LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 19 maq. 148-155
  • “O se ke wa Tshaba, o Nne o Bue o sa Kgaotse”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “O se ke wa Tshaba, o Nne o Bue o sa Kgaotse”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ‘Ba ne ba Etsa Mosebetsi o Tshwanang wa ho Etsa Ditente’ (Diketso 18:​1-4)
  • “Bakorinthe ba Bangata . . . ba Dumela” (Diketso 18:​5-8)
  • “Ke sa na le Batho ba Bangata . . . Motseng Ona” (Diketso 18:​9-17)
  • “Haeba Jehova a Rata” (Diketso 18:​18-22)
  • “Ha ke Molato wa Madi a Mang Kapa Mang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 19 maq. 148-155

KGAOLO YA 19

“O se ke wa Tshaba, o Nne o Bue o sa Kgaotse”

Pauluse wa iphedisa empa o etelletsa tshebeletso ya hae pele

E Thehilwe ho Diketso 18:​1-22

1-3. Ke hobaneng ha moapostola Pauluse a tlile Korinthe, hona o tobana le diphephetso dife?

KE HOO e ka bang bofelong ba selemo sa 50 C.E. Moapostola Pauluse o Korinthe, e leng setsi sa kgwebo se atlehileng moruong seo Bagerike, Baroma le Bajuda ba bangata ba dulang ho sona.a Pauluse ha a tla mona bakeng sa ho reka kapa ho rekisa kapa ho batla mosebetsi. O tlile Korinthe ka lebaka la bohlokwa haholo e leng ho paka ka Mmuso wa Modimo. Le ha ho le jwalo, ho hlokahala hore Pauluse a fumane sebaka sa bodulo mme ha a ikemisetsa ho ba morwalo ho batho ba bang. Ha a batle hore mang kapa mang a nahane hore o ja ka lentswe la Modimo. O tla etsang?

2 Pauluse o tseba ho etsa ditente. Mosebetsi ona ha o bonolo empa o ikemiseditse ho iphedisa ka ho itshwarela ka matsoho. Na o tla fumana mosebetsi motseng oo o phetheselang? Na o tla fumana sebaka sa bodulo se setle? Le hoja Pauluse a tobane le diphephetso tsena, ha a lebale mosebetsi wa hae o ka sehloohong wa boboledi.

3 Pauluse o ile a dula Korinthe ka nakwana mme tshebeletso ya hae moo ya eba le diphello tse molemo. Re ka ithutang ho seo Pauluse a ileng a se etsa Korinthe, mme se re thusa jwang ho fana ka bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo tshimong ya rona?

KORINTHE​—E DIPAKENG TSA MAWATLE A MABEDI

Korinthe ya boholoholo e ne e le motjhophorong o pakeng tsa Greece le hlwahlwa e ka borwa, e leng Peloponnese. Motjhophoro ona o ne o le bophara ba dikhilomithara tse tsheletseng moo o sesefetseng ka ho fetisisa, ka hoo Korinthe e ne e ena le dikou tse pedi. Lechaeum e ne e le Koung ya Korinthe, e sebediswa ke dibaka tse ka bophirimela, e leng Italy, Sicili le Spain. Senkrea e ne e le Koung ya Saronic, e neng e sebediswa ke dikepe tse yang le tse tswang sebakeng sa Aegean, Asia Minor, Siria le Egepeta.

Ka ha dihlwahlwa tse ka borwa bo hole ho Peloponnese di ne di le kotsi ka lebaka la meya e matla, hangata basesisi ba ne ba rata ho emisa ho e nngwe ya dikou tse pedi tsa Korinthe, ebe ba tsamaisa thepa ya bona ka hara naha, ba ntano e laela hape koung e ka mose wane. Dikepe tse nyenyane di ne di bile di ka tsamaiswa motjhophorong ona ho sika le tselana e matsutlatsutla e tlohang lewatleng le leng ho ya ho le leng. Ka lebaka leo, sebaka seo motse ona o neng o le ho sona se ne se etsa hore o kgone ho laola kgwebo ya dikepe tse tswang dinaheng tse ka botjhabela le ka bophirimela, le kgwebo ya dinaha tse ka leboya le ka borwa. Kgwebo e matla e neng e etsahala Korinthe ha ya ka ya tlisa leruo feela empa e ile ya tlisa le dintho tse mpe tse tlwaelehileng dikoung tse ngata.

Mehleng ya moapostola Pauluse, Korinthe e ne e le motsemoholo wa profinse ya Roma ya Akaia, e bile e le setsi se seholo se sebetsanang le ditaba tsa puso. Bopaki ba hore ho ne ho ena le madumedi a fapafapaneng bo bonahala ka tempele ya borapedi ba moemphera, dibaka tsa borapedi le ditempele tse nehetsweng ho medimo e mengata ya Bagerike le Baegepeta, ha mmoho le ntlo ya thapelo ya Bajuda.​—Dik. 18:4.

Ditlhodisano tsa diatleletiki tse neng di tshwarelwa Isthmia ka mora dilemo tse ding le tse ding tse pedi di ne di nkwa e le tsa bohlokwa, empa tsa bohlokwa ka ho fetisisa e ne e le Dipapadi Tsa Diolimpiki. Mohlomong moapostola Pauluse o ne a le Korinthe nakong ya dipapadi tsa 51 C.E. Ke ka hoo dikishinari e nngwe ya Bibele e reng, “ha ho makatse hore ebe papiso ya pele e amanang le diatleletiki eo a e sebedisang e hlaha lengolong la Bakorinthe.”​—1 Bakor. 9:​24-27.

‘Ba ne ba Etsa Mosebetsi o Tshwanang wa ho Etsa Ditente’ (Diketso 18:​1-4)

4, 5. (a) Pauluse o ne a dula kae ha a le Korinthe, hona o ne a etsa mosebetsi wa mofuta ofe? (b) E ka nna yaba ho tlile jwang hore Pauluse a etse ditente?

4 Nakwana ka mora hore Pauluse a fihle Korinthe, o ile a teana le banyalani ba nang le moya wa ho amohela baeti e leng Akuila, eo e neng e le Mojuda le mosadi wa hae, Prisilla, kapa Priska. Banyalani bana ba ile ba fallela Korinthe hobane Moemphera Claudiase o ne a lelekile “Bajuda bohle Roma.” (Dik. 18:​1, 2) Akuila le Prisilla ba ile ba amohela Pauluse lehaeng la bona ba ba ba sebetsa le yena kgwebong. Bibele e re: “Ka ha [Pauluse] o ne a etsa mosebetsi o tshwanang le wa bona wa ho etsa ditente, a dula le bona mme ba sebetsa mmoho.” (Dik. 18:3) Pauluse o ile a tswela pele a dula lehaeng la banyalani bana ba lerato ha a ntse a bolela ditaba tse monate Korinthe. Ha Pauluse a ntse a dula le Akuila le Prisilla, e ka nna yaba o ile a ngola mangolo a mang ao ha morao e ileng ya eba karolo ya Bibele.b

5 Ho tlile jwang hore mosebetsi wa Pauluse, ya neng a “rutwa ke Gamaliele,” e be ho etsa ditente? (Dik. 22:3) Ka moo ho bonahalang ka teng Bajuda ba lekgolong la pele la dilemo ba ne ba sa nke hore ho ruta bana ba bona mosebetsi wa matsoho ke ho itlosa seriti, le ha bana bao ba ne ba rutehile. Mohlomong Pauluse o ile a ithuta mosebetsi ona a sa le monyenyane hobane o ne a tswa Tarsase, Silisia, sebakeng se neng se tsebahala ka ho etsa lesela la ditente le bitswang cilicium. Ditente di ne di etswa jwang? Mosebetsi ona o ne o ka nna wa akarelletsa ho ohla lesela le etsang ditente kapa ho seha le ho roka lesela le mahwashe le le thata. Ho salang ke hore e ne e le mosebetsi o boima.

6, 7. (a) Pauluse o ne a ikutlwa jwang ka mosebetsi wa ho etsa ditente, mme ke eng e bontshang hore Akuila le Prisilla ba ne ba ena le maikutlo a kang a hae? (b) Kajeno Bakreste ba latela mohlala wa Pauluse, Akuila le Prisilla ka tsela efe?

6 Pauluse o ne a sa nke hore ho etsa ditente ke mosebetsi wa hae o ka sehloohong. O ne a o etsa e le hore feela a ka iphedisa ha a ntse a bolela ditaba tse monate ‘a sa patadise’ batho. (2 Bakor. 11:7) Mosebetsi oo e ne e le wa bohlokwa hakae ho Akuila le Prisilla? Ka ha e ne e le Bakreste, ha ho pelaelo hore ba ne ba ena le maikutlo a kang a Pauluse ka wona. Ha e le hantle, ha Pauluse a tloha Korinthe ka 52 C.E., Akuila le Prisilla ba ile ba ya le yena Efese mme phutheho ya moo e ne e kopanela lapeng la bona. (1 Bakor. 16:​19) Ha morao, ba ile ba kgutlela Roma, ba ntano boela Efese. Banyalani bana ba tjhesehang ba ile ba etelletsa dintho tse amanang le Mmuso pele mme ba itella ba bang ka ho rata, e leng se ileng sa ananelwa ke “diphutheho tsohle tsa ditjhaba.”​—Bar. 16:​3-5; 2 Tim. 4:19.

7 Bakreste ba mehleng ena ba latela mohlala wa Pauluse, Akuila le Prisilla. Kajeno baboledi ba tjhesehang ba sebetsa ka thata e le hore ‘ba se ke ba imetsa’ ba bang. (1 Bathes. 2:9) Ho a babatseha hore baboledi ba Mmuso ba bangata ba sebeletsang ka nako e tletseng ba etsa mosebetsi wa nakwana hore ba kgone ho iphedisa tshebeletsong ya bona ya Bokreste. Jwalo ka Akuila le Prisilla, bahlanka ba Jehova ba bangata ba ratang baeti ba amohela balebedi ba potoloho malapeng a bona. Ba ‘Itlwaeditseng ho amohela baeti’ ba a tseba hore ho etsa jwalo ho a kgothatsa ebile ho a matlafatsa.​—Bar. 12:13.

MANGOLO A HALALELANG A ILENG A KGOTHATSA

Nakong ya dikgwedi tse 18 tseo moapostola Pauluse a di qetileng a le Korinthe, hoo e ka bang ka 50-52 C.E., o ile a ngola mangolo a ka bang mabedi e leng Bathesalonika ba Pele le ba Bobedi ao e ileng ya eba karolo ya Mangolo a Segerike a Bakreste. O ngotse lengolo le yang ho Bagalata nakong yona eo kapa nakwana ka mora moo.

Bathesalonika ba Pele ke le leng la mangolo a pele a halalelang a ngotsweng ke Pauluse. Pauluse o ile a etela Thesalonika hoo e ka bang ka 50 C.E., nakong ya leeto la hae la bobedi e le moromuwa. Ka mora nako e kgutshwanyane, phutheho e ileng ya thehwa moo e ile ya tobana le kganyetso e ileng ya qobella Pauluse le Silase hore ba tlohe motseng oo. (Dik. 17:​1-10, 13) Ka ha Pauluse o ne a tshwenyehile ka phutheho eo e sa tswa thehwa, o ile a leka ho kgutlela teng ka makgetlo a mabedi, empa “Satane a [mo] kwalla tsela.” Ka hoo o ile a romela Timothea hore a tshedise bara ba bo rona le ho ba matlafatsa. Ho ka etsahala hore ebe Timothea o ile a boela a sebetsa le Pauluse Korinthe ho ella bofelong ba selemo sa 50 C.E. mme a mo tlisetsa ditaba tse monate ka phutheho ya Thesalonika. Ka mora moo, Pauluse o ile a ngola lengolo lena.​—1 Bathes. 2:​17–3:7.

Ho ka etsahala hore Bathesalonika ba Bobedi e ngotswe nakwana ka mora lengolo la pele, mohlomong ka 51 C.E. Mangolong ana ka bobedi, Timothea le Silvanase (ya bitswang Silase ho Diketso) ba ile ba romela ditumediso tsa bona le tsa Pauluse, empa ha ho moo ho bontshwang hore ba ile ba boela ba sebetsa ha mmoho ha Pauluse a se a tlohile Korinthe. (Dik. 18:​5, 18; 1 Bathes. 1:1; 2 Bathes. 1:1) Ke hobaneng ha Pauluse a ile a ngola lengolo lee la bobedi? Ho bonahala eka o ne a utlwile ditaba tse ding tse amang phutheho ena, mohlomong a di utlwile ka motho ya neng a isitse lengolo la hae la pele. Ditaba tsena di ile tsa susumelletsa Pauluse hore a babatse bara ba bo rona ka lebaka la lerato le mamello ya bona, ha mmoho le ho bontsha hore pono ya Bathesalonika ba reng ho ba teng ha Morena ho atametse e fosahetse.​—2 Bathes. 1:​3-12; 2:​1, 2.

Lengolo leo Pauluse a le ngoletseng Bagalata le fana ka maikutlo a hore o ne a ba etetse ka makgetlo a ka bang mabedi pele a ba ngolla. Ka 47-48 C.E., Pauluse le Barnabase ba ile ba etela Antioke e Pisidia, Ikoniamo, Listra le Derbe, e leng dibaka tse profinseng ya Roma ya Galatia. Ka 49 C.E., Pauluse o ile a kgutlela sebakeng seo a ena le Silase. (Dik. 13:1–14:​23; 16:​1-6) Pauluse o ile a ngola lengolo lena hobane Batshehetsi ba Bodumedi ba Sejuda, ba fihlileng nakwana ka mora leeto la hae, ba ne ba ruta hore ho hlokahala hore Bakreste ba bolle mme ba boloke Molao wa Moshe. Ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a ngolla Bagalata hang feela ha a utlwela ka thuto ena e fosahetseng. E ka nna yaba o ile a ngola a le Korinthe, empa ho ka boela ha etsahala hore o ngotse a le Efese, ha a fapohetse teng nakong eo a kgutlelang Antioke ya Siria, kapa a ngola a le Antioke.​—Dik. 18:​18-23.

“Bakorinthe ba Bangata . . . ba Dumela” (Diketso 18:​5-8)

8, 9. Pauluse o ile a reng ha a hanyetswa haholo ha a ntse a pakela Bajuda ka matla, hona o ile a bolela ditaba tse monate kae ka mora moo?

8 Ha Silase le Timothea ba tswa Macedonia ba tlisitse matletsetletse a dimpho, ho ile ha hlaka hore Pauluse o ne a sa nke mosebetsi wa ho etsa ditente e le ntho e ka sehloohong. (2 Bakor. 11:9) Ntle ho tshenyo ya nako, Pauluse o ile “a qala ho tshwareha ka matla haholo ka lentswe [“a sebedisa nako yohle ya hae boboleding,” The Jerusalem Bible].” (Dik. 18:5) Le ha ho le jwalo, o ile a hanyetswa haholo ha a ntse a pakela Bajuda ka matla. Pauluse o ile a hlohlora diaparo tsa hae ho bontsha hore ha a na molato ha ba hana ho amohela molaetsa wa bophelo o buang ka Kreste, yaba o re ho Bajuda ba mo hanyetsang: “E se e le taba ya lona hore na le tla hlahelwa keng. Nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”​—Dik. 18:6; Ezek. 3:​18,19.

9 Jwale Pauluse o ne a tla bolela ditaba tse monate hokae? Monna ya bitswang Titiase Justase, eo mohlomong a neng a sokolohetse Bojudeng mme ntlo ya hae e le haufi le ntlo ya thapelo, o ile a amohela Pauluse lapeng la hae. Ka hoo Pauluse o ile a tloha ntlong ya thapelo mme a kena ka tlung ya Justase. (Dik. 18:7) Pauluse o ile a tswela pele a dula ha Akuila le Prisilla ha a ntse a le Korinthe, empa a ntshetsa mosebetsi wa hae wa boboledi pele a le ntlong ya Justase.

10. Ke eng e bontshang hore Pauluse o ne a sa ikemisetsa ho bolela ditaba tse monate ho batho ba ditjhaba feela?

10 Na ha Pauluse a re o se a tla ya bathong ba ditjhaba o ne a bolela hore ha a sa tla pakela Bajuda bohle le ba sokolohetseng Bojudeng, ha mmoho le batho ba thahasellang? Le hanyenyane. Ka mohlala, “Krispase molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo a dumela ho Morena ha mmoho le bohle ba lelapa la hae.” Ka moo ho bonahalang ka teng, bongata ba bo mphato ba hae Krispase ntlong ya thapelo ba ile ba mo latela, hobane Bibele e re: “Bakorinthe ba bangata ba ileng ba utlwa lentswe le bona ba dumela mme ba kolobetswa.” (Dik. 18:8) Ka hoo phutheho ya Bakreste ya Korinthe e sa tswa thehwa e ne e kopanela ntlong ya Titiase Justase. Haeba buka ya Diketso e ngotswe ka mokgwa oo Luka a neng a rata ho beha ditaba ka wona, e leng ho ngola diketsahalo ka tatellano eo di etsahetseng ka yona, jwale Bajuda kapa basokolohi bao ba sokolohile ka mora hore Pauluse a hlohlore diaparo tsa hae. Ka lebaka leo, ketsahalo ena e tla be e bontsha ka ho hlaka hore moapostola Pauluse o ne a ikemiseditse ho ikamahanya le maemo.

11. Kajeno Dipaki Tsa Jehova di etsisa Pauluse jwang ha di ntse di leka ho bolella batho ba Bokreste mmotwana ditaba tse monate?

11 Dinaheng tse ngata kajeno, dikereke tsa Bokreste mmotwana di itsetsepetse mme di tshwaretse ditho tsa tsona haufi. Dikarolong tse ding tsa lefatshe, baruti ba Bokreste mmotwana ba sokolotse batho ba bangata. Hangata batho ba ipitsang Bakreste ba sa ntse ba kgomaretse meetlo jwalo ka Bajuda ba Korinthe ya lekgolong la pele la dilemo. Ho sa tsotellehe seo, rona Dipaki Tsa Jehova re etsisa Pauluse ka ho bolella batho ba jwalo molaetsa ka tjheseho, re ba thusa ho tjhorisa tsebo ya Mangolo eo e ka nnang yaba ba se ba ntse ba ena le yona. Esita le ha ba re hanyetsa kapa baetapele ba bona ba bodumedi ba re hlorisa, ha re nyahame. Hara batho ba ‘tjhesehelang Modimo empa eseng ho ya ka tsebo e nepahetseng,’ e ka nna yaba ho na le ba bangata ba bonolo bao ho hlokahalang hore re ba batle ho fihlela re ba fumana.​—Bar. 10:2.

“Ke sa na le Batho ba Bangata . . . Motseng Ona” (Diketso 18:​9-17)

12. Pauluse o ile a tiisetswa eng ponong?

12 Haeba Pauluse o ne a ipotsa hore na a tswele pele ka tshebeletso ya hae Korinthe, e tlameha ebe dipelaelo tsa hae di ile tsa fela ha Morena Jesu a hlaha ho yena ponong mme a re: “O se ke wa tshaba, o nne o bue o sa kgaotse ka ha ke na le wena. Ha ho motho ya tla o hlasela ebe o o ntsha kotsi. Ke sa na le batho ba bangata bao e tla ba barutuwa motseng ona.” (Dik. 18:​9, 10) Ruri e ne e le pono e kgothatsang. Morena o ile a kgodisa Pauluse hore a ke ke a ntshwa kotsi le hore ho sa ntse ho ena le batho ba bangata ba tshwanelehang motseng oo. Pauluse o ile a etsang ka mora ho bona pono eo? Bibele e re: “A dula moo selemo le dikgwedi tse tsheletseng, a ruta lentswe la Modimo.”​—Dik. 18:11.

13. E ka nna yaba Pauluse o ile a hopola ketsahalo efe ha a atamela setulo sa kahlolo, empa ke hobaneng ha a ne a ka lebella hore seo se ke ke sa mo etsahalla?

13 Ka mora hore Pauluse a qete nako e ka etsang selemo a le Korinthe, o ile a fumana bopaki bo bong ba hore Morena o mo tsheheditse. “Bajuda ba hlasela Pauluse mme ba mo isa setulong sa kahlolo,” se bitswang beʹma. (Dik. 18:​12) Ba bang ba nahana hore setulo sena sa kahlolo e ne e le setupu se phahameng se entsweng ka lejwe la mmabole o nang le mmala o moputswa le o mosweu le tletseng mekgabiso e betlilweng, mme e ka nna yaba se ne se hahilwe ho ella kgubung ya mmaraka wa Korinthe. Batho ba bangata ba ne ba ka fella lebaleng le ka pela sona. Dintho tsa kgale tse epolotsweng di bontsha hore setulo seo sa kahlolo se ne se se hole hakaalo le ntlo ya thapelo le ntlo ya Justase. Ha Pauluse a atamela ho sona, e ka nna yaba o ile a hopola ka moo Setefane, eo ka dinako tse ding ho thweng ke yena moshwela tumelo wa pele wa Mokreste, a ileng a tlepetswa ka majwe ka teng. Pauluse, ya neng a tsejwa e le Saule ka nako eo, o ne a ile a “dumellana le hore Setefane a bolawe.” (Dik. 8:1) Na le yena o ne a tla etsahallwa ke ntho e tshwanang? Ha ho jwalo, hobane o ne a fuwe tshepiso e reng: “Ha ho motho ya tla . . . o ntsha kotsi.”​—Dik. 18:10.

Galio o qhala nyewe ya Pauluse ka pela baqosi ba hae ba lolomang ke bohale. Masole a Baroma a leka ho laola banna ba halefileng.

’Yaba o ba leleka setulong sa kahlolo.’—Diketso 18:16

14, 15. (a) Bajuda ba ile ba reng ha ba qosa Pauluse, hona ke hobaneng ha Galio a ile a qhala nyewe eo? (b) Keng se ileng sa etsahalla Sosthene, hona e ka nna yaba o ile a etsang?

14 Ho ile ha etsahalang ha Pauluse a fihla setulong sa kahlolo? Ka nako eo maseterata e ne e le motsamaisi wa profinse ya Akaia, ya bitswang Galio e leng moholwane wa rafilosofi wa Moroma ya bitswang Seneca. Bajuda ba ile ba qosa Pauluse mme ba re: “Monna enwa o susumeletsa batho hore ba rapele Modimo ka tsela e hananang le molao.” (Dik. 18:​13) Bajuda ba ne ba fana ka maikutlo a hore Pauluse o tlola molao ha a sokolla batho. Le ha ho le jwalo, Galio o ile a hlokomela hore Pauluse ha a etsa “phoso” mme ha a na molato wa ho ‘tlola molao.’ (Dik. 18:​14) Galio o ne a sa ikemisetsa ho itshunyatshunya ditsekisanong tsa Bajuda. Le pele Pauluse a ahlamisa molomo ho ikemela, Galio o ile a qhala nyewe eo! Baqosi ba hae ba ne ba loloma ke bohale. Ba ile ba ntshetsa bohloko ho Sosthene, eo mohlomong a neng a nkile sebaka sa Krispase sa ho ba molaodi ya okamelang wa ntlo ya thapelo. Ba ile ba tshwara Sosthene “yaba ba mo otlela hona moo ka pela setulo sa kahlolo.”​—Dik. 18:17.

15 Ke hobaneng ha Galio a sa ka a thibela bongata ho otla Sosthene? Mohlomong o ne a nahana hore Sosthene ke yena moetapele wa mokgopi o neng o lwantsha Pauluse mme o kotula seo a se jetseng. Ho sa tsotellehe hore na ho jwalo kapa tjhe, ho bonahala eka sena se bile le phello e molemo. Lengolong la pele leo Pauluse a ileng a le ngolla phutheho ya Korinthe ka mora dilemo tse mmalwa, o ile a bua ka morabo rona ya bitswang Sosthene. (1 Bakor. 1:​1, 2) Na e ne e le yena Sosthene ya ileng a otlwa Korinthe? Haeba ho jwalo, e ka nna yaba ho otlwa hoo ho ile ha mo thusa hore e be Mokreste.

16. Mantswe a Morena a reng, “o nne o bue o sa kgaotse ka ha ke na le wena,” a re ama jwang tshebeletsong ya rona?

16 Hopola hore ka mora hore Bajuda ba se ke ba amohela ditaba tse monate tseo Pauluse a ba bolellang tsona, Morena Jesu o ile a kgodisa Pauluse, a re: “O se ke wa tshaba, o nne o bue o sa kgaotse ka ha ke na le wena.” (Dik. 18:​9, 10) Re lokela ho hopola mantswe ao, haholoholo ha batho ba sa amohele molaetsa wa rona. Le ka mohla o se ke wa lebala hore Jehova o tseba se ka pelong mme o hulela batho ba dipelo di ntle ho yena. (1 Sam. 16:7; Joh. 6:​44) Eo ke kgothatso e matla hakaakang ya hore re tswele pele re tshwarehile tshebeletsong! Selemo le selemo ho kolobetswa batho ba makgolo a dikete, ba makgolo ka letsatsi. Jesu o fana ka tiiso ena ho bohle ba mamelang taelo ya hore ba “etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa,” o re: “Ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela lefatshe le fela.”​—Mat. 28:​19, 20.

“Haeba Jehova a Rata” (Diketso 18:​18-22)

17, 18. E ka nna yaba Pauluse o ne a thuisa ka eng ha a le ka sekepeng se yang Efese?

17 Re ke ke ra tiisa hore na tsela eo Galio a neng a ikutlwa ka yona ka baqosi ba Pauluse e ile ya etsa hore phutheho ya Bakreste ya Korinthe e sa tswa thehwa e be le kgotso kapa tjhe. Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a dula “matsatsi a mangatanyana” pele a re bara ba bo rona ba Korinthe ba sale hantle. Nakong ya selemo ka 52 C.E., o ile a lokisetsa ho ya Siria ka sekepe a tloha Senkrea, e bohole ba dikhilomithara tse ka bang 11 ka botjhabela ho Korinthe. Le ha ho le jwalo, pele Pauluse a tloha Senkrea, “a kuta moriri wa hae ka ha o ne a etseditse Modimo kano.”c (Dik. 18:​18) Ka mora moo, o ile a tsamaya le Akuila le Prisilla yaba o tshela Lewatle la Aegean mme o ya Efese, Asia Minor.

18 Ha Pauluse a tloha Senkrea ka sekepe, mohlomong o ne a ntse a thuisa ka se etsahetseng ha a le Korinthe. Ho bile le dintho tse ngata tse mo thabisitseng mme o ne a ikutlwa a kgotsofetse. Ho bile le diphello tse molemo dikgweding tse 18 tseo a di qetileng moo a bolela ditaba tse monate. Ho ne ho thehilwe phutheho ya pele Korinthe mme e kopanela ntlong ya Justase. Ba bang bao e ileng ya eba badumedi ke Justase, Krispase le ba ntlo ya hae, le ba bang ba bangata. Pauluse o ne a rata badumedi bao ba batjha haholo, hobane ke yena ya neng a ba thusitse hore e be Bakreste. Ha morao o ile a ba ngolla mme a re ke lengolo le mo buellang le ngotsweng pelong ya hae. Le rona re ba le kamano e haufi le batho bao re bileng le monyetla wa ho ba thusa hore e be barapedi ba nnete. Ruri ho a kgotsofatsa ho bona “mangolo [a jwalo] a re buellang”!​—2 Bakor. 3:​1-3.

19, 20. Pauluse o ile a etsang ha a fihla Efese, hona mohlala wa hae o re rutang mabapi le ho hahamalla dintho tseo a batlang ho di etsetsa Jehova?

19 Ha Pauluse a fihla Efese, o ile a wela kgabong hanghang. O ile a “ya ntlong ya thapelo. A thusa Bajuda ho utlwisisa Mangolo.” (Dik. 18:​19) Lekgetlong leo Pauluse o ile a dula nako e kgutshwanyane Efese. Le hoja a ile a koptjwa hore a dule nako e teletsana, ‘empa o ile a hana.’ Ha a sadisa Baefese hantle, o ile a re: “Ke tla le etela hape haeba Jehova a rata.” (Dik. 18:​20, 21) Ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a hlokomela hore ho na le mosebetsi o mongata wa ho bolela ditaba tse monate o sa ntseng o lokela ho etswa Efese. O ne a batla ho kgutla, empa a tlohela dintho matsohong a Jehova. Na hase mohlala o motle oo re lokelang ho dula re o hopola? Ha re hahamalla dintho tseo re batlang ho di e tsetsa Jehova, ho hlokahala hore re nke kgato. Le ha ho le jwalo, ka dinako tsohle re tlameha ho itshetleha ka tataiso ya Jehova mme re Ikitlaelletse ho etsa dintho tse dumellanang le thato ya hae.​—Jak. 4:15.

20 Pauluse o ile a siya Akuila le Prisilla Efese mme a tsamaya ka sekepe a ntano theohela Sesarea. Ka moo ho bonahalang ka teng, o ile a nyolohela Jerusalema mme a dumedisa phutheho ya moo. (Sheba study note ho Dik. 18:​22 Bibeleng ya Senyesemane) Ka mora moo a kgutlela hae Antioke ya Siria. Leeto la hae la bobedi e le moromuwa le ile la fela ha monate. O tla tobana le eng leetong la hae la ho qetela e le moromuwa?

BOITLAMO BA PAULUSE

Diketso 18:​18 e re ha Pauluse a ntse a le Senkrea, ‘o ile a kuta moriri wa hlooho ya hae, ka ha o ne a ena le boitlamo.’ E ne e le boitlamo ba mofuta ofe?

Ka tlwaelo, boitlamo ke kano eo motho a e etsang ka boithatelo ho Modimo ya hore o tla etsa ketso e itseng, a fane ka nyehelo e itseng kapa a phethe molao o itseng. Ba bang ba nahana hore Pauluse o ile a kuta moriri e le ho phethahatsa kano ya hae ya Bonazari. Empa, re lokela ho hlokomela hore ho ya ka Mangolo, ha Monazari a qeta tshebeletso e kgethehileng ho Jehova, o ne a lokela ho kutela moriri wa hae “monyako wa tente ya pokano.” Ka moo ho bonahalang ka teng, molao o jwalo o ne o ka phethwa Jerusalema feela, eseng Senkrea.​—Num. 6:​5, 18.

Buka ya Diketso ha e bue letho ka hore Pauluse o entse boitlamo bona neng. E ka nna yaba o ne a bo entse pele e eba Mokreste. Ebile ha e re letho ka hore Pauluse o ile a kopa ntho e kgethehileng ho Jehova. Buka e nngwe e re e ka nna yaba ha Pauluse a kuta moriri e ne e le “pontsho ya hore o leboha Modimo ha a mo sireleditse, e leng sona se mo thusitseng ho phetha tshebeletso ya hae Korinthe.”

a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Korinthe​—E Dipakeng Tsa Mawatle a Mabedi.”

b Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Mangolo a Halalelang a Ileng a Kgothatsa.”

c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Boitlamo ba Pauluse.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share