LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 88 leq. 206
  • Jesu o a Tshwarwa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu o a Tshwarwa
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 88 leq. 206
Judase o eka Jesu ha ba le serapeng sa Gethesemane

THUTO YA 88

Jesu o a Tshwarwa

Jesu le baapostola ba hae ba ile ba tsamaya Phuleng ya Kidrone ba ya Thabeng ya Mehlwaare. E ne e le hara bosiu mme kgwedi e ne e kganya. Ha ba fihla serapeng sa Gethesemane, Jesu o ile a re ho bona: “Dulang mona le fadimehe.” Jesu a kenella ka hare ho serapa mme a kgumama ka mangole. A rapela Jehova a utlwile bohloko haholo, a re: “Ho ke ho etsahale thato ya hao.” Yaba Jehova o romela lengeloi ho kgothatsa Jesu. Ha Jesu a kgutlela ho baapostola ba hae o ile a ba fumana ba robetse ba le bararo. A re ho bona: ‘Tsohang. Ena ha se nako ya hore ebe le robetse. E se e le nako ya hore dira tsa ka di ntshware.’

Judase o fuwa mokotla o tshetseng tjhelete

Ha morao Judase a fihla a tsamaya le batho ba bangata ba nkileng disabole le melamu. O ne a tseba hore na o tla fumana Jesu hokae hobane ba ne ba tlwaetse ho ya serapeng seo. Judase o ne a bolelletse masole a neng a tsamaya le yena hore o tla a bontsha Jesu. A ya ho Jesu mme a re: ‘Dumela, Mosuwe’ yaba wa mo suna. Jesu a re: ‘Judase, na u nthekisa ka ho ntshuna?’

Jesu a atamela mme a botsa batho bao, a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” A ba araba a re: “Ke nna enwa.” Yaba banna bao ba tjhetjhela morao mme ba wela fatshe. Jesu a ba botsa hape: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” Jesu a re: ‘Ke itse ke nna enwa. Tlohellang banna bana ba tsamaye.’

Ha Petrose a bona se etsahalang, o ile a ntsha sabole ya hae yaba o kgaola tsebe ya Malkuse e leng lekgoba la moprista ya phahameng. Empa Jesu a tshwara tsebe ya monna eo mme a mo fodisa. Yaba o re ho Petrose: “Kgutlisetsa sabole ya hao sebakeng sa yona ka ha bohle ba nkang sabole ba tla bolawa ka sabole.” Masole a ile a tshwara Jesu, a mo tlama matsoho mme baapostola ba baleha. Masole ao a mo isa ho Anase, moprista ya ka sehloohong. Anase o ile a botsa Jesu dipotso yaba o re a ye ho moprista ya phahameng Kaifase. Empa ho ile ha etsahalang ka baapostola?

“Lefatsheng mona le tla hlahelwa ke mathata empa le be sebete, ke hlotse lefatshe.”​—Johanne 16:33

Dipotso: Ho ile ha etsahalang serapeng sa Gethesemane? O ka ithutang ho seo Jesu a ileng a se etsa bosiung boo?

Matheu 26:​36-57; Mareka 14:​32-50; Luka 22:​39-54; Johanne 18:​1-14, 19-24

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share