LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 21 maq. 165-172
  • “Ha ke Molato wa Madi a Mang Kapa Mang”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Ha ke Molato wa Madi a Mang Kapa Mang”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • O Ile a “ya Macedonia” (Diketso 20:​1, 2)
  • “Ba Rerile ho mo Bolaya” (Diketso 20:​3, 4)
  • “Ba [ne ba] Tshedisehile Haholo” (Diketso 20:​5-12)
  • “Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo” (Diketso 20:​13-24)
  • “Le Itebele le be le Lebele Mohlape Wohle” (Diketso 20:​25-38)
  • “O se ke wa Tshaba, o Nne o Bue o sa Kgaotse”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Eba Sebete Hobane Jehova o Tla o Thusa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • “Mmamele ke le Hlalosetse”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Tse Ding
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 21 maq. 165-172

KGAOLO YA 21

“Ha ke Molato wa Madi a Mang Kapa Mang”

Tjheseho ya Pauluse tshebeletsong le keletso ya hae ho baholo

E Thehilwe ho Diketso 20:​1-38

1-3. (a) Hlalosa se ileng sa etsahala bosiung boo Eutikase a shweleng ka bona. (b) Pauluse o etsang mme see se bontshang ka yena?

PAULUSE o ka kamoreng e ka hodimo e tletseng batho Troase. O bua le bara ba bo rona ka nako e telele, ka ha ke bosiu ba ho qetela a ena le bona. Jwale ke hara mpa ya bosiu. Ho na le mabone a mangata a tukang ka kamoreng ena mme a etsa hore ho tjhese haholo ho be ho tlale mosi. Mohlankana ya bitswang Eutikase o dutse fensetereng. Ha Pauluse a ntse a bua, Eutikase wa robala mme o wa a le fensetereng e mokatong wa boraro.

2 Ka ha Luka ke ngaka ho ka etsahala hore ke e mong wa ba ileng ba potlakela ka ntle e le hore a mo hlahlobe. ‘Ha a fihla ka ntle o ile a fumana Eutikase a se a shwele.’ (Dik. 20:9) Empa ho etsahala mohlolo. Pauluse o paqama hodima mohlankana enwa mme o re ho bongata: “Kgaotsang ho lla hobane o a phela.” Pauluse o ne a tsositse Eutikase bafung.​—Dik. 20:10.

3 Ketsahalo eo e bontsha matla a moya o halalelang wa Modimo. E ne e se molato wa Pauluse hore ebe Eutikase o shwele. Le ha ho le jwalo, o ne a sa batle hore lefu la hae le senye ketsahalo ena ya bohlokwa kapa le kgopise motho le ha e le ofe. Ha Pauluse a tsosa Eutikase bafung o ile a tshedisa phutheho le ho e matlafatsa hore e tswele pele ka tshebeletso. Ho hlakile hore Pauluse o ne a utlwa a na le boikarabelo bo itseng bakeng sa bophelo ba batho ba bang. Sena se re hopotsa mantswe a hae a reng: “Ha ke molato wa madi a mang kapa mang.” (Dik. 20:​26) A re boneng hore na mohlala wa Pauluse o ka re thusa jwang tabeng ena.

O Ile a “ya Macedonia” (Diketso 20:​1, 2)

4. Pauluse o fetile hara mathata afe?

4 Jwalo ka ha ho bontshitswe kgaolong e fetileng, Pauluse o fetile hara mathata. Ho ile ha tsoha morusu ha a ne a bolela ditaba tse monate Efese. Batho ba neng ba etsa dintho tsa silevera ba neng ba iphedisa ka borapedi ba Artemise, ba ile ba kenya letsoho morusung. Diketso 20:1 e re: “Ka mora hore morusu o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa a ba kgothatsa. A ba sadisa hantle yaba o ya Macedonia.”

5, 6. (a) E ka nna yaba Pauluse o qetile nako e kae Macedonia mme o ile a etsetsa bara ba bo rona ba moo eng? (b) Pauluse o ile a dula a ena le boikutlo bofe ka badumedimmoho le yena?

5 Ha Pauluse a ya Macedonia, o ile a emisa boemakepeng ba Troase mme a dula moo ka nako e itseng. O ne a ena le tshepo ya hore Tite ya neng a rometswe Korinthe o tla mo fumana moo. (2 Bakor. 2:​12, 13) Le ha ho le jwalo, ha ho totobala hore Tite ha a tle o ile a ya Macedonia, mohlomong a qeta nako e ka etsang selemo “a ntse a kgothatsa barutuwa.”a (Dik. 20:2) Qetellong Tite o ile a fumana Pauluse Macedonia, a tlisa ditaba tse monate tsa ka moo Bakorinthe ba ikutlwang ka teng ka lengolo la Pauluse la pele. (2 Bakor. 7:​5-7) Sena se ile sa etsa hore Pauluse a ba ngolle lengolo le leng, e leng la 2 Bakorinthe.

6 Hlokomela hore Luka o sebedisa mantswe “kgothaditse” le “kgothatse” ha a bua ka lebaka la hore Pauluse a etele bara ba bo rona ba Efese le Macedonia. Mantswe ao a hlalosa hantle hakaakang tsela eo Pauluse a neng a ikutlwa ka yona ka badumedimmoho le yena. Pauluse o ne a fapane le Bafarisi ba neng ba kgella batho ba bang fatshe, ka ha yena o ne a thabela ho sebeletsa Modimo a ena le bakrestemmoho le yena. (Joh. 7:​47-49; 1 Bakor. 3:9) Pauluse o ne a dula a ikokobeditse le ha a ne a lokela ho ba kgalemela.​—2 Bakor. 2:4.

7. Kajeno bara ba bo rona ba etellang pele ba ka latela mohlala wa Pauluse jwang?

7 Kajeno baholo ba phutheho le bapotolohi ba leka ka matla ho latela mohlala wa Pauluse. Le ha ba kgalemela ba hlokang ho thuswa, sepheo sa bona ke ho ba matlafatsa. Bara ba bo rona ba etellang pele ka phuthehong, ba bontsha kutlwelobohloko ha ba kgalemela bakrestemmoho le bona ebile ha ba ba ahlole. Mopotolohi e mong eo e leng kgale a di bona o ile a re: “Bara le baradi ba bo rona ba bangata ba batla ho etsa se nepahetseng, empa hangata ba imetswe ke mathata hape ba tshwenyehile mme ba ikutlwa ba nyahame.” Bara ba bo rona ba etellang pele ka phuthehong ba ka ba matlafatsa.​—Baheb. 12:​12, 13.

MANGOLO AO PAULUSE A A NGOTSENG HA A LE MACEDONIA

Lengolong la hae la bobedi le yang ho Bakorinthe, Pauluse o re ha a fihla Macedonia o ne a tshwenyehile ka barababo ba Korinthe. Le ha ho le jwalo, Tite o ile a mo tlisetsa ditaba tse monate tse tswang Korinthe mme a kgothala. Ke hona nakong ena, hoo e ka bang ka 55 C.E., moo Pauluse a ileng a ngola lengolo la 2 Bakorinthe, leo ho lona a bontshang hore o ne a ntse a le Macedonia. (2 Bakor. 7:​5-7; 9:​2-4) E nngwe ya dintho tseo Pauluse a neng a nahana ka tsona ka nako eo e ne e le ho qetela ho bokella tjhelete bakeng sa bahalaledi ba Judea. (2 Bakor. 8:​18-21) O ne a boetse a tshwenyehile ka hore Korinthe ho na le “baapostola ba bohata, ba kgelosang batho.”​—2 Bakor. 11:​5, 13, 14.

Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a le Macedonia ha a ngola lengolo le yang ho Tite. Hoo e ka bang ka selemo sa 61 ho ya ho sa 64 C.E., Pauluse o ile a etela sehlekehlekeng sa Kreta ka mora hore a lokollwe Roma moo a neng a le ditlamong ka lekgetlo la pele. O ile a siya Tite moo e le hore a lokise mathata a itseng mme a behe banna ba baholo. (Tite 1:5) Pauluse o ile a kopa Tite hore ba kopane Nikopolise. Ho ne ho ena le metse e mengata e bitswang ka lebitso lena Mediterranean ya boholoholo empa ka moo ho bonahalang ka teng, Pauluse o ne a bua ka Nikopolise e karolong e ka leboyabophirimela ya Greece. Mohlomong o ne a sebetsa sebakeng seo ha a ne a ngolla Tite.​—Tite 3:12.

Ha Pauluse a ntse a le teronkong Roma ka makgetlo a mabedi hoo e ka bang ka selemo sa 61 ho ya ho sa 64 C.E, o ile a ngolla Timothea lengolo la pele. Qalong ya lengolo leo, Pauluse o ile a kopa Timothea hore a sale Efese, ha yena a fetela Macedonia. (1 Tim. 1:3) Ho tloha moo ho bonahala hore Pauluse o ile a eletsa Timothea jwalo ka ha ntate a eletsa mora, a mo kgothatsa a ba a mo tataisa mabapi le mesebetsi e itseng e lokelang ho etswa ka diphuthehong.

“Ba Rerile ho mo Bolaya” (Diketso 20:​3, 4)

8, 9. (a) Morero wa Pauluse wa ho ya Siria ka sekepe o ile wa sitiswa keng? (b) E ka nna yaba ke hobaneng ha Bajuda ba ne ba hloile Pauluse?

8 Ha Pauluse a tloha Macedonia, o ile a ya Korinthe.b Ka mora ho ba moo ka dikgwedi tse tharo, o ne a labalabela ho fetela Senkrea, moo a neng a rerile ho palama sekepe se yang Siria. Ha a tloha moo, o ne a tla ya Jerusalema mme a fe badumedimmoho le yena ba futsanehileng menehelo.c (Dik. 24:​17; Bar. 15:​25, 26) Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a tlameha ho ya sebakeng se seng hobane Diketso 20:3 e re: “A tseba hore Bajuda ba rerile ho mo bolaya yaba o etsa qeto ya ho kgutla le Macedonia.”

9 Ha ho makatse hore ebe Bajuda ba ne ba hloile Pauluse, etswe ba ne ba nahana hore ke mokwenehi. Pejana, tshebeletso ya hae e ile ya beha ditholwana ha Krispase e leng motho ya neng a hlaheletse ntlong ya thapelo ya Korinthe a sokoloha. (Dik. 18:​7, 8; 1 Bakor. 1:​14) Ka lekgetlo le leng, Bajuda ba Korinthe ba ile ba qosa Pauluse ka pela motsamaisi wa profinse ya Akaia ya bitswang Galio. Le ha ho le jwalo, Galio o ile a qhala diqoso tseo ka hore ha di na motheo, e leng qeto e ileng ya halefisa dira tsa Pauluse. (Dik. 18:​12-17) E ka nna yaba Bajuda ba Korinthe ba ne ba tsebile kapa ba nahanne hore Pauluse o se a tla ya Senkrea, ka lebaka leo ba rera ho mo lalla moo. Pauluse o ne a tla etsang?

10. Na Pauluse e ne e le lekwala ha a sa pote Senkrea? Hlalosa.

10 E le hore Pauluse a se ke a ipeha kotsing mme a sireletse tjhelete eo a neng a e neheleditswe o ile a etsa qeto ya ho se pote Senkrea mme a kgutlela Macedonia. Ke nnete hore ho tsamaya ka hara naha ho ne ho tla ba kotsi. Mashodu a ne a atisa ho lalla batho ditseleng tsa boholoholo. Esita le matlo a baeti a ne a sa sireletseha. Ho ntse ho le jwalo, Pauluse o ile a kgetha ho tobana le dikotsi tsa ho tsamaya ka hara naha ho ena le dikotsi tse neng di tla mo hlahela ha a le Senkrea. Ka lehlohonolo o ne a sa tsamaye a le mong. Leetong lena la hae e le moromuwa, Pauluse o ne a tsamaya le Aristakase, Gaiase, Sekundase, Sopatere, Timothea, Trofimase le Tikikase.​—Dik. 20:​3, 4.

11. Kajeno Bakreste ba etsa sohle seo ba ka se kgonang jwang hore ba se ke ba ipeha kotsing, hona Jesu o behile mohlala ofe tabeng ee?

11 Kajeno Bakreste ba etsisa Pauluse ka ho etsa sohle seo ba ka se kgonang hore ba se ke ba ipeha kotsing ha ba le tshebeletsong. Dibakeng tse ding ba tsamaya ka dihlopha kapa bonyane ka bobedi ho ena le ho tsamaya ka bomong. Na Bakreste ba qoba mahloriso? Bakreste ba a tseba hore ba ke ke ba a qoba. (Joh. 15:​20; 2 Tim. 3:​12) Ho ntse ho le jwalo, ha ba ipehe kotsing ka boomo. Nahana ka mohlala wa Jesu. Ka lekgetlo le leng Jesu o ile “a ipata yaba o tswa ka tempeleng” ha bahanyetsi ba hae Jerusalema ba nka majwe hore ba mo betse ka ona. (Joh. 8:​59) Ha morao, ha Bajuda ba rera ho mo bolaya, “Jesu ha a ka a hlola a tsamaya moo Bajuda ba mo bonang. [O ile a] tloha moo ho ya sebakeng se haufi le lefeella.” (Joh. 11:​54) Jesu o ne a etsa sohle seo a ka se kgonang hore a itshireletse ha ho etsa jwalo ho se kgahlanong le thato ya Modimo. Kajeno Bakreste ba etsa se tshwanang.​—Mat. 10:16.

PAULUSE O ISA MONEHELO JERUSALEMA

Dilemo ka mora Pentekonta ya 33 C.E., Bakreste ba Jerusalema ba ile ba eba le mathata a mangata a kang tlala ya bojadikata, mahloriso le ho tlatlapuwa thepa. Mathata ana a ile a etsa hore batho ba bang e be bafutsana. (Dik. 11:​27–12:1; Baheb. 10:​32-34) Hoo e ka bang ka selemo sa 49 C.E., baholo ba Jerusalema ba ile ba kopa Pauluse hore ha a ntse a bolela ditaba tse monate hara Baditjhaba, a hopole le ho ‘thusa bafutsana.’ Ke sona seo Pauluse a ileng a se etsa ha a ne a etella pele mosebetsi wa ho bokella menehelo e yang diphuthehong.​—Bagal. 2:10.

Ka 55 C.E., Pauluse o ile a re ho Bakorinthe: “Le latele ditaelo tseo ke di fileng diphutheho tsa Galatia tabeng ya tjhelete e bokellwang bakeng sa badumedimmoho le rona. Letsatsing la pele la beke e nngwe le e nngwe, e mong le e mong wa lona a behelle ho hong ka thoko a ipapisitse le hore na a ka kgona ho ntsha bokae e le hore tjhelete e se ke ya bokellwa ha ke fihla. Ha ke fihla moo, banna bao le itseng ba a tshepahala mangolong a lona, ke tla ba roma Jerusalema hore ba ise mpho eo le faneng ka yona ka ho rata.” (1 Bakor. 16:​1-3) Nakwana ka mora moo, ha Pauluse a ngola lengolo la hae la bobedi le yang ho Bakorinthe, o ile a ba kgothalletsa hore ba lokise mpho ya bona yaba o ba bolella hore le bakreste ba Macedonia ba se ba ntshitse monehelo.​—2 Bakor. 8:1–9:15.

Ka hoo ka 56 C.E., bara babo rona ba kgethilweng ba tswang diphuthehong tse sa tshwaneng, ba ile ba kopana le Pauluse e le hore ba ise tjhelete yohle ya monehelo Jerusalema. Taba ya hore ebe ho ne ho ena le banna ba robong ba kgethilweng hore ba ise monehelo Jerusalema, e ile ya thusa hore monehelo oo o sireletsehe le hore Pauluse a se ke a qoswa ka hore o sebedisitse tjhelete eo hampe. (2 Bakor. 8:​20) Lebaka le ka sehloohong la hore Pauluse a ye Jerusalema e ne e le ho isa monehelo ona. (Bar. 15:​25, 26) Ha morao Pauluse o ile a re ho Mmusisi Felixe: “Ka mora dilemo tse ngata ke ile ka fihla Jerusalema, ka tlisa dithuso ho batho ba setjhaba sa heso le ho etsa dinyehelo.”​—Dik. 24:17.

“Ba [ne ba] Tshedisehile Haholo” (Diketso 20:​5-12)

12, 13. (a) Phutheho e ile ya ikutlwa jwang ha Eutikase a tsoswa bafung? (b) Kajeno ba shwetsweng ke baratuwa ba bona ba tshediswa ke tshepo efe e thehilweng Bibeleng?

12 Pauluse le bomphato ba hae ba ile ba tsamaya hammoho ho pholletsa le Macedonia mme ho bonahala eka ha morao ba ile ba arohana. Ho ka etsahala hore ba ile ba boela ba kopana Troase.d Bibele e re: “Pele matsatsi a mahlano a fela, ra fihla ho bona Troase.”e (Dik. 20:6) Ke mona moo mohlankana ya bitswang Eutikase a ileng a tsoswa bafung, jwalo ka ha ho bontshitswe qalong ya kgaolo ena. O so ka inahanela feela hore na bara ba bo rona ba ile ba ikutlwa jwang ha ba bona mphato wa bona Eutikase a tsoha bafung. Bibele e re “ba [ne ba] tshedisehile haholo.”​—Dik. 20:12.

13 Ha e le hantle, mehlolo ya mofuta ona ha e etsahale kajeno. Le ha ho le jwalo, tshepo eo Bibele e fanang ka yona ya hore bafu ba tla tsoha e etsa hore ba shwetsweng ke baratuwa ba bona ba ‘tshedisehe haholo.’ (Joh. 5:​28, 29) Hlokomela hore ka ha Eutikase o ne a sa phethahala o ile a qetella a shwele hape. (Bar. 6:​23) Empa ba tla tsoswa bafung lefatsheng le letjha la Modimo ba na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. Ho feta moo, ba tsosetswang ho ya busa le Jesu lehodimong le bona ba ke ke ba hlola ba shwa. (1 Bakor. 15:​51-53) Kajeno Bakreste ebang ke batlotsuwa kapa ba “dinku tse ding,” ba na le lebaka le utlwahalang la ho ‘tshediseha haholo.’​—Joh. 10:16.

“Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo” (Diketso 20:​13-24)

14. Pauluse o ile a reng ho baholo ba Efese ha a kopana le bona Miletase?

14 Pauluse le bomphato ba hae ba ile ba tloha Troase ba ya Asose, yaba ba fetela Mitilene, Kiose, Samose le Miletase. Pauluse o ne a ikemiseditse ho ya fihla Jerusalema pele ho Mokete wa Pentekonta. Hore ebe o ne a potlaketse ho ya fihla Jerusalema pele ho Pentekonta ho etsa hore re utlwisise hore na ke hobaneng ha lekgetlong lena a ile a kgetha ho palama sekepe se sa poteng Efese ha a kgutla. Le ha ho le jwalo, ka ha Pauluse o ne a batla ho buisana le baholo ba Efese, o ile a kopa hore ba kopane le yena Miletase. (Dik. 20:​13-17) Ha ba fihla, Pauluse o ile a re ho bona: “Le tseba hantle bophelo boo ke bo phetseng ha ke ena le lona ho tloha letsatsing la pele ke fihlile profinseng ya Asia. Ke ne ke sebeletsa Morena jwalo ka lekgoba ka boikokobetso bohle le meokgo, ka ba le ditsietsi tse ngata hobane ka makgetlo Bajuda ba ile ba rera ho mpolaya. Hape ha ke a ka ka le patela letho le molemong wa lona kapa ka kgaotsa ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo. Ke ile ka fana ka bopaki bo hlakileng ho Bajuda le Bagerike, ka ba bontsha hore ba lokela ho baka, ba sebeletse Modimo mme ba dumele ho Morena wa rona Jesu.”​—Dik. 20:​18-21.

15. Melemo e meng ya ho paka ka ntlo le ntlo ke efe?

15 Kajeno re ka sebedisa mekgwa e mengata ho bolella batho ditaba tse monate. Jwalo ka Pauluse, re leka ho ya moo re ka fumanang batho teng, ebang ke moo dibese di emang, diterateng tse phetheselang kapa dimmarakeng. Empa ho bolela ka ntlo le ntlo e sa ntse e le wona mokgwa o ka sehloohong o sebediswang ke Dipaki Tsa Jehova. Hobaneng? Lebaka la pele ke hore ho bolela ka ntlo le ntlo ho etsa hore bohle ba be le monyetla wa ho utlwa molaetsa wa Mmuso kgafetsa, e leng se bontshang hore Modimo ha a leeme. Hape ho etsa hore batho ba thahasellang ditaba tse monate ba thuswe ho latela seo ba se hlokang. Ho phaella moo, tshebeletso ya ntlo le ntlo e thusa ba e etsang hore ba kgone ho mamella mme e matlafatsa tumelo ya bona. Ka sebele, ho tjhesehela ho paka “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo” ke letshwao le kgethollang Bakreste ba nnete.

16, 17. Pauluse o ile a bontsha jwang hore o sebete, hona kajeno Bakreste ba latela mohlala wa hae jwang?

16 Pauluse o ile a hlalosetsa baholo ba Efese hore ha a tsebe hore na o tla hlahelwa ke dikotsi dife ha a kgutlela Jerusalema. O ile a re ho bona: “Empa ha ke nke bophelo ba ka bo le bohlokwa, ke mpa feela ke batla ho qeta peiso ya ka le mosebetsi oo ke o filweng ke Morena Jesu wa ho bolella batho ditaba tse monate tsa mosa wa Modimo ka tsela e phethahetseng.” (Dik. 20:​24) Pauluse o ile a bontsha sebete ka hore a se ke a dumella eng kapa eng ebang ke ho kula kapa kganyetso e matla hore e mo thibele ho phetha mosebetsi wa hae.

17 Kajeno Bakreste le bona ba mamella mathata a sa tshwaneng. Ba bang ba thibetswe ke mebuso mme ba a hloriswa. Ba bang ba imetswe ka lebaka la ho kula mmeleng le ho ba le kgatello ya maikutlo. Batjha ba Bakreste bona ba tlasa kgatello ya dithaka sekolong. Ho sa tsotellehe hore Dipaki Tsa Jehova di boemong bofe, di tiile jwalo ka Pauluse. Di ikemiseditse “ho bolella batho ditaba tse monate.”

“Le Itebele le be le Lebele Mohlape Wohle” (Diketso 20:​25-38)

18. Pauluse o ile a etsang e le hore a se ke a ba le molato wa madi, hona baholo ba Efese ba ne ba ka mo etsisa jwang?

18 Ka mora moo, Pauluse o ile a sebedisa mohlala wa hae ha a eletsa baholo ba Efese a sa hlathe kwana le kwana. O ile a qala ka ho ba tsebisa hore ho ka etsahala hore ebe ba mo bona lekgetlo la ho qetela. Yaba o re: “Ha ke molato wa madi a mang kapa mang, hobane ha ke a ka ka le patela merero yohle ya Modimo.” Baholo ba Efese ba ne ba ka etsisa Pauluse jwang e le hore ba hloke molato wa madi? O ile a re ho bona: “Le itebele le be le lebele mohlape wohle oo moya o halalelang o le kgethetseng hore le o lebele le be le dise phutheho ya Modimo eo a e rekileng ka madi a Mora wa hae.” (Dik. 20:​26-28) Pauluse o ile a ba lemosa hore “diphiri tse sehloho” di ne di tla kena ho mohlape mme di ne di ‘tla sotha nnete ho kgelosa barutuwa hore ba di sale morao.’ Baholo ba lokela ho etsang? Pauluse o ile a ba lemosa a re: “Dulang le fadimehile mme le hopole hore ka dilemo tse tharo, bosiu le motshehare, ha ke a ka ka kgaotsa ho le eletsa kaofela. Ke ne ke bile ke lla ha ke ntse ke bua le lona.”​—Dik. 20:​29-31.

19. Ho ile ha hlaha bokwenehi bofe qetellong ya lekgolo la pele la dilemo mme bo ile ba hlahisa eng ha morao?

19 “Diphiri tse sehloho” di ile tsa hlahella ho elella qetellong ya lekgolo la pele la dilemo. Hoo e ka bang ka 98 C.E., moapostola Johanne o ile a re: “Le hona jwale ho se ho ena le bahanyetsi ba Kreste ba bangata . . . Ba ile ba ikarola ho rona hobane e se karolo ya rona. Hoja e ne e le karolo ya rona, ba ka be ba dutse le rona.” (1 Joh. 2:​18, 19) Lekgolong la boraro la dilemo bokwenehi bo ne bo hlahisitse sehlopha sa baruti ba bodumedi ba bohata mme lekgolong la bone la dilemo Moemphera Constantine o ile a amohela ka molao mofuta ona wa “Bokreste” o senyehileng. Ka sebele baetapele ba bodumedi ba ile ba ‘bua dintho tse sothehileng’ ka ho amohela meetlo ya bohetene le ho etsa hore e bonahale e le ya “Bokreste.” Diphello tsa bokwenehi boo di ntse di totobala dithutong le meetlong ya bodumedi ba bohata.

20, 21. Pauluse o ile a bontsha jwang hore o na le moya wa boitelo, hona kajeno baholo ba Bakreste ba ka mo etsisa jwang?

20 Bophelo ba Pauluse bo ne bo fapane hole le ba batho ba neng ba tla qhekella mohlape ha morao. O ne a itshwarela ka matsoho e le hore a se ke a imetsa phutheho. O ne a sa rera ho ithuisa ka dintho tseo a neng a di etsetsa badumedimmoho le yena. Pauluse o ile a phehella baholo ba Efese hore ba be le moya wa boitelo. O ile a re ho bona: “Le thuse batho ba hlokang thuso. Hape le hopole mantswe a Morena Jesu ha a re: ‘Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuwa.’”​—Dik. 20:35.

21 Kajeno baholo ba Bakreste ba etsisa Pauluse ka ho ba le moya wa ho itela. Ba fuweng boikarabelo ba ho ‘disa phutheho ya Modimo’ ba etsa mosebetsi wa bona ntle ho boithati mme ha ba tshwane le baruti ba bodumedi ba bohata ba ithuisang ka mohlape wa bona. Boikgohomoso le ho batla maemo a phahameng ha di amohelehe ka phuthehong ya Bakreste, hobane qetellong ba ‘ipatlelang thoriso’ ba ke ke ba atleha. (Diprov. 25:​27) Ho iketelletsa pele ho ka fella ka ho se hlomphehe.​—Diprov. 11:2.

Pauluse le bomphato ba hae ba palama sekepe. Baholo ba Efese ba lla le ho mo haka.

“Kaofela ha bona ba lla haholo.”​—Diketso 20:37

22. Keng se ileng sa etsa hore baholo ba Efese ba rate Pauluse?

22 Bara ba bo rona ba ne ba rata Pauluse hobane le yena o ne a ba rata. Ha e le hantle, ha a lokela ho tsamaya “kaofela ha bona ba [ile ba] lla haholo yaba ba haka Pauluse le ho mo suna.” (Dik. 20:​37, 38) Bakreste ba ananela le ho rata batho ba tshwanang le Pauluse ba itellang mohlape. Ha o se o hlahlobile mohlala o motle wa Pauluse, na hase nnete hore o ne a sa ithorise ebile a sa feteletse ditaba ha a re: “Ha ke molato wa madi a mang kapa mang”?​—Dik. 20:26.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng “Mangolo ao Pauluse a a Ngotseng ha a le Macedonia,” leqepheng lena.

b Mohlomong Pauluse o ile a ngola lengolo le yang ho Baroma ha a etetse Korinthe lekgetlong lena.

c Sheba lebokose la sehlooho se reng “Pauluse o Isa Monehelo Jerusalema.”

d Taba ya hore ebe Luka o ile a ikenyelletsa ho Diketso 20:​5, 6, e bontsha hore mohlomong o ile a boela a tsamaya le Pauluse ha a le Filipi ka mora hore Pauluse a mo siye moo ka nako e itseng.​—Dik. 16:​10-17, 40.

e Ba ile ba nka matsatsi a mahlano ho tloha Filipi ho ya Troase. E ka nna yaba ho ne ho ena le meya e matla hobane nakong e fetileng ba ile ba nka matsatsi a mabedi feela leetong lena.​—Dik. 16:11.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share