feela ba ne ba fola. Batho ba ne ba sala Jesu morao hohle moo a yang teng. O ne a sa tebele batho le ha a ne a batla ho phomola.
Ka letsatsi le leng, batho ba ile ba tlisa monna ya sa tsebeng ho tsamaya moo Jesu a neng a fihletse teng. Empa ba sitwa ho kena ka tlung hobane ho ne ho tletse batho ba bangata. Yaba ba phunya lesoba marulelong e le hore ba theolele monna eo ho Jesu. Jesu a re ho monna eo: ‘Ema o tsamaye.’ Monna eo a ema mme batho ba makala.
Ka nako e nngwe ha Jesu a kena motseng o mong, banna ba leshome ba nang le lepera ba ile ba hweletsa ba re: ‘Jesu, re thuse.’ Mehleng eo, ha motho a ne a ena le lepera o ne a sa dumellwa hore a atamele haufi le batho ba bang. Jesu o ile a re ba ye tempeleng ka ha Molao wa Jehova o ne o re ha balepera ba qeta ho fodiswa ba ye teng. Ha ba le tseleng, ba fola. Molepera e mong o ile a hlokomela hore o fodile, ka hoo a kgutlela ho Jesu mme a mo leboha a ba a rorisa Modimo. Ke monna a le mong feela ho ba leshome ya ileng a leboha Jesu.
Mosadi e mong ya neng a kutse ka dilemo tse 12, o ne a batla ho fodiswa. Ka hoo, a ipetetsa hara batho ba bangata ba neng ba le pela Jesu e le hore a tshware seaparo sa hae mme a fola hanghang. Ha mosadi eo a qeta ho mo tshwara, Jesu a re: ‘Ke mang ya ntshwereng?’ Mosadi eo o ne a tshohile. Le ha ho le jwalo, a bolella Jesu hore ke yena ya mo tshwereng. Yaba Jesu o bua le yena ka mosa o re: ‘Itsamaele ka kgotso.’
Monna e mong wa ofisiri ya bitswang Jairuse o ile a re ho Jesu: ‘Ke kopa o tle ha ka. Moradi wa ka o a kula.’ Empa ha ba le tseleng, moradi wa Jairuse a shwa. Ha Jesu a fihla, a fumana batho ba bangata ba tlo tshedisa lelapa la Jairuse. A re ho bona: ‘Tholang; o mpa a robetse feela.’ Yaba o tshwara ngwanana eo ka letsoho o re: “Ngwanana, tsoha.” Hanghang a tsoha mme Jesu a re batswadi ba hae ba mo fe dijo. Nahana feela hore na batswadi ba hae ba ile ba thaba hakaakang.
“Modimo o ile a mo fa matla a ba a mo kgetha ka moya o halalelang. O ne a tsamaya hohle dibakeng tsena a etsa dintho tse ntle a bile a fodisa bohle ba hatelletsweng ke Diabolose hobane Modimo o ne a ena le yena.”—Diketso 10:38