LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp17 No. 5 leq. 9
  • Na o ne o Tseba?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o ne o Tseba?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Dintlha tse Ding
  • “Ha ho Motho ya Tla Shwa”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
wp17 No. 5 leq. 9

Na o ne o Tseba?

Na ha Jesu a bua ka “dintjanyana” papisong ya hae o ne a hlile a re batho ke dintja?

Seemahale sa kgalekgale sa Bagerike kapa sa Baroma sa ngwana ya nkileng ntja

Seemahale sa kgalekgale sa Bagerike kapa sa Baroma sa ngwana ya nkileng ntja

Ka tsatsi le leng ha Jesu a le ka thoko ho meedi ya Iseraele profensing ya Roma e Syria, mosadi e mong wa Mogerike o ile a mo kopa thuso. O ile a mo araba ka ho etsa papiso, moo a neng a bapisa batho bao eseng Bajuda le “dintjanyana.” Molaong oo Modimo a neng a o file Moshe, ntja e ne e le e nngwe ya diphoofolo tse neng di nkwa di sa hlweka. (Levitike 11:27) Na Jesu o ne a re mosadi eo wa Mogerike le batho bao eseng Bajuda ke dintja?

Tjhe! Mona Jesu jwalo ka ha a ile a hlalosetsa barutuwa ba hae, o ne a mpa a bontsha hore mosebetsi wa hae o ka sehloohong e ne e le ho thusa Bajuda ka nako eo. Kahoo, o ile a bontsha seo ka hore a etsetse mosadi eo wa Mogerike papiso e reng: “Ha ho a nepahala ho nka bohobe ba bana le ho bo akgella dintjanyana.” (Matheu 15:21-26; Mareka 7:26) Bagerike le Baroma ba ne ba rata dintja haholo. Dintja tsa bona, di ne di dula ka tlung ebile di bapala le bana. Kahoo, e ka nna yaba lentswe “dintjanyana” le ile la fana ka setshwantsho se ratehang kapa se setle ho mosadi enwa. Ke ka lebaka leo a ileng a araba Jesu a re: “E, Morena; empa ha e le hantle dintjanyana di ja makumane a wang ditafoleng tsa beng ba tsona.” Jesu o ile a babatsa mosadi enwa ka tumelo eo a neng a na le yona, mme a ba a fodisa moradi wa hae.​—Matheu 15:27, 28.

Na keletso ya moapostola Pauluse ya hore leeto la sekepe le tjhetjhiswe e ne e utlwahala?

Setshwantsho sa sekepe se seholo sa kgalekgale se tsamaisang thepa

Setshwantsho sa sekepe se seholo sa kgalekgale se tsamaisang thepa

Sekepe seo Pauluse a neng a se palame ho ya Italy se ne se tsamaya ka thata ka lebaka la moya o matla. Moapostola Pauluse o ile a eletsa basesisi ba sekepe nakong eo ba neng ba kgefuditse hore ha se bohlale ho tswela pele ka leeto la bona. (Liketso 27:9-12) Na e ne e le ho utlwahalang ho ba eletsa?

Basesisi ba kgale ba ne ba tseba hore ho ne ho le kotsi ho nka leeto lewatleng la Mediterranean nakong ya mariha. Mahareng a November ho isa ho a March, ho ne ho sa nkuwe maeto ka dikepe. Empa leeto leo Pauluse a neng a bua ka lona, le ne le tlo ba ka September kapa ka October. Mongodi e mong wa Moroma ya bitswang Vegetius, ha a bua ka boemo ba lewatle bukeng ya hae e bitswang Epitome of Military Science, o re: “Dikgweding tse ding ho loketse hore motho a nke leeto, ha tse ding ho ka ba thatanyana mme tse ding tsona ha ho kgonehe ho hang ho nka leeto.” Vegetius o re ho bolokehile ho nka leeto ho tloha ka di 27 May ho ya ho di 14 September, empa ho ka ba kotsi ho le nka ho tloha ka di 15 September ho ya ho di 11 November, le ho tloha ka di 11 March ho ya ka di 26 May. Pauluse le yena jwalo ka motho ya tlwaetseng ho nka maeto ka dikepe, o ne a tseba hantle hore na ke nako efe e loketseng ho nka leeto. Mosesisi le monga sekepe ba ile ba iphapanyetsa keletso eo ya Pauluse. Mme seo sa fella ka hore sekepe sa bona se swahlamane.​—Liketso 27:13-44.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share