LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 101 leq. 234-leq. 235 ser. 4
  • Pauluse o Iswa Roma

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Pauluse o Iswa Roma
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Eba Sebete Hobane Jehova o Tla o Thusa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • “Ha ho Motho ya Tla Shwa”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • “Ke Ipiletsa ho Sesare!”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Tse Ding
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 101 leq. 234-leq. 235 ser. 4
Pauluse le ba bang ba a sesa, ha ba bang ba itshwarella ka dikotwana tsa sekepe se robehileng ho leba lebopong la Malta

THUTO YA 101

Pauluse o Iswa Roma

Ha Pauluse a fihla Jerusalema, o ile a tshwarwa mme a lahlelwa teronkong. Leeto la hae la boraro la ho ruta batho ditaba tse monate le ile la fella moo. Jesu a hlaha ho yena torong, a re: ‘O tla ya Roma o yo ruta batho moo.’ Pauluse o ile a tloswa Jerusalema a iswa Sesarea, moo a qetileng dilemo tse pedi teronkong. Ha a le ka pela Mmusisi Festase, Pauluse o ile a kopa ho ahlolwa ke Sesare, Roma. Festase a re: “O ipileditse ho Sesare, o tla ya ho Sesare.” Pauluse a iswa Roma ka sekepe mme a tsamaya le badumedimmoho le yena ba bitswang Luka le Aristakase.

Ha ba ntse ba tsamaya ka sekepe, lewatle le ile la befa hoo ba neng ba bona hantle hore ba tlo shwa. Empa Pauluse a bolella banna ba ka sekepeng hore lengeloi le itse ho yena a se ke a tshoha, ba tla fihla Roma ba ntse ba phela.

Lewatle le ile la befa ka matsatsi a 14 ho fihlela ba bona sehlekehleke sa Malta. Sekepe se ile sa kgitla fatshe mme sa robeha dikotwana. Empa banna bohle ba 276 ba neng ba le ka sekepeng ba pholoha. Ba bang ba ile ba sesa ha ba bang ba itshwarella ka dikotwana tsa sekepe ho ya lebopong. Baahi ba Malta ba ile ba ba hlokomela mme ba ba besetsa mollo hore ba futhumale.

Ka mora dikgwedi tse tharo, masole a palamisa Pauluse sekepeng se yang Roma. Ha a fihla, badumedimmoho le yena ba ile ba mo kgahlanyetsa. Eitse ha a ba bona, Pauluse a leboha Jehova mme a matlafala. Le hoja Pauluse a ne a tshwerwe, o ne a dumelletswe ho dula ntlong e katilweng ke lesole. O ile a dula moo dilemo tse pedi. Ha batho ba tlo mo bona, o ne a ba ruta ka Mmuso wa Modimo le ka Jesu. Pauluse o ile a ngolla diphutheho tsa Asia Minor le Judea mangolo. Ka nnete Jehova o ile a sebedisa Pauluse hore a rute batho ditaba tse monate ditjhabeng tsohle.

“Re a bontsha hore re basebeletsi ba Modimo ka ditsela tsohle. Re mameletse dintho tse ngata, matshwenyeho, ho hloka le mathata.”​—2 Bakorinthe 6:4

Dipotso: Ke hobaneng ha Festase a ile a isa Pauluse Roma? Ho ile ha etsahalang ka Pauluse ha a iswa Roma?

Diketso 21:​30; 23:​11; 25:​8-12; 27:1–28:​31; Baroma 15:​25, 26

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share