KGAOLO YA 27
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng”
Pauluse o tswela pele ho bolela ditaba tse monate le ha a le teronkong Roma
E Thehilwe ho Diketso 28:11-31
1. Pauluse le bomphato ba hae ba kgodisehile kang, hona hobaneng?
SEKEPE se nang le setshwantsho sa “Bara ba Zeuse,” seo mohlomong e leng sekepe se seholo se tsamaisang dijo, se tloha sehlekehlekeng sa Mediterranean sa Malta se ya Italy. Ke selemo sa 59 C.E. Sekepe se palamisitse moapostola Pauluse e le motshwaruwa ya katilweng mme Bakrestemmoho le yena, e leng Luka le Aristakase ba palame sekepeng sena. (Dik. 27:2) Ho fapana le batho ba sebetsang sekepeng sena, baevangedi bana ha ba hloke tshireletso ya bara ba modimo wa Bagerike e leng Zeuse bao e leng mafahla a bitswang Kastore le Pollukse. (Sheba study note sa Senyesemane se ho Dik. 28:11, nwtsty.) Ho ena le hoo, Pauluse le bomphato ba hae ba sebeletsa Jehova, e leng Modimo ya ileng a tsebahatsa hore Pauluse o tla pakela nnete Roma le ho ema ka pela Sesare.—Dik. 23:11; 27:24.
2, 3. Sekepe seo Pauluse a se palameng se tsamaya ka tsela efe mme ke mang ya nnileng a mo tshehetsa?
2 Matsatsi a mararo ka mora hore ba fihle Saerakuse, motse o motle wa Sicily o batlang o tshwana le Athene le Roma, sekepe se ya Regiame e ka lehlakoreng le ka borwa la Italy. Regiame e bohole ba dikhilomithara tse 320 ho tloha boemakepeng ba Italy ba Puteoli (e haufi le motse oo kajeno o bitswang Naples.) Moya o hlahang ka borwa o thusa sekepe sena hore se fihle Puteoli matsatsi a mabedi ka mora hore se tlohe Regiame.—Dik. 28:12, 13.
3 Jwale Pauluse o se a tla fihla Roma, moo a tla hlaha ka pela Moemphera Nero. ‘Modimo ya tshedisang batho maemong ohle’ o bile le Pauluse ho tloha qalong ho fihlela qetellong. (2 Bakor. 1:3) Jwalo ka ha re tla bona, Modimo o tla tswela pele ho mo tshehetsa mme tjheseho ya Pauluse e le moromuwa e ke ke ya tapa.
“Pauluse . . . a Leboha Modimo Mme a Kgothala” (Diketso 28:14, 15)
4, 5. (a) Pauluse le bomphato ba hae ba ile ba amohelwa jwang ka mofuthu ha ba etetse Puteoli mme ho ka etsahala hore ke hobaneng ha a ile a fuwa bolokolohi bo bokaalo? (b) Boitshwaro bo botle ba Bakreste bo ka ba ruisa molemo jwang esita le ha ba le teronkong?
4 Ha Pauluse le bomphato ba hae ba le Puteoli ba ile ba ‘fumana bana ba bo bona mme ba ba kopa hore ba dule le bona matsatsi a supileng.’ (Dik. 28:14) Ruri Bakreste bana ba behile mohlala o motle wa ho amohela baeti ka mofuthu. Ha ho pelaelo hore bara bao babo rona ba ile ba rua molemo o moholo ha Pauluse le bomphato ba hae ba ba kgothatsa. Le ha ho le jwalo, ke hobaneng ha motshwaruwa ya katilweng a ile a fuwa bolokolohi bo bokaalo? Mohlomong ke hobane balebedi ba hae ba Baroma ba ne ba mo tshepa ka ho feletseng.
5 Ka ho tshwanang, kajeno bahlanka ba Jehova ba kwalletsweng diteronkong ka lebaka la tumelo ya bona, ba dumellwa ho etsa dintho tse itseng tseo batshwaruwa ba bang ba sa dumellwang ho di etsa hobane bona ba a tshepahala. Ka mohlala, monna ya ahloletsweng dilemo tse 75 a le teronkong Romania ka lebaka la boshodu o ile a qala ho ithuta Lentswe la Modimo mme a fetola botho ba hae haholo. Ka lebaka leo, balebedi ba teronko ba ile ba mo dumella hore a tsamaye a sa lebelwa ha a ya toropong ho ya reka dintho tse sebediswang teronkong. Ka hodimo ho tsohle, boitshwaro ba rona bo botle bo tlotlisa Jehova.—1 Pet. 2:12.
6, 7. Bara ba bo rona ba Roma ba ile ba bontsha lerato le ikgethang jwang?
6 Ha Pauluse le bomphato ba hae ba tloha Puteoli, mohlomong ba ile ba tsamaya leeto la dikhilomithara tse 50 ho ya Capua Tseleng ya Apiase e yang Roma. Tsela ena e ne e entswe ka majwe a maholo a sephara mme ha motho a le tseleng ena e tummeng o ne a ka bona hantle dibaka tse ka thoko tsa Italy hammoho le ho bona Lewatle la Mediterranean. Baeti ba tsamayang ka tsela eo ba ne ba feta sebakeng se mongobo sa Pontine Marshes se bohole ba dikhilomithara tse 60 ho tloha Roma moo Mmaraka wa Apiase o neng o le teng. Luka o re ha bara ba bo rona ba Roma “ba utlwela ka rona,” ba bang ba ile ba tla Mmarakeng wa Apiase ha ba bang ba ile ba leta Matlong a Baeti a Mararo, e leng sebaka sa phomolo se bohole ba dikhilomithara tse ka bang 50 ho tloha Roma. Seo ba se entseng se ile sa bontsha hore ba rata Pauluse haholo.—Dik. 28:15.
7 Mmaraka wa Apiase e ne e se sebaka se setle seo baeti ba kgathetseng ba ka phomolang ho sona. Ha seroki le sengodi sa Moroma se bitswang Horace se hlalosa Mmaraka se re ke sebaka se “tletseng basesisi ba dikepe le batho ba hlokomelang matlo a baeti empa ba sa hlomphe batho.” O re “metsi a moo a ne a le mabe haholo” mme o ile a hana ho jella sebakeng seo. Ho sa tsotellehe mathata ana ohle, sehlopha sena sa bara ba bo rona ba tswang Roma se ile sa letela Pauluse le bomphato ba hae ka thabo e le hore se ba felehetse karolong ena e qetellang ya leeto la bona.
8. Ke hobaneng ha Pauluse a ile a leboha Modimo ‘ha a bona’ bara babo?
8 Bibele e re ‘ha Pauluse a bona’ bara babo, o ile a “leboha Modimo mme a kgothala.” (Dik. 28:15) Ho bona baratuwa bana ba hae feela, ba bang ba bona e le bao a neng a ba tseba ka ho toba, ho ile ha etsa hore a ikutlwe a matlafetse a bile a tshedisehile. Ke hobaneng ha Pauluse a ile a leboha Modimo? O ne a tseba hore lerato le se nang boithati ke enngwe ya ditholwana tse behwang ke moya o halalelang. (Bagal. 5:22) Le kajeno moya o halalelang o susumelletsa Bakreste hore ba itelle ba bang mme ba tshedise ba hlokang.—1 Bathes. 5:11, 14.
9. Re ka bontsha moya o kang wa bara ba bo rona ba ileng ba ya kopana le Pauluse jwang?
9 Ka mohlala, moya o halalelang o susumelletsa bara le baradi babo rona ba nang le moya wa ho amohela baeti hore ba amohele bapotolohi, baromuwa le basebeletsi ba bang ba nako e tletseng, bao boholo ba bona ba iteletseng ho sebeletsa Jehova haholwanyane. Ipotse: ‘Na nka etsa se eketsehileng ho tshehetsa ketelo ya mopotolohi le mosadi wa hae haeba a nyetse, mohlomong ka ho bontsha moya wa ho amohela baeti? Na nka etsa tukisetso ya ho sebetsa le bona tshimong?’ O ka rua molemo o moholo ha o etsa jwalo. Ka mohlala, a ko inahanele feela hore na bara ba bo rona ba Roma ba ile ba thaba hakaakang ha ba mametse diphihlelo tse hahang tsa Pauluse le bomphato ba hae.—Dik. 15:3, 4.
“Lequlwana Lena le Buuwa Hampe Hohle” (Diketso 28:16-22)
10. Ho ile ha etsahalang ka Pauluse ha a le Roma, hona o ile a etsang nakwana ka mora hore a fihle?
10 Qetellong ha bara ba bo rona ba kena Roma, “Pauluse [o ile] a dumellwa ho dula a le mong le lesole le mo katileng.” (Dik. 28:16) Hangata batshwaruwa ba sa kwallwang teronkong ba ne ba tlamellwa ka ketane ho molebedi hore ba se ke ba baleha. Le ha ho le jwalo, Pauluse e ne e le mmoledi wa Mmuso mme ho hang ketane e ne e ke ke ya mo kwala molomo. Ka lebaka leo, ka mora hore a phomole ka matsatsi a mararo feela, o ile a bokella banna ba ka sehloohong ba Bajuda ba Roma e le hore a itsebise bona mme a fane ka bopaki.
11, 12. Ha Pauluse a bua le Bajuda ba habo, o ile a leka jwang hore a fedise leeme lefe kapa lefe leo ho ka etsahalang hore ba ne ba ena le lona?
11 Pauluse o ile a re: “Bana beso, le hoja ke sa sitelwa setjhaba kapa ka etsa letho le kgahlanong le ditlwaelo tsa baholoholo ba rona, ke ile ka tloswa Jerusalema ke le motshwaruwa mme ka iswa ho Baroma. Ka mora hore ba hlahlobe nyewe ya ka, ba ne ba batla ho ntokolla ka ha ho ne ho se na mabaka a hore ke bolawe. Ha Bajuda ba hana, ka tlameha ho ipiletsa ho Sesare empa eseng hobane ke batla ho qosa setjhaba sa heso.”—Dik. 28:17-19.
12 Ha Pauluse a bitsa Bajuda ba neng ba mo mametse “bana beso” o ne a leka ho etsa hore ho be le seo ba dumellanang ka sona a bile a leka ho fedisa leeme leo ho ka etsahalang hore ebe ba na le lona. (1 Bakor. 9:20) Hape o ile a hlakisa hore ha a tlela ho qosa Bajuda ba habo, empa o tletse ho ipiletsa ho Sesare. Le ha ho le jwalo, Bajuda bao ba ne ba qala ho utlwa hore Pauluse o ipileditse ho Sesare. (Dik. 28:21) Ke hobaneng ha Bajuda ba Judea ba ne ba sa tsebe taba ee? Buka e nngwe e re: “E tlameha ebe sekepe seo Pauluse a neng a se palame ke se seng sa dikepe tsa pele tse ileng tsa fihla Italy ka mora mariha. Kaha dikepe di ne di sa tsamaye hangata mariha, ho ne ho se na motho eo Bajuda ba ka mo romang hore a ye Roma a ise lengolo le buang ka Pauluse.”
13, 14. Pauluse o ile a kenyelletsa molaetsa wa Mmuso jwang, hona re ka etsisa mohlala wa hae jwang?
13 Jwale Pauluse o ile a kenyeletsa molaetsa wa Mmuso ka mantswe ao ho seng potang hore a ne a tla etsa hore baeti ba Bajuda ba labalabele ho utlwa ho eketsehileng. O ile a re: “Ke lona lebaka le entseng hore ke kope hore le tle ke tlo bua le lona ka ha ke fasitswe ka diketane tjena ka lebaka la tshepo eo esale Baiseraele ba ena le yona.” (Dik. 28:20) Ka sebele tshepo e phatlalatswang ke phutheho ya Bakreste e ne e amana le Mesia le Mmuso wa hae. Baholo ba Bajuda ba ile ba araba ba re: “Re batla ho utlwa hore na wena o reng hobane re a tseba hore lequlwana lena le buuwa hampe hohle.”—Dik. 28:22.
14 Ha re eba le monyetla wa ho bolela ditaba tse monate, re ka etsisa Pauluse ka ho sebedisa dipolelo tse etsang hore motho a nahane kapa dipotso tse tsosang thahasello ya batho bao re buang le bona. Re ka fumana mehlala e metle dibukeng tse kang Ho Bea Mabaka ka Mangolo, Rua Molemo Thutong ya Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo le Ikemisetse ho Bala le ho Ruta. Na o sebedisa dibuka tsee tsa ho ithuta Bibele ha molemo?
Mohlala oo re Lokelang ho o Etsisa wa ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng” (Diketso 28:23-29)
15. Ke dintho dife tse nne tseo re ithutang tsona tseleng eo Pauluse a neng a fana ka bopaki ka yona?
15 Letsatsing le kgethilweng, Bajuda ba sebakeng seo ba ile ‘ba tla ka bongata’ moo Pauluse a neng a dula teng. Pauluse o ile a ba hlalosetsa “ditaba tsa hae ka ho ba fa bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo, a ba susumetsa ka Molao wa Moshe le ka ditaba tsa Baprofeta hore ba dumele ho Jesu.” (Dik. 28:23) Tsela eo Pauluse a pakileng ka yona e totobatsa dintlha tse nne. Ya pele, o ile a totobatsa Mmuso wa Modimo. Ya bobedi, o ile a leka ho tsosa thahasello ya batho ba mo mametseng “ka ho ba susumetsa.” Ya boraro, o ile a beha mabaka ka Mangolo. Ya bone, o ile a bontsha moya wa ho itela ka ho paka ho tloha hoseng ho fihlela ka shwalane. O re behetse mohlala o motle hakaakang. Phello e ile ya ba efe? “Ba bang ba [ile ba] dumela dintho tseo a di buang empa ba bang ha ba a ka ba dumela.” Luka o re ha ba ne ba sa dumellane le yena ba ne “ba tsamaya.”—Dik. 28:24, 25a.
16-18. Ke hobaneng ha Pauluse a sa ka a makala ha Bajuda ba Roma ba sa amohele molaetsa wa hae, hona re lokela ho etsang ha batho ba hana molaetsa wa rona?
16 Sena ha se a ka sa makatsa Pauluse, hobane se ne se dumellana le boprofeta ba Bibele mme o ne a kile a se bona se etsahala. (Dik. 13:42-47; 18:5, 6; 19:8, 9) Ka hoo, ha batho ba sa batleng ho amohela molaetsa wa hae ba tsamaya, Pauluse o ile a re ho bona: “Moya o halalelang o ne o nepile ha o tla bua mantswe ana ao moprofeta Esaia a ileng a a bolella baholoholo ba lona a reng, ‘Eya ho batho bana o re: “Ho utlwa le tla utlwa empa ho hang le ke ke la utlwisisa. Ho sheba le tla sheba empa ho hang le ke ke la bona. Batho bana ba dihlooho di thata.” (Dik. 28:25b-27) Qalong polelo ena “ba dihlooho di thata” e ne e bolela hore e ne e le batho bao “dipelo tsa bona di sa utlwisiseng” ebile ba sa dumelle molaetsa wa Mmuso ho kena ka dipelong tsa bona. (Dik. 28:27, nal.) Ka sebele ke ntho e bohloko hakaakang hore batho bao ba ne ba sa batle ho amohela nnete.
17 Pauluse o ile a dihela dikgala ka ho hlakisa hore ho fapana le Bajuda bao a neng a bua le bona ‘ditjhaba . . . di ne di tla mamela.’ (Dik. 28:28; Pes. 67:2; Esa. 11:10) Ka sebele, o ne a kgodisehile hore Baditjhaba ba ne ba tla amohela molaetsa wa Mmuso hobane o ne a ile a bona ha ba o amohela.—Dik. 13:48; 14:27.
18 Jwalo ka Pauluse, a re se keng ra kgopiseha ha batho ba hana ditaba tse monate hobane re a tseba hore ke ba seng bakae ba tla fumana tsela e isang bophelong. (Mat. 7:13, 14) Ka hoo, re lokela ho thaba ha re bona batho ba ratang ho loka ba kopanela le rona borapeding ba nnete mme re lokela ho ba amohela ka mofuthu.—Luka 15:7.
Ho “Bolella [Batho] ka Mmuso wa Modimo” (Diketso 28:30, 31)
19. Pauluse o ile a sebedisa nako ya hae ha molemo jwang ha a le ditlamong?
19 Luka o dihela dikgala ka tsela e lerato ha a re: “Pauluse o qetile dilemo tse pedi a dula ntlong eo a e hirileng mme o ne a amohela batho bohle ba tlang ho yena, a ba bolella ka Mmuso wa Modimo le ho ruta ka Morena Jesu Kreste ka sebete a sa sitiswe ke letho.” (Dik. 28:30, 31) Ke mohlala o motle hakaakang wa ho amohela baeti, ho ba le tumelo le ho tjheseha!
20, 21. Ke bo mang ba ileng ba rua molemo ha Pauluse a ne a ba pakela Roma?
20 E mong wa batho bao Pauluse a ileng a ba amohela ka mosa ke monna ya bitswang Onesimase, lekgoba le balehileng Kolose. Pauluse o ile a thusa Onesimase hore e be Mokreste mme Onesimase e ile ya eba morabo Pauluse “ya tshepahalang le ya ratehang.” Ha e le hantle, Pauluse o ile a re Onesimase ke “ngwana wa ka . . . eo ke bileng jwalo ka ntate ho yena.” (Bakol. 4:9; Filem. 10-12) E tlameha ebe Onesimase o ile a kgothatsa Pauluse haholo.a
21 Ba bang le bona ba ile ba rua molemo mohlaleng o motle wa Pauluse. Ha a ngolla Bafilipi o ile a re: “Dintho tse nketsahaletseng di entse hore ditaba tse monate di bolelwe le ho feta. Balebedi bohle ba Moemphera le batho ba bang bohle ba a tseba hore ke teronkong hobane ke le molatedi wa Kreste. Bana ba bo rona ba bangata ba sebeletsang Morena ba kgothaditswe ke hore ebe ke teronkong. Ba bolela lentswe la Modimo ba le sebete haholo ebile ba sa tshabe letho.”—Bafil. 1:12-14.
22. Pauluse o ile a sebedisa nako ya hae ha molemo jwang ha a ne a le ditlamong Roma?
22 Pauluse o ile a sebedisa nako eo a bileng ditlamong Roma ka yona ha molemo mme a ngola mangolo a bohlokwa ao hona jwale e leng karolo ya Mangolo a Segerike a Bakreste.b Mangolo ao a ile a tswela Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo molemo. Le rona re ka rua molemo mangolong a Pauluse hobane keletso e tswang ho Modimo eo a faneng ka yona e ntse e sebetsa le kajeno.—2 Tim. 3:16, 17.
23, 24. Jwalo ka Pauluse, Bakreste ba bangata kajeno ba nnile ba dula ba thabile jwang le ha ba kwaletswe teronkong ka leeme?
23 Le hoja buka ya Diketso e sa bolele hore na Pauluse o ile a lokollwa neng teronkong, empa o qeteletse a lokolotswe ka mora dilemo tse nne. O ne a qetile dilemo tse pedi a le teronkong Sesarea le tse ding tse pedi a kwaletswe Roma ntlong eo a neng a e hirile.c (Dik. 23:35; 24:27) Empa o ile a dula a thabile mme a etsa sohle seo a ka se kgonang tshebeletsong ya Modimo. Ka tsela e tshwanang, kajeno bongata ba bahlanka ba Jehova ba dula ba thabile ba bile ba bolela ditaba tse monate, le hoja ba kwallwa diteronkong ka leeme ka lebaka la tumelo ya bona. Ka mohlala, morabo rona Adolfo o ile a kwallwa teronkong Spain ka lebaka la ho se nke lehlakore hobane e le Mokreste. Ofisiri e nngwe e ile ya re: “Re a o tsota. Re nnile ra o sotla mme ha re ntse re tiisa letsoho o ne o bososela le ho feta mme o bua ka mosa.”
24 Ka mora nako e itseng, morabo rona Adolfo o ile a tsheptjwa hoo lemati la sele ya hae le neng le tlohelwa le butswe. Masole a ne a mo etela a tlilo mo botsa dipotso tsa Bibele. E mong wa balebedi o ne a ya seleng ya Adolfo ho ya bala Bibele, ha Adolfo a ntse a behile masole a fetang leihlo. Ka hoo, ho ne ho le jwalo ka ha eka motshwaruwa o katile molebedi. E se eka mohlala o motle wa Dipaki tseo tse tshepahalang o ka re susumelletsa ho ‘bolela lentswe la Modimo re le sebete haholo ebile re sa tshabe letho,’ esita le tlasa maemo a thata.
25, 26. Pauluse o bone ha ho phethahala boprofeta bofe bo hlollang le pele ho feta dilemo tse 30, mme ho etsahala se tshwanang jwang mehleng ee?
25 Buka ya Diketso e re bolella ka dipale tse thahasellisang tsa Bakreste ba ileng ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho bolela ditaba tse monate. E phethela ka ho re bolella ka mohlala o kgothatsang wa ka moo Pauluse a ileng a tswela pele ho bolela ‘ka Mmuso wa Modimo’ ho batho ba neng ba mo etela, le hoja a ne a kwalletswe. Kgaolong ya pele, re bala ka mosebetsi oo Jesu a ileng a o fa balatedi ba hae ha a ne a re: “Ha le fumana moya o halalelang, le tla ba le matla mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, dibakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e holehole ya lefatshe.” (Dik. 1:8) Dilemo tse 30 di ne di eso fete le ho feta empa molaetsa wa Mmuso wa Modimo o ne o se o ‘boletswe lefatsheng lohle.’d (Bakol. 1:23) Bona ke bopaki bo hlollang hakaakang ba hore moya wa Modimo o matla.—Zak. 4:6.
26 Kajeno moya oo o matlafaditse masala a barababo Kreste hammoho le metswalle ya bona ya “dinku tse ding” hore ba tswele pele ho fana ka “bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo” dinaheng tse fetang 240. (Joh. 10:16; Dik. 28:23) Na le wena o etsa sohle seo o ka se kgonang mosebetsing oo?
a Pauluse o ne a batla hore Onesimase a se ke a tloha ho yena, empa sena e ne e tla ba ho tlola molao wa Roma le ho hatakela ditokelo tsa monga Onesimase, e leng Mokreste ya bitswang Filemone. Ka hoo, Onesimase o ile a kgutlela ho Filemone a nkile lengolo le tswang ho Pauluse le neng le kgothalletsa Filemone hore a amohele lekgoba la hae ka mosa, e le morabo wa Mokreste.—Filem. 13-19.
b Sheba lebokose la sehlooho se reng “Mangolo a Mahlano ao Pauluse a a Ngotseng ha a le Ditlamong Roma ka Lekgetlo la Pele.”
c Sheba lebokose la sehlooho se reng “Bophelo ba Pauluse ka Mora 61 C.E.”
d Sheba lebokose la sehlooho se reng “Ditaba Tse Monate di ‘Boletswe Lefatsheng Lohle.’”