Maafrika a mangata a ile a rekiswa bokgobeng dinaheng tsa America
Ho Lokoloha Bokgobeng Nakong e Fetileng le Hona Jwale
Blessinga o ile a ya Europe kaha o ne a tshepisitswe mosebetsi salunung. Empa ha a fihla o ile a hlokomela hore o ne a bitseditswe ho tla rekisa mmele. E le ho mo qobella ho etsa sena, o ile a tshwarwa hampe, a otlwa ka matsatsi a leshome mme a tshoswa ka hore ba lelapa labo ba ne ba tla lematswa.
Setshwantsho se bontshang makgoba a neng a le Egepeta
Ho ne ho lebelletswe hore Blessing a etse di-euro tse 200 ho isa ho tse 300 bosiu ka bong e le hore a kgone ho patala tjhelete e ka hodimo ho di-euro tse 40 000,b eo mosadi a neng a mo sebeletsa a neng a e batla ho yena. Blessing o re: “Ke ne ke batla ho baleha empa ke ne ke tshaba hore ba tla lematsa ba lelapa leso. Ho ne ho se na tsela ya ho tswa.” Blessing ke e mong wa batho ba ka bang dimilione tse nne lefatsheng, ba ileng ba etswa makgoba a thobalano.
Dilemong tse ka bang tse 4 000 tse fetileng, Josefa o ile a rekiswa bokgobeng ke bana babo. O ile a qetella e le lekgoba lelapeng le hlahelletseng la Baegepeta. Ho fapana le Blessing, qalong Josefa ha a ka a tshwarwa hampe ke monghadi wa hae. Empa ha a hana ho etsa boitshwaro bo bobe le mosadi wa monga hae, o ile a qoswa ka bohata ka hore o ne a leka ho mo beta. O ile a kwallwa teronkong.—Genese 39:1-20; Pesaleme ya 105:17, 18.
Josefa e ne e le lekgoba la mehleng ya boholoholo ha Blessing e le lekgoba la mehleng ena. Empa ka bobedi e ile ya eba diphofu tsa kgwebo e sehloho ya ho rekisa batho e le makgoba, e qadileng dilemo tse dikete tse fetileng.
NTWA E HODISA BOKGOBA
Ntwa e ne le tsela e bonolo ya hore ditjhaba di iphumanele makgoba. Buka e nngwe e re Morena Thutmose III wa Egepeta o ile a hapa batshwaruwa ba 90 000 kamora ho hlola Kanana. Baegepeta ba ne ba ba sebedisa jwaloka makgoba dimmaeneng, ho haha ditempele le ho etsa dikotopo tsa metsi.
Tlasa Mmuso wa Roma, hangata kamora ntwa ho ne ho e ba le makgoba a mangata ebile ka dinako tse ding ntwa e ne e qalwa e le hore feela ba fumane makgoba. Ho nahanwa hore dilemong tse lekgolo tse qalang, ho ne ho e na le makgoba a mangata Roma, a neng a ka etsa halofo ya baahi. Makgoba a mangata a Baegepeta le Baroma a ne a sebediswa ka thata. Makgoba a neng a sebetsa dimmaeneng a ne a phela dilemo tse 30 feela.
Ha nako e ntse e ya, dintho di ile tsa mpefala. Ho tloha dilemong tsa bo1500 ho ya ho bo1800, Maafrika a mangata a ile a rekisetswa bokgobeng dinaheng tsa America. Mokgatlo o mong o re ‘banna, basadi le bana ba ka etsang dimilione tse 25 ho ya ho tse 30 ba ile ba kwetelwa mme ba rekiswa.’ Ba bangata ba ile ba shwa ha ba ntse ba le bokgobeng. Monna e mong ya ileng a kgona ho baleha bokgobeng ya bitswang Olaudah Equiano o re: “Boemo bo ne bo tshosa haholo, basadi ba ne ba lla ha bohloko, batho ba shwa. Ruri ho ne ho le hobe!”
Ka bomadimabe, batho ba bang e ntse e le makgoba. Ho latela Mokgatlo wa Matjhaba wa Basebetsi, batho ba ka etsang dimilione tse 21 ba akarelletsang banna, basadi, le bana e ntse e le makgoba. Mehleng ena, makgoba a sebediswa dimmaeneng, malapeng, difemeng tsa diaparo kapa tsa ditene mme ba bang bona ke makgoba a thobalano. Le hoja bokgoba e le tlolo ya molao, palo ya batho ba etswang makgoba e ntse e eketseha.
Batho ba dimilione e ntse e le makgoba le kajeno
HO BATLA TOKOLOHO
Makgoba a mangata a ile a lwanela tokoloho ka lebaka la ho tshwarwa ka sehloho. Dilemong tse qalang tse lekgolo, monna e mong ya bitswang Spartacus mmoho le makgoba a ka bang 100 000 ba ile ba lwantsha mmuso wa Roma hore ba fumane tokoloho, le hoja ba sa ka ba atleha. Ka bo1700, makgoba a sehlekehlekeng sa Hispaniola a ile a tsohela beng ba ona matla. Sena se ile sa tsosa ntwa ya morabe e ileng ya nka dilemo tse 13, e neng e bakilwe ke tshwaro e mpe e ileng ya fuwa makgoba a neng a sebetsa masimong a tswekere. Ntwa ena e ile ya fella ka hore Haiti e fumane tokoloho ka 1804.
Leha ho le jwalo, taba ya hore Baiseraele ba ile ba lokollwa Egepeta e tsebahala haholo historing. Setjhaba sohle, se neng e ka ba batho ba dimilione tse tharo, se ile sa lokoloha bokgobeng. Ka sebele ba ne ba hloka ho lokollwa. Bibele e re Baiseraele e ne “e le makgoba tlasa kgatello” ha ba le Egepeta. (Exoda 1:11-14) Faro o ile a ba a leka ho bolaya masea a Baiseraele, a batla ho thibela setjhaba seo ho hola.—Exoda 1:8-22.
Ho lokollwa ha Baiseraele bokgobeng Egepeta ho ne ho ikgetha hobane Modimo ke yena ya ileng a ba lwanela. Ha Modimo a bua ka setjhaba sa Iseraele, o ile a re ho Moshe: “Ke tseba hantle bohloko boo se bo utlwang. Ke a theoha ho ya se lopolla.” (Exoda 3:7, 8) Ho tla fihlela lena le hodimo, Bajuda ba ntse ba keteka Paseka ho ikgopotsa ketsahalo eo.—Exoda 12:14.
BOKGOBA BO TLA FELA
Bibele e re: “Ho Jehova Modimo wa rona ha ho na ho se loke.” E boetse e re kgodisa hore ha a so fetohe. (2 Likronike 19:7; Malakia 3:6) Modimo o rometse Jesu hore a tlo ‘bolella baholehuwa tokollo. . . , ho etsa hore ba hateletsweng ba tsamaye ba lokolohile.’ (Luka 4:18) Na see se ne se bolela hore ba tla lokollwa bokgobeng ba sebele? Tjhe! Jesu o ne a rometswe hore a tlo lokolla batho sebeng le lefung. O ile a re: “Nnete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Nnete eo Jesu a ileng a e ruta batho e ntse e ba thusa le mehleng ena.—Sheba lebokose le reng “Ho Lokollwa Bokgobeng ba Dithethefatsi.”
Modimo o ile a thusa Josefa le Blessing hore ba lokolohe bokgobeng. Ha o bala lengolo la Genese 39 ho ya ho 41 o tla fumana tlaleho e thahasellisang e buang ka Josefa. Blessing le yena o ile a hlohonolofatswa.
Kamora hore Blessing a lelekwe naheng e nngwe ya Europe o ile a ya Spain. Ha a fihla moo, o ile a kopana le Dipaki Tsa Jehova mme a qala ho ithuta Bibele le tsona. O ne a batla ho fetola tsela eo a neng a phela ka yona kahoo o ile a fumana mosebetsi mme a kopa hore mosadi eo a neng a mo sebeletsa a hafole tjhelete eo a neng a lokela ho e patala. Ka letsatsi le leng, mosadi eo o ile a founela Blessing. O ne a batla ho kopa tshwarelo le ho mo bolella hore a se ke a hlola a mo patala. Ebe ke hobaneng? O ne a se a ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova! Blessing o re: “Ka sebele nnete e tla o lokolla.”
Jehova Modimo o ile a utlwa bohloko haholo ha Baiseraele ba ne ba tshwerwe hampe Egepeta mme o ikutlwa ka tsela e tshwanang le mehleng ena. E le hore bokgoba bo fele ka ho felletseng ho tla hlokahala hore batho le bona ba fetohe. Modimo o re tshepisa hore nako eo e tla fihla. Bibele e re: “Ho na le mahodimo a matjha le lefatshe le letjha tseo re di letetseng ho ya ka tshepiso ya hae, mme ho loka ho tla aha ho tsona.”—2 Petrose 3:13
a Lebitso le fetotswe.
b Sena se bolela hore Blessing o ne a lokela ho fumana tjhelete e ka etsang R3 000 ho ya ho R4 500 bosiu ka bong, e le hore a patale sekoloto se neng se etsa R610 000.