KGAOLO YA 26
“Ha ho Motho ya Tla Shwa”
Sekepe seo Pauluse a se palameng se a swahlamana mme o bontsha tumelo e matla le hore o rata batho
E Thehilwe ho Diketso 27:1–28:10
1, 2. Pauluse o ne a tlo tsamaya leeto le jwang, hona e ka nna yaba o ne a tshwenyehile ka dintho dife?
PAULUSE o ntse a nahanisisa mantswe a Festase, etswe a tla ama bokamoso ba hae haholo. Mmusisi Festase o ne a itse ho Pauluse: “O tla ya ho Sesare.” Pauluse o qetile dilemo tse pedi tjhankaneng empa bonyane leeto le lelelele la ho ya Roma le ne le tla mo kgatholla. (Dik. 25:12) Le ha ho le jwalo, ha se maeto ohle ao Pauluse a bileng le wona lewatleng a ileng a ba monate. Mohlomong leeto lena la ho ya hlaha ka pela Sesare le etsa hore a ipotse dipotso tse ngata ka bokamoso ba hae.
2 Pauluse o bile le “dikotsi tsa lewatleng” ka makgetlo a mangata ka ha o ile a robehelwa ke sekepe ka makgetlo a mararo, a ba a hlola bosiu le motshehare hara lewatle. (2 Bakor. 11:25, 26) Ho feta moo, leeto lena le ne le tla fapana hole le maeto ao a ileng a ba ho wona e le moromuwa ya seng ditlamong. Lekgetlong lena Pauluse o ne a tla tsamaya leeto le lelelele e le motshwaruwa hobane o ne a tla tsamaya dikhilomithara tse fetang 3 000 ho tloha Sesarea ho ya Roma. Na o ne a tla kgona ho tsamaya leeto lee a sa hlahelwe ke kotsi? Le haeba a sa hlahelwe ke kotsi, na o ne a tla ahlolwa ka leeme ha a fihla Roma? O hopole hore o ne a tla ahlolwa ke mmuso o neng o le matla ka ho fetisisa lefatsheng la Satane mehleng eo.
3. Pauluse o ne a ikemiseditse ho etsang, hona re tla tshohla eng kgaolong ee?
3 Ka mora sohle seo o se badileng ka Pauluse, na o nahana hore o ile a nyahama a ba a fellwa ke tshepo ka lebaka la se neng se ka nna sa mo hlahela? Le hanyenyane! O ne a tseba hore o tla tobana le mathata empa a sa tsebe hore na e tla ba a mofuta ofe. Ke hobaneng ha a ne a ka senya thabo eo a nang le yona ka ho tshwenyeha ka dintho tseo a neng a ke ke a di laola? (Mat. 6:27, 34) Pauluse o ne a tseba hore thato ya Jehova ke hore a sebedise monyetla o mong le o mong ho bolela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo esita le ho babusi. (Dik. 9:15) Pauluse o ne a ikemiseditse ho phetha mosebetsi wa hae le hara mathata. Na le rona ha re a ikemisetsa ho etsa se tshwanang? Ka hoo, kgaolong ena re tlo bua ka leeto lena la Pauluse le yang Roma mme re bone hore na re ka ithutang mohlaleng wa hae.
“Ho ne ho Ena le Moya o Matla” (Diketso 27:1-7a)
4. Pauluse o qadile leeto la hae a palame sekepe sa mofuta ofe, hona o ne a ena le bomang?
4 Pauluse le batshwaruwa ba bang ba ne ba hlokometswe ke ofisiri ya Moroma e bitswang Juliase, ya ileng a kgetha hore ba palame sekepe sa borakgwebo se neng se le Sesarea. Sekepe seo se ne se tswa Adramithiame, boemakepeng bo lebopong le ka bophirimela ba Asia Minor, motseng wa Mitilene o sehlekehlekeng sa Lesbos. Sekepe sena se ne se tla leba leboya ebe se leba bophirimela, se emisa bakeng sa ho theola thepa le ho e palamisa. Dikepe tse jwalo di ne di sa etsetswa ho palamisa batho, haholoholo batshwaruwa. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Leeto la Sekepe le Ditsela Tsa Kgwebo.”) Ka lehlohonolo Pauluse e ne e se yena feela Mokreste hara dinokwane tseo. Bonyane o ne a ena le bara ba bo ba babedi, e leng Aristakase le Luka. Ho hlakile hore ke Luka ya ngotseng tlaleho ena e buang ka leeto le yang Roma. Ha re tsebe hore na bomphato bana ba Pauluse ba tshepahalang ba ile ba itefella ditshenyehelo tsa leeto lena kapa ba ne ba palame mahala hobane ba ne ba thusa Pauluse.—Dik. 27:1, 2.
5. Pauluse o ile a etela bomang Sidone mme re ka ithuta eng ho see?
5 Ka mora ho ba lewatleng letsatsi le le leng mme ba tsamaile dikhilomithara tse ka bang 110 ba lebile leboya, sekepe se ile sa emisa Sidone, e lebopong la lewatle la Siria. Ho bonahala eka Juliase ha a ka a tshwara Pauluse jwalo ka senokwane se tlwaelehileng, mohlomong ka lebaka la hore e ne e le moahi wa Roma ya neng a eso fumanwe a le molato. (Dik. 22:27, 28; 26:31, 32) Juliase o ile a dumella Pauluse hore a theohe sekepeng a yo bona Bakrestemmoho le yena. E tlameha ebe bara le baradi bao ba bo rona ba ile ba thaba hakaakang ha ba fuwa monyetla wa ho hlokomela moapostola Pauluse ka mora hore a kene teronkong ka nako e telele! Nahana ka ditsela tseo ka tsona o ka bontshang kamohelo ya baeti jwalo ka Bakreste bao. Ho etsa seo ho ka o matlafatsa haholo.—Dik. 27:3.
6-8. Sekepe seo Pauluse a neng a se palame se ile sa feta dibakeng dife ha se tloha Sidone se leba Kinidase, hona Pauluse o ile a sebedisa menyetla efe ho bolela ditaba tse monate?
6 Ha sekepe se tloha Sidone se ile sa nyoloha le lebopo sa feta Silisia, haufi le motse wa habo Pauluse wa Tarsase. Luka ha a bolele dibaka tse ding tseo se ileng sa emisa ho tsona, le hoja a bontsha hore ba ne ba le kotsing ha a re “ho ne ho ena le moya o matla.” (Dik. 27:4, 5) Le ha ho le jwalo, re ka inahanela ka moo Pauluse a ileng a sebedisa monyetla o mong le o mong ka teng hore a kgone ho bolela ditaba tse monate. Ha ho pelaelo hore o ile a pakela batshwaruwa le batho ba bang ba neng ba palame sekepe seo, ho akarelletsa basesisi ba sekepe, masole, esita le batho ba neng ba le boemakepeng boo se neng se emisa ho bona. Jwalo ka Pauluse, na le rona re ka sebedisa monyetla o mong le o mong o hlahang ho bolela ditaba tse monate?
7 Ha morao sekepe se ile sa fihla Mira, e leng boemakepe bo lebopong le ka borwa la Asia Minor. Ha ba le moo, Pauluse le ba bang ba ile ba lokela ho palama sekepe se seng se neng se tla ba isa Roma, moo ba neng ba hlile ba leba teng. (Dik. 27:6) Mehleng eo, Roma e ne e fumana dijo Egepeta mme dikepe tsa Egepeta di ne di emisa boemakepeng ba Mira. Juliase o ile a fumana sekepe se jwalo yaba o palamisa masole le batshwaruwa bao ka ho sona. E tlameha ebe sekepe sena se ne se le seholo ho feta sa pele. Se ne se palamisitse batho ba 276 ba akarelletsang basesisi ba sekepe, masole, batshwaruwa, mohlomong le batho ba bang ba neng ba ya Roma hape se ne se palamisitse le koro. Ho hlakile hore ha Pauluse a kena sekepeng sena, o ile a fumana tshimo e kgolo mme ntle ho pelaelo a sebedisa monyetla oo ha molemo.
8 Ka mora moo ba ile ba emisa Kinidase, karolong e ka borwa bophirimela Asia Minor. Haeba moya o ne o foka hantle, sekepe se ne se ka fihla Kinidase ka letsatsi. Le ha ho le jwalo, Luka o re ba ile ‘ba qeta matsatsi a mangata ba ntse ba tsamaya butle ka sekepe mme ba ile ba fihla Kinidase ka thata.’ (Dik. 27:7a) Ho ne ho le thata ho kganna sekepe hobane moya o ne o se o foka hampe. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Meya ya Mediterranean e Neng e Sitisa Dikepe ho Tsamaya Hantle.”) A ko nahane feela hore na batho neng ba palame sekepe seo ba ne ba ikutlwa jwang ha se ntse se otlwa ke meya e matla se bile se akgotswa ke metsi.
“Sefefo se ne se Tsukutla Sekepe ka Matla” (Diketso 27:7b-26)
9, 10. Ke mathata afe a ileng a hlaha haufi le Kreta?
9 Motsamaisi wa sekepe o ne a rerile hore ho tloha Kinidase ba lebe bophirimela, empa Luka ya boneng tsena ka mahlo o re “moya o ne o le matla hoo re neng re sitwa ho ya pele.” (Dik. 27:7b) Ha sekepe se tloha lebopong mme se se se sa tsamaiswe ke moya o hlahang lebopong, ho ile ha fihla moya o matla o hlahang ka leboya bophirimela mme wa se sutumelletsa borwa, mohlomong ka lebelo le leholo. Jwalo ka ha pejana sekepe se ile sa emisa sehlekehlekeng sa Saeprase ha ho eba le meya e se sitisang ho tsamaya, le lekgetlong lena se ile sa emisa sehlekehlekeng sa Kreta. Ka mora hore sekepe se fete Salmone karolong e ka botjhabela ya Kreta, boemo bo ile ba batla bo ntlafala. Ka lebaka lefe? Sekepe se ile sa tsamaella karolong e ka borwa ya sehlekehleke seo moo moya o neng o se matla hakaalo. Nahana ka moo batho ba ka sekepeng ba ileng ba imoloha ka teng. Empa basesisi ba sekepe ba ne ba tshwenyehile ka hore mariha a ntse a atamela mme hone ho tla ba kotsi ho kganna sekepe ka nako eo. Leo e ne e le lebaka le utlwahalang la hore ba tshwenyehe.
10 Luka o bua a sa hlathe kwana le kwana, o re: “Ra tsamaya pela lebopo [la Kreta] moo ka thata ra ba ra fihla sebakeng se bitswang Kou e Ntle.” Le hoja ba ne ba sireletsehile meyeng e matla hobane ba se ba le haufi le boemakepe, ho ne ho ntse ho le thata ho laola sekepe. Le ha ho le jwalo, qetellong ba ile ba kgona ho se emisa boemakepeng bo bonyenyane bo sebakeng se haufi le lebopo le ka leboya. Ba ile ba qeta nako e kae moo? Luka o re ho ne ho se ho fetile “matsatsi a mangata,” empa metsotso e ne e jele babedi. Ho ne ho le kotsi le ho feta ho tsamaya lewatleng ka September kapa October.—Dik. 27:8, 9.
11. Pauluse o ile a eletsa bao a tsamayang le bona sekepeng hore ba etseng empa ho ile ha etswa qeto efe?
11 Mohlomong bapalami ba bang ba ile ba kopa keletso ho Pauluse hobane o ne a ena le phihlelo ya ho tsamaya lewatleng la Mediterranean. O ile a ba kgothaletsa hore ba se ke ba tsamaisa sekepe, ho seng jwalo ba ne ba tla “senyehelwa” mme mohlomong ba bang ba ka be ba shwele hona moo. Le ha ho le jwalo, motsamaisi wa sekepe le monga sona ba ne ba batla ho tswela pele, mohlomong ba nahana hore ba lokela ho fihla ka nako e le hore ba fumane sebaka se sireletsehileng. Ba ile ba kgodisa Juliase hore ba tswele pele mme ba bangata ba ne ba nahana hore ba lokela ho leka ho fihla Finixe, e leng boemakepe bo neng bo le haufi le lebopo. Ho ka etsahala hore ebe e ne e le boemakepe bo boholwanyane ebile bo ne bo sireletsehile hore ba ka qeta mariha ho bona. Ka hoo ha ho eba le moya o fokang hasesaane o hlahang ka borwa, ba ile ba ya le kgongwana hodimo yaba ba tsamaisa sekepe.—Dik. 27:10-13.
12. Ha sekepe se qeta ho tloha Kreta se ile sa ba kotsing efe mme basesisi ba ile ba leka ho e qoba jwang?
12 Ka mora moo boemo bo ile ba mpefala. Ho ile ha eba le “sefefo se matla” se tswang ka leboya botjhabela. Ka nakwana ba ile ba batla setshabelo ‘sehlekehlekeng se senyenyane se bitswang Kauda’ se bohole ba dikhilomithara tse ka bang 65 ho tloha Koung e Ntle. Le ha ho le jwalo, sekepe se ne se le kotsing ya hore sefefo se se sutumeletse ka borwa ho fihlela se robehela lebopong la Afrika. E le hore ba qobe seo, kapele basesisi ba sekepe ba ile ba nyolla seketswana se neng se hulwa ke sekepe empa ho ne ho se bonolo ho se hula hobane mohlomong seketswana seo se ne se tletse metsi. Ka mora moo ba ile ba leka ho tshehetsa sekepe se seholo ka ho se tlamella diropo kapa diketane ka tlase ho tiisa mapolanka a sona. Ba ile ba theola diseile mme ba sebetsa ka thata hore sekepe se tsamaye sefefong seo. Nahana ka moo sena e tlamehang ebe se ne se tshosa ka teng. Ho sa tsotellehe boiteko bona bohle, sekepe se ile sa tswela pele ho ‘tsukutlwa ke sefefo se matla.’ Ka letsatsi la boraro, ba ile ba lahla diseile le thepa e ka thoko ya sekepe mohlomong e le hore se se ke sa teba.—Dik. 27:14-19.
13. E tlameha ebe ho ne ho le jwang ka hara sekepe seo Pauluse a neng a se palame nakong ya sefefo?
13 E tlameha ebe bohle ba ne ba tshohile. Empa Pauluse le bo mphato ba hae ba ne ba le sebete. Morena o ne a ile a kgodisa Pauluse hore o tla fana ka bopaki Roma mme ha morao lengeloi le ile la tiisa taba eo. (Dik. 19:21; 23:11) Le ha ho le jwalo, sefefo se ile sa nka dibeke tse pedi se ntse se le matla bosiu le motshehare. Ka lebaka la pula e sa kgaotseng le leru le letsho le neng le sirile letsatsi le dinaledi, motsamaisi wa sekepe o ne a sitwa ho bona hore na ba hokae kapa hore ba lebile hokae. Ho ne ho se na le monyetla wa ho ja feela. Ke mang ya neng a ka nahana ka ho ja boemong bo jwalo ba serame, pula, ho feroha dibete le letswalo?
14, 15. (a) Ha Pauluse a bua le batho bao a tsamayang le bona ka sekepeng, ke hobaneng ha a ile a ba hopotsa temoso ya hae? (b) Re ka ithutang molaetseng o fanang ka tshepo oo Pauluse a ileng a o bolela?
14 Pauluse o ile a ema. A ba hopotsa keletso ya hae empa ha a ka a re: ‘Ke le jwetsitse.’ Ho ena hoo, dintho tse etsahetseng di ne di tiisa hore ho ka be ho bile molemo hoja ba mo mamela. Yaba o re: “Le se ke la tshoha hobane ha ho motho ya tla shwa, ke sekepe feela se tla swahlamana.” (Dik. 27:21, 22) Mantswe ao a ile a ba tshedisa haholo. E tlameha ebe Pauluse o ne a thabile haholo hore ebe Jehova o mo file molaetsa o jwalo o kgothatsang. Ke ha bohlokwa hore re dule re hopola hore Jehova o tsotella motho e mong le e mong ebile o mo nka e le wa bohlokwa. Moapostola Petrose o ile a re: “Jehova . . . ha a lakatse hore mang kapa mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba bake.” (2 Pet. 3:9) Ka hoo, ke habohlokwa hakaakang hore re leke ho bolella batho ba bangata ka moo re ka kgonang molaetsa wa Jehova o fanang ka tshepo bophelo ba batho boo Jehova a bo nkang e le ba bohlokwa, bo kotsing.
15 Mohlomong Pauluse o ne a pakela batho ba bangata ka sekepeng seo ka ‘tshepiso eo Modimo a e entseng.’ (Dik. 26:6; Bakol. 1:5) Ka ha sekepe se ne se ka nna sa swahlamana, Pauluse o ile a ba fa lebaka la hore ba tsohe molota. O ile a re: “Lengeloi la Modimo wa ka . . . , le ile la fihla ho nna bosiung bona la re: ‘Pauluse, o se ke wa tshoha. O tla fihla ka pela Sesare. Modimo o tla o pholosa le batho bohle bao o tsamayang le bona ka sekepe.’ ” Yaba Pauluse o re ho bona: “Ka hoo bontate, le se ke la tshoha hobane ke dumela hore Modimo o tla etsa feela jwalo ka ha ke boleletswe. Le ha ho le jwalo, sekepe sa rona se tla swahlamana lebopong la sehlekehleke se seng.”—Dik. 27:23-26.
“Batho Bohle ba Fihla Lebopong ba Sireletsehile” (Diketso 27:27-44)
“A leboha Modimo ka pela bona kaofela.”—Diketso 27:35
16, 17. (a) Pauluse o ile a rapela neng mme phello e ile ya ba efe? (b) Ke jwang temoso ya Pauluse e ileng ya phethahala?
16 Ka mora dibeke tse pedi tse tshosang tseo ka tsona sekepe se ileng sa tsamaya dikhilomithara tse ka bang 870, basesisi ba ne ba nahana hore ba se ba le haufi le ho fihla hobane ba utlwa metsi a ntse a kgahlellana lebopong. Ka hoo ba ile ba lahlela diankora hore sekepe se se ke sa hoholeha mme ba se tobisa naheng e omileng ka tshepo ya hore ba ka fihla lebopong. Ka wona motsotso oo, ba ile ba leka ho tswa ka sekepeng empa masole a ba thibela. Pauluse o ile a re ho molaodi wa lebotho la sesole le ho masole ao: “Haeba banna bana ba ka tswa ka sekepeng le ke ke la pholoha.” Ka ha jwale sekepe se ne se batla se tsitsitse, Pauluse o ile a kgothalletsa bohle hore ba je, a ba tiisetsa hore ba tla pholoha. Ka mora moo Pauluse “a leboha Modimo ka pela bona kaofela.” (Dik. 27:31, 35) Ha Pauluse a etsa thapelo ena ya teboho, o ile a beha mohlala o motle bakeng sa Luka, Aristakase le bakeng sa Bakreste kajeno. Na dithapelo tsa hao tsa phatlalatsa di kgothatsa le ho tshedisa ba bang?
17 Ka mora thapelo ya Pauluse, “kaofela ba [ile ba] kgothala yaba ba a ja.” (Dik. 27:36) Ba ile ba fokotsa boima bo bong ba sekepe ka ho lahlela koro ka lewatleng e le hore se ka phaphamala ha se habile lebopong. Ha e eba motshehare, basesisi ba ile ba kgaola diankora, ba fasolla diropo tsa masokwana tse ka morao sekepeng, yaba ba nyollela seile e ka pele moyeng e le hore ba ka kgannela sekepe lebopong. Yaba karolo e ka pele ya sekepe ya qawa, mohlomong e qawa ke lehlabathe kapa seretse mme karolo e ka morao ya robeha dikoto ha e kgahlelwa ke maqhubu. Masole a mang a ne a batla ho bolaya batshwaruwa e le hore ho se ke ha eba le ya tla baleha, empa Juliase o ile a a thibela. O ile a ba kgothalletsa kaofela hore ba sesetse lebopong. Seo Pauluse a se boletseng se ile sa etsahala, bohle ba 276 ba ile ba pholoha. E, “batho bohle ba fihla lebopong ba sireletsehile.” Empa ba ne ba le hokae?—Dik. 27:44.
“Ba Ile ba Eba Mosa Haholo” (Diketso 28:1-10)
18-20. Batho ba Malta ba ile ba bontsha “mosa o moholo” jwang mme Modimo o ile a etsa mohlolo ofe ka Pauluse?
18 Ba ile ba iphumana ba le sehlekehlekeng sa Malta, se ka borwa ho Sicily. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Malta e ne e le Hokae?” leqepheng la 209) Batho ba buang puo e nngwe sehlekehlekeng seo ba ile ba “eba mosa haholo.” (Dik. 28:2) Ba ile ba besa mollo bakeng sa batho bao ba neng ba le metsi ba re tee! ebile ba qhaqhasela. Mollo oo o ile wa ba futhumatsa ka ha ho ne ho bata mme pula e na. Hape ho ile ha etsahala mohlolo.
19 Pauluse o ne a batla ho thusa batho. Ka hoo, o ile a bokella dithupa a di beha mollong. Ha a ntse a etsa jwalo, noha ya marabe e tjhefu e ile ya hlaha yaba e a mo loma mme e ithatela letsohong la hae. Batho ba Malta ba ne ba nahana hore o otlwa ke medimo.a
20 Batho ba moo ba ileng ba bona hore Pauluse o lonngwe ke noha ba ne ba lebeletse hore “a ruruhe.” Buka e nngwe e re lentswe la mathomo le sebedisitsweng mona ke “lentswe la bongaka.” Ha ho makatse hore ebe “Luka, ngaka e ratwang” o ile a sebedisa lentswe leo. (Dik. 28:6; Bakol. 4:14) Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a tlosa noha eo e tjhefu ho yena mme ha ya ka ya mo ntsha kotsi.
21. (a) Luka o ile a hlalosa ditaba dife ka nepo tlalehong ya hae? (b) Pauluse o ile a etsa mehlolo efe mme e ile ya susumeletsa baahi ba Malta ho etsang?
21 Sebakeng seo ho ne ho dula monna wa morui ya nang le masimo ya bitswang Pabliase. Mohlomong e ne e le ofisiri e ka sehloohong ya Moroma Malta. Luka o re e ne e le “morena wa sehlekehleke seo” mme o sebedisa tlotla e fumanweng mengolong e mmedi ya Semalta. O ile a amohela Pauluse le bomphato ba hae ka mofuthu ka matsatsi a mararo. Le ha ho le jwalo, ntate wa Pabliase o ne a kula. Le tabeng ena Luka o ile a hlalosa bolwetse boo ka nepo. O ile a re monna eo “o ne a robetse a tshwerwe ke feberu le letshollo” mme a hlalosa bolwetse ba hae hantle. Pauluse o ile a rapella monna eo a ba a beha matsoho hodima hae, yaba o a fola. Batho ba ile ba thabela mohlolo ona hoo ba ileng ba tlisa batho ba kulang hore ba fodiswe mme ba fa Pauluse le bomphato ba hae dimpho.—Dik. 28:7-10.
22. (a) Moprofesa e mong o ile a reng ha a babatsa ka moo Luka a ngotseng ditaba tsa leeto la bona la ho ya Roma? (b) Re tla tshohlang kgaolong e latelang?
22 Karolo ya leeto la Pauluse eo re e tshohlileng ho fihlela jwale e nepahetse e bile ke nnete. Moprofesa e mong o ile a re: “Ditaba tsa Luka . . . di a ikgetha ka ho ba tse ding tsa ditaba tse hlakileng ka ho fetisisa tse ngotsweng Bibeleng yohle. Ha a bua ka dikepe o bua ka tsela e nepahetseng mme o hlalosa maemo a karolong e ka botjhabela ya Mediterranean ka tsela e nepahetseng hoo” e tlamehang ebe ditaba tseo o di nkile bukeng eo a neng a ngolla dintlha tsa letsatsi le letsatsi ho yona. Mohlomong Luka o ne a ngola dintlha tseo ha a ntse a tsamaya le moapostola Pauluse. Haeba ho jwalo, karolong e latelang ya leeto la bona ho ile ha etsahala dintho tse ngata tseo a neng a ka di ngola. Ho ne ho tla etsahala jwang ka Pauluse ha ba qetella ba fihlile Roma? A re bone.
a Hore ebe batho bao ba ne ba tseba ka dinoha tsena ho bontsha hore dinoha tsa marabe di ne di le teng sehlekehlekeng seo mehleng eo. Kajeno ha ho sa na dinoha tsa marabe Malta. Mohlomong sena se bakilwe ke boemo ba sehlekehleke sena ha dilemo di ntse di feta kapa mohlomong ha baahi ba ntse ba eketseha ba ile ba di bolaya kapa tse ding tsa baleha sehlekehlekeng sena.