LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 80 leq. 188-leq. 189 ser. 1
  • Jesu o Kgetha Baapostola ba 12

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu o Kgetha Baapostola ba 12
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 80 leq. 188-leq. 189 ser. 1
Jesu le baapostola ba hae ba 12

THUTO YA 80

Jesu o Kgetha Baapostola ba 12

Ka mora hore Jesu a qete hoo e ka bang selemo le dikgwedi tse tsheletseng a ntse a bolella batho ka Mmuso wa Modimo, o ile a lokela ho etsa qeto ya bohlokwa. O ne a tla kgetha bomang hore ba sebetse haufi le yena? O ne a tla kwetlisa bomang hore ba etelle pele phutheho ya Bokreste? Jesu o ne a hloka hore Jehova a mo thuse e le hore a etse qeto. Ka hoo, a ya thabeng ho ya rapela a le mong bosiu bohle. Yaba hoseng o bitsa barutuwa ba bang ba hae mme o kgetha ba 12 hore e be baapostola. Na o tseba mabitso a bona? Ke Petrose, Andrease, Jakobo, Johanne, Filipi, Bartholome, Thomase, Matheu, Jakobo mora wa Alfiase, Thadiase, Simone le Judase Iskariota.

Andrease, Petrose, Filipi, Jakobo

Andrease, Petrose, Filipi, Jakobo

Baapostola bana ba 12 ba ne ba tla ya le Jesu hohle moo a yang teng. O ile a ba kwetlisa mme ka mora moo a ba roma hore ba yo ruta ba le bang. Jehova o ile a ba fa matla a ho leleka bademona le a ho fodisa batho ba kulang.

Johanne, Matheu, Bartholome, Thomase

Johanne, Matheu, Bartholome, Thomase

Jesu o ile a re baapostola ba hae ba 12 ke metswalle ya hae mme o ne a ba tshepa. Bafarisi ba ne ba re baapostola ha ba a ruteha. Empa Jesu o ne a ba rutile ho etsa mosebetsi. Ba ne ba tla ba le Jesu pele a shwa le ka mora hore a tsoswe. Ba bang ba baapostola bana ba 12 ba ne ba tswa Galilea e leng moo Jesu a neng a tswa teng. Ba bang ba ne ba nyetse.

Jakobo mora wa Alfiase, Judase Iskariota, Thadiase, Simone

Jakobo mora wa Alfiase, Judase Iskariota, Thadiase, Simone

Baapostola ba ne ba sa phethahala mme ba etsa diphoso. Ka dinako tse ding ba ne ba bua ba sa nahana ebile ba etsa diqeto tse fosahetseng. Hape ba ne ba se na mamello. Ba ile ba etsa kgang ka hore na ke mang e moholo ho e mong. Le ha ho le jwalo, ba ne ba rata ho thusa batho ba bile ba rata Jehova. E ne e tla ba bona ba qalang phutheho ya Bokreste ka mora hore Jesu a nyolohele lehodimong.

“Ke le bitsitse metswalle hobane ke le boleletse dintho tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.”​—Johanne 15:15

Dipotso: Jesu o ile a kgetha bomang hore e be baapostola ba hae ba 12? Jesu o ile a ba fa mosebetsi ofe?

Matheu 10:​1-10; Mareka 3:​13-19; 10:​35-40; Luka 6:​12-16; Johanne 15:​15; 20:​24, 25; Diketso 2:7; 4:​13; 1 Bakorinthe 9:5; Baefese 2:​20-22

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share