THUTO YA 81
Thuto ya Thabeng
Ka mora ho kgetha baapostola ba 12, Jesu o ile a theoha thabeng yaba o ya moo ho nang le batho ba bangata. Ba ne ba tswa Galilea, Judea, Tire, Sidone, Siria le ka mose ho Jordane. Ba ile ba tlisa batho ba tshwerweng ke mafu a fapaneng le ba neng ba hlokofatswa ke bademona. Jesu o ile a ba fodisa kaofela. Yaba o dula pela thaba o bua le bona. O ile a hlalosa seo re lokelang ho se etsa haeba re batla ho ba metswalle ya Modimo. Re lokela ho rata Jehova mme re tsebe hore re a mo hloka. Empa re ke ke ra rata Modimo haeba re sa rate batho ba bang. Re lokela ho ba mosa, re tshware batho ba bang ka toka re be re rate dira tsa rona.
Jesu o ile a re: ‘Ha ho a lekana ho rata metswalle ya rona feela. Re lokela ho rata le dira tsa rona, re ba tshwarele ho tswa pelong. Haeba o kwatisitse motho e mong, kopa tshwarelo. Tshwara ba bang ka tsela eo o batlang hore ba o tshware ka yona.’
Jesu o ile a fana ka keletso e ntle ho bamamedi ba hae mabapi le maruo. O ile a re: ‘Ke habohlokwa ho ba motswalle wa Jehova ho feta ho ba le tjhelete e ngata. Leshodu le ka utswa tjhelete ya hao empa ha ho na ya ka utswang setswalle sa hao le Jehova. Kgaotsa ho tshwenyeha ka hore na o tla jang, o tla nwang kapa o tla aparang. Sheba dinonyana. Modimo o dula a etsa bonnete ba hore di na le dijo. Ho tshwenyeha ho ke ke ha lelefatsa matsatsi a hao a bophelo. Hopola hore Jehova o a tseba hore na o hlokang.’
Letshwele leo le ne le eso utlwe motho ya buang jwalo ka Jesu. Baetapele ba bona ba bodumedi ba ne ba sa ba ruta dintho tsena. Ke hobaneng ha Jesu e ne e le mosuwe e moholo? Ke hobane ntho e nngwe le e nngwe a neng a e ruta e ne e tswa ho Jehova.
“Jarang joko ya ka le ithute ho nna hobane ke bonolo ebile ke ikokobeditse mme le tla kgatholoha.”—Matheu 11:29