THUTO YA 89
Petrose o Latola Jesu
Ha Jesu a le kamoreng e ka hodimo le baapostola ba hae, o ile a re ho bona: ‘Kaofela ha lona le tla ntshiya bosiung bona.’ Petrose a re: ‘Tjhe eseng nna! Haeba ba bang kaofela ba o siya, le ka mohla nke ke ka o siya.’ Empa Jesu a re ho Petrose: “Pele mokoko o lla o tla be o ntatotse hararo.”
Ha masole a isa Jesu ntlong ya Kaifase, baapostola ba bangata ba ile ba baleha. Empa ba babedi ba bona ba ile ba kena hara batho ba bangata mme ba sala Jesu morao. E mong wa bona e ne e le Petrose. O ile a ya lebaleng la ntlo ya Kaifase mme a iphuthumatsa mollong. Ha ba le mollong, lekgabunyane le ile la bona sefahleho sa Petrose yaba le re: ‘Ke a o tseba, o ne o ena le Jesu!’
Petrose a re: ‘Tjhe! Ha ke tsebe hore na o bua kang!’ Ha a ya keiting, lekgabunyane le leng la mo bona yaba le re: ‘Monna enwa o ne a ena le Jesu!’ Petrose a re: ‘Jesu eo ha ke mo tsebe!’ Monna e mong a re: ‘O e mong wa bona! O bua ka tsela e tshwanang le ya Bagalilea jwalo ka Jesu.’ Empa Petrose a hlapanya a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!”
Ka motsotso oo mokoko wa lla. Petrose a bona Jesu a hetla mme a mo sheba. O ile a hopola mantswe a Jesu yaba o ya ka ntle a lla ha bohloko.
Ho sa le jwalo, banna ba baholo ba Sanhedrine ba ile ba kopana ho tshwarela Jesu nyewe ka hara ntlo ya Kaifase. Ba ne ba se ba entse qeto ya ho bolaya Jesu mme hona jwale ba ne ba batla lebaka la ho etsa seo. Empa ha ba a ka ba fumana letho kgahlanong le yena. Qetellong Kaifase a re ho Jesu: ‘Na o Mora wa Modimo?’ Jesu a re: ‘E, ke yena.’ Kaifase a re: ‘Ha re hloke bopaki bo bong. Hona ke ho tella!’ Lekgotla la dumellana la re: ‘Monna enwa o lokela ho bolawa.’ Ba ile ba otla Jesu lerameng, ba mo tshwela ka mathe, ba mo kwala mahlo mme ba mo otla ba ntse ba re: ‘Haeba o moprofeta re bolelle na ke mang ya o otlileng!’
Hoseng ba ile ba isa Jesu holong ya Sanhedrine yaba ba mo botsa hape ba re: ‘Na o Mora wa Modimo?’ Jesu a araba: ‘Ke lona ba reng ke yena.’ Ba ile ba mo fumana a le molato wa ho tella mme ba mo isa ho Ponse Pilato mmusisi wa Moroma. Ho ile ha etsahalang hape? Re tla fumana karabo sehloohong se latelang.
“Haufinyane le tla hasana le kgutlele malapeng a lona le ntshiye ke le mong. Le ha ho le jwalo, ha ke mong hobane Ntate o na le nna.”—Johanne 16:32