LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp17 No. 5 leq. 3
  • Na Mangeloi a ka Pholosa Bophelo ba Hao?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na Mangeloi a ka Pholosa Bophelo ba Hao?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Na Motho e Mong le e Mong o na le Lengeloi le mo Sireletsang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Etsisa Mangeloi a Tshepahalang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Mosebetsi wa Mangeloi ke Ofe?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Mangeloi
    Fadimehang!—2017
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
wp17 No. 5 leq. 3
Banyalani ba kgothatsa mosadi e mong ba sebedisa Bibele

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TSEBA NNETE KA MANGELOI HO KA O THUSA JWANG?

Na Mangeloi a ka Pholosa Bophelo ba Hao?

Ka Sontaha se seng tjena, Kenneth le Filomena ba dulang Curaçao, ba ile ba ya ho banyalani bao ba ithutang Bibele le bona.

Kenneth o re: “Ha re fihla re ile ra fumana ntlo e kwetswe ebile le koloi e le siyo. Empa ho ile haba le ntho e reng ke founele mme wa teng.”

Mme wa teng o ile a tshwara founu mme a ba hlalosetsa hore monna wa hae o ile mosebetsing. Le ha ho le jwalo, eitse ha a utlwa hore Kenneth le Filomena ba ka ntle monyako, a ba bulela mme ba kena.

Ba ile ba bona e ka o ne a ntse a lla. Eitse ha Kenneth a qala ho rapela pele ba ithuta, mme eo a qalella ho lla hape. Kahoo, Kenneth le Filomena ba mmotsa hore na ebe bothata keng.

Yaba o ba bolella hore o ne a ntse a nahana ho ipolaya. Le hore ha Kenneth a tla mo founela, o ne a ntse a ngolla monna wa hae lengolo le hlalosang lebaka la hae la ho ipolaya. O ile a ba bolella hore o ne a tepelletse maikutlo. Kahoo, ba ile ba mo balla ditemana tse tshedisang tsa Bibele. Kgothatso eo ile ya pholosa bophelo ba hae.

Kenneth o re: “Re ile ra leboha Jehova ka ho re sebedisa hore re thuse mosadi enwa ya neng a nyahame. Le hore mohlomong, o ile a etsa hore lengeloi la hae kapa moya wa Hae o halalelang, o etse hore re founele mosadi eo.”a

Na ho nepahetse hore ebe Kenneth le Filomena ba dumele hore Modimo o ile a thusa ka moya wa Hae o halalelang le ka lengeloi? Kapa mohlomong taba ya hore Kenneth o ile a founa, e iketsahalletse feela tjee?

Ha ho motho ya tsebang. Empa seo re se tsebang ke hore Jehova o sebedisa mangeloi ho thusa batho hore ba ithute ka yena. Ka mohlala, Bibele e re Modimo o ile a sebedisa lengeloi ho tataisa moevangedi wa Mokreste Filipi hore a thuse ofisiri e neng e ntse e batla ho tseba Jehova.​—Liketso 8:26-31.

Dikereke tse ngata di ruta hore ho na le mangeloi a thusang batho ho etsa thato ya Modimo le a ba sireletsang ka tsela ya mohlolo. Batho ba bangata ha ba dumele feela hore ho na le mangeloi empa ba boetse ba dumela hore a ka ba tswela molemo o itseng. Le ha ho le jwalo, ho ntse ho na le batho ba bangata ba sa dumeleng hore mangeloi a teng.

Na ehlile mangeloi a teng? Haeba a teng, a tswa ho kae? Keng seo e leng nnete ka mangeloi? Na a ka o thusa? A re hlahlobeng dikarabo tsa dipotso tsena.

a Jehova ke lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng.​—Pesaleme ya 83:18.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share