KGAOLO YA 23
“Le Mmamele ke le Hlalosetse”
Pauluse o emela nnete ka pela letshwele la batho ba halefileng le Lekgotla le Phahameng la Bajuda
E Thehilwe ho Diketso 21:18–23:10
1, 2. Ke eng e entseng hore moapostola Pauluse a ye Jerusalema mme o ile a tobana le mathata afe?
PAULUSE o ne a tsamaya diterateng tsa Jerusalema tse patisaneng le tse phetheselang. Ka dilemo tse ngata, batho ba ne ba rapela Jehova ka tsela e nepahetseng sebakeng seo. Boholo ba baahi ba moo ba ne ba le motlotlo ka dintho tse ileng tsa etsahala motseng oo. Pauluse o ne a tseba hore Bakreste ba bangata ba moo ba ne ba ile le kgongwana hodimo ka lebaka la dintho tse ileng tsa etsahala mme ba ne ba sa ikemisetsa ho fetoha le ha ba se ba hlokomela hore Jehova o fetotse tsela eo a neng a sebedisana le bona ka yona. Ka hoo, Pauluse o ile a tloha Efese mme a ya Jerusalema ho ya thusa Bakrestemmoho ba moo. Ha a ka a ba thusa feela ka dintho tseo ba neng ba di hloka kapa ka tjhelete empa o ne a boetse a batla ho ba thusa hore ba fetole tsela eo ba nahanang dintho ka yona. (Dik. 19:21) Le hoja mohlomong a ne a ipeha kotsing, ha a ka a fetola qeto ya ho kgutlela motseng oo hape.
2 Ebe lekgetlong lee Pauluse o ne a tla hlahelwa ke eng ha a le Jerusalema? Bara ba bo rona ba bang moo ba ne ba kgolwa mashano ao batho ba neng ba a bua ka Pauluse. Batho ba neng ba hloile Jesu le bona ba ne ba bakela Pauluse mathata a eketsehileng. Ba ile ba mo etselletsa, ba mo otla le ho leka ho mo bolaya. Hara dintho tsena kaofela Pauluse o ile a emela seo a se dumelang. Boikokobetso ba hae, sebete le tumelo ha a tobane le mathata ana ke mohlala o motle bakeng sa Bakreste kajeno. A re boneng hore na ka tsela efe.
“Ba Rorisa Modimo” (Diketso 21:18-20a)
3-5. (a) Pauluse o ile a ba sebokeng sefe ha a le Jerusalema mme ho ne ho buuwa ka eng sebokeng seo? (b) Re ka ithuta dintlha dife sebokeng seo Pauluse a bileng le sona le baholo ba Jerusalema?
3 Letsatsi le hlahlamang leo Pauluse le bomphato ba hae ba fihlileng Jerusalema ka lona, ba ile ba yo bona baholo ba phutheho ya moo. Tlaleho ya Bibele ha e bolele hore na baapostola ba bang ba ne ba le kae ha Pauluse a le Jerusalema. Mohlomong ka nako eo ba ne ba ntse ba bolela ditaba tse monate dibakeng tse ding. Le ha ho le jwalo, Jakobo morabo Jesu o ne a ntse a le teng. (Bagal. 2:9) Mohlomong Jakobo e ne e le yena modulasetulo sebokeng seo ho sona ‘baholo kaofela ba neng ba le teng’ ho akareletsa le Pauluse.—Dik. 21:18.
4 Pauluse o ile a dumedisa banna ba baholo “mme a ba phetela dintho tseo Modimo a ileng a mo thusa ho di etsa ha a ntse a hasa lentswe la Modimo ditjhabeng.” (Dik. 21:19) Re se re ka inahanela feela hore na sena se tlameha se ile sa kgothatsa bara ba bo rona hakaakang. Kajeno, le rona re a thaba ha re utlwa ka moo mosebetsi o tswelang pele ka teng dinaheng tse ding.—Diprov. 25:25.
5 Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ile a ba bolella ka monehelo oo a tlileng le wona o tswang Europe. E tlameha ebe ba ile ba thaba haholo ha ba utlwa hore bara ba bo rona ba dibakeng tse hole ba amehile ka bona. Hase feela Bibele e reng ha banna ba baholo ba qeta ho utlwa mantswe a Pauluse ba ile “ba rorisa Modimo.” (Dik. 21:20a) Le kajeno batho ba bangata ba hlahetsweng ke dikoduwa kapa ba kulang haholo ba ameha dipelo ha badumedimmoho le bona ba ba thusa ka nako e loketseng ba bile ba ba kgothatsa.
Ba Bangata ba Ntse “ba Tjhesehela Molao” (Diketso 21:20b, 21)
6. Pauluse o ile a bolellwa bothata bofe?
6 Ka mora moo baholo bana ba ile ba tsebisa Pauluse hore ho hlahile bothata Judea ka lebaka la dintho tseo batho ba neng ba di bua ka yena. Ba ile ba re: “Ngwanabo rona, o a bona hore ho na le Bajuda ba dikete bao e leng badumedi mme kaofela ha bona ba tjhesehela Molao. Empa ba utlwile menyenyetsi ya hore o rutile Bajuda bohle ba ditjhabeng hore ba kgaotse ho mamela Molao wa Moshe, o a ba bolella hore ba se ke ba bolotsa bana ba bona le hore ba se ke ba etsa dintho tsa moetlo tseo esale di etswa.”a—Dik. 21:20b, 21.
7, 8. (a) Bakreste ba bangata ba Judea ba ne ba sa utlwisise eng ka taba ya Molao wa Moshe? (b) Na see se ne se bolela hore ha ba tshepahale? Hlalosa.
7 Ke hobaneng ha Bakreste ba bangata jwalo ba ne ba ntse ba tjhesehela Molao wa Moshe le hoja ho ne ho se ho fetile dilemo tse ka hodimo ho 20 o fedisitswe? (Bakol. 2:14) Ka 49 C.E., baapostola le baholo ba neng ba kopane Jerusalema ba ne ba rometse mangolo diphuthehong, a hlalosang hore ha ho hlokahale hore badumedi ba baditjhaba ba bolle le hore ba boloke Molao wa Moshe. (Dik. 15:23-29) Le ha ho le jwalo, mangolo ao a ne a sa bua letho ka Bakreste ba Bajuda, bao bongata ba bona ba neng ba sa utlwisise hore Molao wa Moshe ha o sa sebetsa.
8 Na badumedi baa ba Bajuda ba ne ba sa tshwanelehe ho ba Bakreste hobane feela ba ne ba sa utlwisise hore Molao wa Moshe ha o sa sebetsa? Tjhe. Ha se hore pele e eba Bakreste ba ne ba rapela medimo ya bohata mme le ka mora hore e be Bakreste ba ne ba ntse ba sa latele meetlo ya bohetene. Molao ona oo badumedi bao ba Bajuda ba neng ba o nka e le wa bohlokwa o ne o ntse o fanwe ke Jehova. E ne e se wa bademona ebile o ne o sa fosahala. Le ha ho le jwalo, Molao oo o ne o amana le selekane sa kgale, athe Bakreste ba ne ba se ba le tlasa selekane se setjha. Ka hoo, ho ne ho sa hlokahale hore batho ba boloke Molao hore Jehova a amohele borapedi ba bona. Feela ho ne ho ena le Bakreste ba Baheberu ba neng ba tjhesehela Molao, ba neng ba sa utlwisise taba ena mme ba sa tshepe phutheho ya Bakreste. Ba ne ba lokela ho fetola tsela eo ba nahanang dintho ka yona, e le hore ba ka rapela Jehova ka tsela eo a batlang hore batho ba mo rapele ka yona.b—Jer. 31:31-34; Luka 22:20.
“Menyenyetsi eo ba e Utlwileng ka Wena ha se Nnete” (Diketso 21:22-26)
9. Pauluse o ile a ruta eng mabapi le Molao wa Moshe?
9 Ho thweng ka menyenyetsi ya hore Pauluse o ne a ruta Bajuda ba hara baditjhaba “hore ba se ke ba bolotsa bana ba bona le hore ba se ke ba etsa dintho tsa moetlo tseo esale di etswa”? Pauluse e ne e le moapostola wa Baditjhaba mme o ile a ema qetong ya hore ha ba a tlameha ho boloka Molao. Hape o ile a hlakisa hore ba neng ba leka ho susumelletsa badumedi ba Baditjhaba hore ba bolle e le ho bontsha hore ba boloka Molao wa Moshe ba ne ba le phoso. (Bagal. 5:1-7) Hape Pauluse o ile a pakela Bajuda ba metseng eo a ileng a e etela. Ha ho pelaelo hore o ile a hlalosetsa ba thahasellang hore lefu la Jesu le entse hore Molao o fellwe ke nako le hore ho loka ho fumanwa ka tumelo, eseng ka ho boloka Molao.—Bar. 2:28, 29; 3:21-26.
10. Pauluse o ile a nahanela maikutlo a ba bang jwang mabapi le Molao le lebollo?
10 Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a bontsha hore o nahanela ba bang ba neng ba thabela ho boloka meetlo e itseng ya Bajuda e kang ho se sebetse ka Sabatha kapa ho se je dijo tse itseng. (Bar. 14:1-6) Ha aa ka a ba behela melao ka lebollo. Ha e le hantle, Pauluse o ile a bolotsa Timothea e le hore Bajuda ba tle ba mo amohele ka ha ntate wa hae e ne e le Mogerike. (Dik. 16:3) Ho ne ho itswela ho motho hore na o a bolla kapa tjhe. Pauluse o ile a re ho Bagalata: “Ho bolla kapa ho se bolle ha ho na thuso empa tumelo eo motho a e bontshang ka diketso hobane a susumetswa ke lerato, ke yona ya bohlokwa.” (Bagal. 5:6) Le ha ho le jwalo, e ne e tla ba phoso hore motho a bolle hobane feela a batla ho boloka Molao kapa a nahana hore o lokela ho bolla e le hore a kgahlise Jehova. Seo se ne se tla bontsha hore ha a na tumelo.
11. Baholo ba ile ba eletsa Pauluse hore a etseng mme ho ka etsahala hore seo se ne se akareletsa eng? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)
11 Le hoja ditaba tseo tsa bo bare e ne e le mashano, di ile tsa ferekanya badumedi ba Bajuda. Ke ka lebaka leo banna ba baholo ba ileng ba eletsa Pauluse ba re: “Re na le banna ba bane ba entseng kano. Tsamaya le banna bana, le itlhwekise ho ya ka Molao mme o ba patalle e le hore ba kute dihlooho. Jwale batho bohle ba tla tseba hore menyenyetsi eo ba e utlwileng ka wena ha se nnete, ba tla tseba hore o etsa dintho hantle le hore o mamela Molao.”c—Dik. 21:23, 24.
12. Pauluse o ile a bontsha jwang hore o ikemiseditse ho sebedisana le baholo ba Jerusalema le ho etsa seo ba reng a se etse?
12 Pauluse a ka be a hanne yaba o bolela hore bothata bo ne bo sa bakwa ke ditaba tsa bo bare empa bo bakilwe ke hore badumedi bao ba Bajuda ba tjhesehela Molao wa Moshe. Le ha ho le jwalo, o ne a ikemiseditse ho etsa seo ba reng a se etse, ha feela a sa tlole molao wa Modimo. Pele ho moo o ile a re: “Ho ba latelang molao ke bile jwalo ka ya latelang molao e le hore nka tlisa ba latelang molao tseleng ya Kreste le hoja nna ke sa latele molao.” (1 Bakor. 9:20) Lekgetlong lena Pauluse o ile a sebedisana le baholo ba Jerusalema mme a ba “jwalo ka ya latelang molao.” Ka ho etsa jwalo, o ile a re behela mohlala o motle wa hore re sebedisane le baholo mme re se ke ra tsitlella ho etsa dintho ka moo re ratang ka teng.—Baheb. 13:17.
Pauluse o ne a tenyetseha le maemo mme o ile a etsa dintho tseo baholo ba neng ba mo kopa tsona ha feela di se kgahlanong le melaomotheo ya Bibele. Wena?
“Ha a Tshwanela ho Phela!” (Diketso 21:27–22:30)
13. (a) Ke hobaneng ha Bajuda ba bang ba ile ba baka moferefere tempeleng? (b) Pauluse o ile a pholoswa jwang?
13 Ho ile ha dubeha tempeleng. Ha matsatsi a boitlamo a le haufi le ho fela, Bajuda ba tswang Asia ba ile ba bona Pauluse, ba mo qosa ka bohata hore o tlisitse Baditjhaba ka tempeleng, yaba ba qala morusu. Hoja molaodi wa sesole wa Moroma a sa ka a kenella, Pauluse a ka be a ile a kgakgathwa ho fihlela a shwele. Le ha ho le jwalo, molaodi eo wa Moroma o ile a mo kenya tjhankaneng. Ho ile ha feta dilemo tse ka hodimo ho tse nne pele Pauluse a lokollwa. Empa Pauluse o ne a ntse a le kotsing. Ha molaodi a botsa Bajuda hore na ba hlasela Pauluse ka mabaka afe, ba ile ba bolela diqoso tse fapafapaneng. Ka ha ho ne ho le moferefere molaodi eo o ne a sa utlwe letho. Qetellong, Pauluse o ile a tlameha ho tloswa moo. Ha Pauluse le masole a Baroma ba le haufi le ho kena moo masole a dulang teng, Pauluse o ile a re ho molaodi wa masole: “Ke kopa o ntumelle hore ke bue le setjhaba.” (Dik. 21:39) Molaodi o ile a dumela mme Pauluse a emela tumelo ya hae ka sebete.
14, 15. (a) Pauluse o ile a reng ho Bajuda? (b) Molaodi wa Moroma o ile a nka mehato efe e le hore a tle a tsebe se halefisitseng Bajuda?
14 Pauluse o ile a qala ka ho re: “Mmamele ke le hlalosetse.” (Dik. 22:1) O ile a bua le bongata boo ka Seheberu, e leng se ileng sa etsa hore bo theole maikutlo. O ile a bolela lebaka le utlwahalang le entseng hore e be molatedi wa Kreste. Ka ho etsa jwalo, ka tsela e bohlale o ile a bolela dintho tseo Bajuda ba neng ba ka batla bopaki ba tsona haeba ba batla ho etsa jwalo. Pauluse o ile a rutwa ke Gamaliele ya tsebahalang hape o ile a hlorisa balatedi ba Kreste, jwalo ka ha mohlomong ba bang ba bona ba ne ba tseba seo. Le ha ho le jwalo, ha a le tseleng e yang Damaseka, o ile a bona Kreste ya tsositsweng bafung ponong mme a bua le yena. Batho bao Pauluse a neng a tsamaya le bona ba ile ba bona lesedi le leholo mme ba utlwa lentswe empa ha ba a ka ba utlwisisa se buuwang. (Dik. 9:7; 22:9) Ka mora moo ba ile ba lokela ho tataisa Pauluse, ya neng a foufaditswe ke pono eo, ba mo isa Damaseka. Ha ba fihla moo, Ananiase monna ya neng a tsejwa ke Bajuda ba moo, o ile a etsa mohlolo wa hore Pauluse a boele a bone.
15 Pauluse o ile a tswela pele ho ba phetela hore ha a se a kgutletse Jerusalema, Jesu o ile a hlaha ho yena tempeleng. Ha Bajuda ba utlwa taba ena ba ile ba ferekana yaba ba hweletsa ka bohale ba re: “Bolayang motho enwa ka ha ha a tshwanela ho phela!” (Dik. 22:22) E le ho pholosa Pauluse, molaodi o ile a mo isa moo masole a dulang teng. Ka ha molaodi o ne a ikemiseditse ho fumana se entseng hore Bajuda ba halefele Pauluse hakaalo, o ile a laela masole ao hore a shape Pauluse e le hore a ka bua hore o entseng. Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a sebedisa molao hore o mo sireletse yaba o bolela hore ke moahi wa Roma. Kajeno barapedi ba Jehova ba nnile ba etsa se tshwanang mme ba sebedisa molao hore o ba sireletse ha ba emela tumelo ya bona. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Ka Moo Molao wa Roma o Neng o Sebetsa ho Baahi ba Teng”, le la sehlooho se reng “Dinyewe Tsa Mehleng Ena,” se leqepheng lena.) Ha molaodi a utlwa hore Pauluse ke moahi wa Roma, o ile a hlokomela hore o lokela ho sebedisa mokgwa o mong o tla etsa hore a fumane dintlha tse eketsehileng. Letsatsing le hlahlamang o ile a tlisa Pauluse ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda, le neng le tshwere seboka se kgethehileng.
“Ke Mofarisi” (Diketso 23:1-10)
16, 17. (a) Hlalosa se ileng sa etsahala ha Pauluse a bua le Lekgotla le Phahameng la Bajuda. (b) Pauluse o ile a beha mohlala wa boikokobetso jwang ha a otlwa?
16 Ha Pauluse a qala ho ikemela ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda, o ile a re: “Bontate, esale ke phela ka letswalo le kgutsitseng ka pela Modimo ho fihlela letsatsing lena.” (Dik. 23:1) Ha aa ka a kgona ho tswela pele. Bibele e re: “Yaba Ananiase moprista ya phahameng o laela ba emeng haufi le Pauluse hore ba mo otle molomo.” (Dik. 23:2) E bile nyediso e kaakang. Hape e bile leeme le lekaakang hore ebe ba ile ba re Pauluse o leshano le pele ba utlwa bopaki. Ha se feela Pauluse a ileng a re: “Modimo o tlo o otla wena moikaketsi towe! O dutse moo hore o nkahlole ka Molao empa wena o tlola Molao ka ho laela hore ke otlwe?”—Dik. 23:3.
17 Ba emeng haufi ba ile ba Makala empa ba ne ba sa makatswe ke motho ya otlileng Pauluse, ba ne ba makatswa ke mantswe a Pauluse. Ba ile ba re: “Na o tiile o rohaka moprista ya phahameng wa Modimo?” Ha Pauluse a ba araba, o ile a ba ruta boikokobetso le ho hlompha Molao. A re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke moprista ya phahameng etswe Mangolo a re, ‘O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe.’”d (Dik. 23:4, 5; Ex. 22:28) Jwale Pauluse o ile a fetola mawa. Ka ha o ne a lemohile hore ditho tsa Lekgotla le Phahameng la Bajuda e ne e le Bafarisi le Basaduse, o ile a re: “Bontate, ke Mofarisi, le baholoholo ba ka ke Bafarisi. Ke qoswa hobane ke ena le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”—Dik. 23:6.
Jwalo ka Pauluse, re leka ho fumana dintho tseo re dumellanang ka tsona ha re bua le batho ba madumedi a fapafapaneng
18. Ke hobaneng ha Pauluse a ile a ipitsa Mofarisi mme re ka beha mabaka ka tsela e tshwanang le ee jwang maemong a mang?
18 Ke hobaneng ha Pauluse a ile a ipitsa Mofarisi? Ke hobane e ne e le “mora wa Bafarisi” a tswa lelapeng la lequlwana leo. Ka hoo, ba bangata ba ne ba ntse ba mo nka e le Mofarisi.e Le ha ho le jwalo, ke hobaneng ha Pauluse a ile a ikamahanya le seo Bafarisi ba se dumelang tabeng ya tsoho? Bafarisi ba ne ba dumela hore moya wa motho ha o shwe le hore meya ya ba lokileng e tla boela e phele e le batho. Pauluse o ne a sa dumele thuto eo. O ne a dumela tsoho e rutilweng ke Jesu. (Joh. 5:25-29) Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a dumellana le Bafarisi hore ho na le tshepo ya bophelo ka mora lefu ho fapana le Basaduse ba neng ba sa dumele hore bo teng. Re ka beha mabaka ka tsela e tshwanang le ena ha re buisana le Makhatholike kapa Maprostanta. Re ka ba bolella hore re dumela ho Modimo jwalo ka bona. Ke nnete hore e ka nna yaba ba dumela ho Boraro bo bong ha rona re dumela ho Modimo eo Bibele e buang ka yena. Le ha ho le jwalo, re a dumellana hore Modimo o teng.
19. Ke hobaneng ha seboka sa Lekgotla le Phahameng la Bajuda se ile sa eba moferefere?
19 Mantswe a Pauluse a ile a arola Lekgotla le Phahameng la Bajuda. Bibele e re: “Ha qhoma kgang e tjhesang dipakeng tsa bona. Ba bang ba bangodi ba sehlopha sa Bafarisi ba bua ba halefile ba re: “Ha ho na ntho e mpe eo motho enwa a e entseng empa haeba moya kapa lengeloi le buile le yena—.’” (Dik. 23:9) Taba ya hore ebe lengeloi le ile la bua le Pauluse e ne e sa amohelehe ho Basaduse ba neng ba sa dumele hore mangeloi a teng. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Basaduse le Bafarisi,” se leqepheng lena.) Moferefere o ile wa eba moholo hoo molaodi wa sesole wa Moroma a ileng a boela a pholosa Pauluse. (Dik. 23:10) Le ha ho le jwalo, Pauluse o ne a ntse a le kotsing. Ho ne ho tla etsahala eng ka yena? Re tla ithuta se eketsehileng kgaolong e latelang.
a Ka ha ho ne ho ena le Bakreste ba bangata ba Bajuda, mohlomong diphutheho tse ngata di ne di kopanela malapeng.
b Dilemo tse seng kae ha morao, moapostola Pauluse o ile a ngola lengolo la hae le yang ho Baheberu, leo ho lona a ileng a paka hore selekane se setjha ke sona sa bohlokwa. Lengolong leo, o ile a bontsha ka ho hlakileng hore selekane se setjha se ile sa etsa hore sa kgale se fellwe ke nako. Ka sebele taba ya hore ebe Pauluse o ile a beha mabaka ka tsela e matla tjena, e ile ya fa Bakreste ba Bajuda mabaka a kgodisang ao ba ka a sebedisang ho araba Bajuda ba neng ba tsitlella hore Molao wa Moshe o ntse o sebetsa. Hape e ile ya matlafatsa tumelo ya Bakreste ba bang ba neng ba nka hore Molao wa Moshe ke wa bohlokwa ka ho fetisisa.—Baheb. 8:7-13.
c Ditsebi di re e ka nna yaba banna bao ba ne ba entse boitlamo ba Bonazari. (Num. 6:1-21) Ke nnete hore Molao wa Moshe, oo boitlamo bona bo neng bo entswe tlasa wona, o ne o se o feletswe ke nako. Le ha ho le jwalo, e ka nna yaba Pauluse o ne a nahana hore ha se phoso ha banna bao ba phetha boitlamo boo ba bo entseng ho Jehova. Ka lebaka leo, e ne e se phoso ha a ba lefella ditshenyehelo a bile a tsamaya le bona. Ha re tsebe hore na e ne e le boitlamo ba mofuta ofe empa ha re dumele hore Pauluse o ne a ka tshehetsa ho nyehelwa ha sehlabelo sa phoofolo (e leng seo Banazari ba neng ba se etsa), a dumela hore se tla hlwekisa banna bao sebe. Ka ha Kreste o ne a se a entse sehlabelo se phethahetseng, mahlabelo a jwalo a diphoofolo a ne a se a se na matla a ho kwahela dibe. Le hoja re sa tsebe seo Pauluse a ileng a se etsa, re kgodisehile hore o ne a ke ke a dumela ho etsa ntho e ka silafatsang letswalo la hae.
d Ba bang ba boletse hore mohlomong Pauluse o ne a sa bone hantle ke ka hoo a sa kang a hlokomela moprista ya phahameng. Hape mohlomong e ne e le kgale a le sieo Jerusalema hoo a neng a sa tsebe moprista ya phahameng wa nakong eo, kapa mohlomong Pauluse o ne a sirilwe ke bongata, hoo a sa kang a bona hore na ke mang ya laetseng hore a otlwe.
e Ka 49 C.E., ha baapostola le banna ba baholo ba tshohla hore na Baditjhaba ba lokela ho boloka Molao wa Moshe kapa tjhe, Bakreste ba bang ba neng ba le teng e ne e le “ba lequlwana la Bafarisi bao e neng e se e le barutuwa.” (Dik. 15:5) Ho hlakile hore ka tsela e itseng badumedi bao ba ne ba ntse ba nkwa e le Bafarisi.