LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 25 maq. 196-202
  • “Ke Ipiletsa ho Sesare!”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Ke Ipiletsa ho Sesare!”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “Ke Eme ka Pela Setulo sa Kahlolo” (Diketso 25:​1-12)
  • “Ke Ile ka Mamela Ditaelo” (Diketso 25:​13–26:23)
  • “O ka Ntshusumeletsa ho ba Mokreste” (Diketso 26:​24-32)
  • Eba Sebete Hobane Jehova o Tla o Thusa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Pauluse o Iswa Roma
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • “Lentswe la Jehova la Nna la Tsebahala”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 25 maq. 196-202

KGAOLO YA 25

“Ke Ipiletsa ho Sesare”

Pauluse o beha mohlala o motle wa ho sireletsa ditaba tse monate

E Thehilwe ho Diketso 25:1–26:32

1, 2. (a) Pauluse o boemong bofe? (b) Ho ipiletsa ha Pauluse ho Sesare ho hlahisa potso efe?

PAULUSE o sa ntse a lebetswe ka thata Sesarea. Dilemo tse pedi pele ho moo ha a kgutlela Judea, ka mora matsatsi a seng makae feela Bajuda ba ile ba leka ka makgetlo a ka bang mararo hore ba mo bolaye. (Dik. 21:​27-36; 23:​10, 12-15, 27) Ho fihlela jwale, dira tsa hae di hlolehile empa ha di tele. Ha Pauluse a hlokomela hore o sa ntse a ka wela diatleng tsa bona, o re ho Mmusisi wa Moroma Festase: “Ke ipiletsa ho Sesare.”​—Dik. 25:11.

2 Na Jehova o ile a tshehetsa qeto ya Pauluse ya ho ipiletsa ho moemphera eo wa Roma? Ke habohlokwa hore re tsebe karabo ya potso ena, ka ha re fana ka bopaki bo hlakileng ka mmuso wa modimo mehleng ena ya bofelo. Re tlameha ho tseba hore na re lokela ho latela mohlala wa Pauluse ha re “sebedisa molao ho fumana tokelo ya ho bolela ditaba tse monate.”​—Bafil. 1:7.

“Ke Eme ka Pela Setulo sa Kahlolo” (Diketso 25:​1-12)

3, 4. (a) Ke hobaneng ha Bajuda ba ile ba kopa hore Pauluse a tliswe Jerusalema mme o ile a phonyoha lefu jwang? (b) Jehova o tshehetsa bahlanka ba hae jwang kajeno, jwalo ka ha a ile a tshehetsa Pauluse?

3 Matsatsi a mararo ka mora hore Festase mmusisi e motjha wa Moroma wa Judea a qale ho busa, o ile a ya Jerusalema.a Ha a le moo o ile a mamela ha baprista ba ka sehloohong le banna ba ka sehloohong ba Bajuda, ba qosa Pauluse ka hore o entse tlolo e mpe ya molao. Ba ne ba tseba hore mmusisi eo e motjha o tlamehile hore a bope kgotso le bona hammoho le Bajuda kaofela. Yaba ba kopa hore Festase a ba etsetse mosa, ba re: Tlisa Pauluse Jerusalema mme nyewe ya hae e tshwarelwe teng. Le ha ho le jwalo, ba ne ba rerile bolotsana. Dira tseo di ne di entse mmommori wa ho bolaya Pauluse ha a tloha Sesarea a eya Jerusalema. Festase o ile a hana a re: “Ereng baetapele ba lona ba tsamaye le nna ba yo mo qosa haeba ehlile ho ena le ntho e phoso eo a e entseng.” (Dik. 25:5) Ka lebaka leo, le lekgetlong lena Pauluse o ile a phonyoha lefu.

4 Jehova o ile a sebedisa Jesu Kreste ho matlafatsa Pauluse ditekong tsohle tsa hae. Hopola hore Jesu o ile a re ho Pauluse ponong: “Eba sebete.” (Dik. 23:​11) Kajeno bahlanka ba Modimo ba tobana le mathata le mahloriso. Jehova ha a etse hore mathata ohle a re pote ka thoko empa o re fa bohlale le matla a ho a mamella. Re ka kgodiseha hore Modimo wa rona ya lerato o tla re fa “matla a sa tlwaelehang” ha re a hloka.​—2 Bakor. 4:7.

5. Festase o ile a sebetsa nyewe ya Pauluse jwang?

5 Matsatsi a seng makae ha morao, Festase o ile “a dula setulong sa kahlolo” Sesarea.b Pauluse le baqosi ba hae ba ne ba eme ka pela Festase. Pauluse o ile a araba diqoso tsa bona tse sa utlwahaleng ka ho re: “Ha ke a tlola Molao wa Bajuda kapa wa tempele ebile ha ke a sitelwa Sesare.” Pauluse o ne a se na molato mme o ne a lokela ho lokollwa. Festase o ne a tla etsa qeto efe? Ka ha o ne a batla ho iqekisetsa ho Bajuda, o ile a botsa Pauluse a re: “Na o batla ho ya Jerusalema o yo ahlolelwa dintho tsee o le hona teng?” (Dik. 25:​6-9) Potso ena e ne e sa utlwahale e le ka nnete. Ha Pauluse a ne a ka iswa Jerusalema, o ne a tla ahlolwa ke batho ba mo qosang mme ho ne ho tla be ho fedile ka yena. Lekgetlong lena, Festase o ne a batla ho ipeha ka botleng dipolotiking ho ena le ho sebedisa toka. Mmusisi wa pele ho yena e leng Ponse Pilato, o ile a etsa se tshwanang nyeweng ya Jesu. (Joh. 19:​12-16) Baahlodi ba kajeno le bona ba ka nna ba etsa diqeto tse hlokang toka e le ho iqekisetsa ho batho ba itseng. Ka lebaka leo, ha re a lokela ho makala ha makgotla a etsa diqeto tse hlokang toka dinyeweng tsa batho ba Modimo.

6, 7. Ke hobaneng ha Pauluse a ile a ipiletsa ho Sesare, hona o behetse Bakreste ba nnete mohlala ofe kajeno?

6 Festase o batlile a beha bophelo ba Pauluse kotsing hobane feela a batla ho iqekisetsa ho Bajuda. Ka hoo, Pauluse o ile a sebedisa tokelo ya hae e le moahi wa Roma. O ile a re ho Festase: “Ke eme ka pela setulo sa kahlolo sa Sesare moo ke tshwanelang ho ahlolelwa teng. Le wena o a bona hore ha ke a fosetsa Bajuda. . . . Ke ipiletsa ho Sesare.” Hangata ha motho a itse o ipiletsa ho Sesare, ho ne ho se motho ya ka mo hanelang. Festase o ile a totobatsa ntlha ena a re: “Ka ha o ipileditse ho Sesare, o tla ya ho Sesare.” (Dik. 25:​10-12) Pauluse o behetse Bakreste ba nnete kajeno mohlala ka ho ipiletsa ho ba nang le matla a phahameng molaong. Ha bahanyetsi ba leka ho “baka mathata ka ho loha mano, ba etsa eka ba latela molao,” Dipaki Tsa Jehova di sebedisa molao ho sireletsa ditaba tse monate.c​—Pes. 94:20.

7 Ka lebaka leo, ka mora hore Pauluse a tshwarwe dilemo tse fetang tse pedi bakeng sa ditlolo tseo a sa di etsang, o ile a fuwa monyetla wa hore a ipuelle Roma. Le ha ho le jwalo, ho na le mmusi ya neng a batla ho mo bona pele a tsamaya.

Maikutlo ke a fapaneng kgotla ka mora kahlolo e qetang ho dihwa. Morabo rona o na le mmuelli wa hae le Dipaki tse ding mme ba utlwile bohloko. Batho bao eseng Dipaki bona ba thabile ebile ba lebohisa baqosi ba morabo rona ka hore ba hlotse nyewe.

Re ipiletsa makgotleng ha re ahlolwa ka tsela e hlokang toka

“Ke Ile ka Mamela Ditaelo” (Diketso 25:​13–26:23)

8, 9. Ke hobaneng ha Morena Agripa a ile a etela Sesarea?

8 Matsatsi a seng makae ka mora hore Festase a mamele boipiletso ba Pauluse ho Sesare, Morena Agripa le kgaitsedi ya hae Bernise ba ile ba nka leeto “ho tla dumedisa” mmusisi eo e motjha.d Mehleng ya puso ya Roma, ho ne ho tlwaelehile hore bahlanka ba mmuso ba etele babusisi ba sa tswa kgethwa. Ha ho pelaelo hore ha Agripa a thoholetsa Festase ka ho kgethwa ha hae, o ne a leka ho tiisa maqhama le yena, a ipulela dikgoro.​—Dik. 25:13.

HO IPILETSA MAKGOTLENG MOLEMONG WA BORAPEDI BA NNETE MEHLENG YA KAJENO

Ka dinako tse ding Dipaki Tsa Jehova di nnile tsa ipiletsa makgotleng a phahameng ka morero wa hore ho tloswe dithibelo tse entsweng mosebetsing wa tsona wa ho bolela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo. Mehlala e mmedi ke ena.

Ka la 28 March, 1938, Lekgotla le Phahameng la United States le ile la etsa qeto ya hore lekgotla la Georgia, U.S.A. le ne le fositse ka ho tshwara sehlopha sa Dipaki tse neng di aba dingolwa tsa Bibele toropong ya Griffin, hobane di ne di sa etse tlolo ya molao. Lena e ne e le lekgetlo la pele ho a mangata a ileng a latela, moo Dipaki di ileng tsa ipiletsa lekgotleng leo le phahameng mabapi le tokelo ya tsona ya ho bolela ditaba tse monate.g

Nyewe e nngwe e neng e amana le Dipaki Tsa Jehova e ne e le morabo rona Minos Kokkinakis wa Greece. O ile a tshwarwa ka makgetlo a fetang 60 dilemong tse 48 hobane ho thwe o “sokolla batho.” O ile a qoswa ka makgetlo a 18. A qeta dilemo a le tjhankaneng ebile e le motlamuwa dihlekehlekeng tse hole tsa Lewatle la Aegean. Lekgetlo la ho qetela leo morabo rona Kokkinakis a ileng a fumanwa a le molato e ne e le ka ka 1986 mme boipiletso ba hae makgotleng a phahameng a Greece bo ile ba hloleha. Yaba o kopa thuso Lekgotleng la Europe la Ditokelo Tsa Botho (ECHR). Ka la 25 May, 1993, Lekgotla leo le ile la diha kahlolo ya hore Greece e hataketse tokelo ya bodumedi ya morabo rona Kokkinakis.

Dipaki Tsa Jehova di nnile tsa ipiletsa lekgotleng la ECHR dinyeweng tseo di neng di qoswa ho tsona mme di ile tsa hlola tse ngata. Ha ho mokgatlo o mong, ebang ke wa bodumedi kapa tjhe, o kgonneng ho sireletsa ditokelo tsa mantlha tsa botho ka pela ECHR.

Na batho ba bang ba rua molemo dinyeweng tseo Dipaki Tsa Jehova di di hlotseng? Setsebi se bitswang Charles C. Haynes se ile sa re: “Kaofela ha rona re lokela ho leboha Dipaki Tsa Jehova. Ho sa tsotellehe makgetlo a mangata ao ka wona di rohakilweng, di lelekilweng motseng kapa di hlasetsweng, di tswela pele ho lwanela bolokolohi ba tsona ba bodumedi (le ba rona) mme ha di hlola, bohle re a hlola.”

g Sheba Tsoha! ya January 8, 2003, leqepheng la 3-11 ho bala ka qeto ya Lekgotla le Phahameng la United States mabapi le tokelo ya ho bua ka bolokolohi.

9 Festase o ile a bolella Morena Agripa ka Pauluse mme morena a re a ka thabela ho utlwa seo Pauluse a se buang. Letsatsing le hlahlamang babusi bao ba babedi ba ile ba dula setulong sa kahlolo. Empa makoko le matla a bona e le babusi ha a ka a ipiletsa ho feta mantswe ao motshwaruwa ya ka pela bona a neng a tla tloha a a bua.​—Dik. 25:​22-27.

10, 11. Pauluse o ile a bontsha jwang hore o hlompha Agripa, hona Pauluse o ile a mo hlalosetsa dintlha dife tse amanang le bophelo ba hae ba nakong e fetileng?

10 Ka tlhompho Pauluse o ile a leboha Morena Agripa ka monyetla wa ho ipuella ka pela hae. O ile a re morena ke setsebi sa meetlo le dikgang tsohle tsa Bajuda. Yaba Pauluse o hlalosa bophelo ba hae ba nakong e fetileng. O ile a re: “Ke ne ke le hara lequlwana la Bafarisi e leng lequlwana le phethang Melao ya lona ka botlalo ho feta Bajuda ba bang.” (Dik. 26:5) Ka ha Pauluse e ne e le Mofarisi, o ne a ena le tshepo ya hore Mesia o tla tla. Ha e se e le Mokreste, ka sebete o ile a tsebahatsa hore Jesu Kreste ke yena eo e neng e le kgale a lebeletswe. Ka hoo baqosi ba Pauluse ba ne ba dumela hore Mesia o tla tla empa ba ile ba mo qosetsa ho paka ka hore Mesia eo ya neng a tla tla e ne e le Jesu. Sena se ile sa etsa hore Agripa a labalabele haholwanyane ho utlwa seo Pauluse a se buang.e

11 Ha Pauluse a hopola ka moo a neng a sotla Bakreste ka teng, o ile a re: “Le nna ke ne ke nahana hore ho nepahetse ho lwantsha mang kapa mang ya rutang ka lebitso la Jesu wa Monazaretha. . . . Ke ne ke ba halefetse hoo ke neng ke ba hlorisa le metseng e meng.” (Dik. 26:​9-11) Pauluse o ne a sa feteletse ditaba. Batho ba bangata ba ne ba tseba ka moo a ileng a sotla Bakreste ka teng. (Bagal. 1:​13, 23) E ka nna yaba Agripa o ne a ipotsa hore na motho ya jwalo o fetotswe ke eng.

12, 13. (a) Pauluse o hlalositse ho sokoloha ha hae jwang? (b) Pauluse o ne a ntse a “raha ditsenene” jwang?

12 Agripa o ile a fumana karabo ha Pauluse a tswela pele a re: “Ke ne ke eya Damaseka ke fuwe matla le taelo ya ho etsa jwalo ke baprista ba baholo. Jwale Morena, hara mpa ya motshehare ha ke le tseleng, ka bona kganya e fetang ya letsatsi e tswang lehodimong e mpotoloha le batho bao ke neng ke tsamaya le bona. Ra wela fatshe kaofela yaba ke utlwa lentswe le re ho nna ka puo ya Seheberu: ‘Saule, Saule, ekaba o ntlhorisetsang? O ithatafaletsa bophelo ka ho ntwantsha.’ Ka re: ‘O mang Morena?’ Yaba o re: ‘Ke nna Jesu eo o mo hlorisang.’ ”f​—Dik. 26:​12-15.

13 Pele Pauluse a bona pono ena ya mohlolo, ka tsela ya tshwantshetso o ne a ntse a “raha ditsenene.” Jwalo ka ha pelesa e ne e ka intsha kotsi ka ho raha tsenene, Pauluse o ne a senya kamano ya hae le Modimo ha a ne a sitisa thato ya Modimo hore e phethahale. Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a hlaha ho Pauluse tseleng e yang Damaseka. Sena se ile sa etsa hore monna enwa ya pelo e ntle, ya mpang a sa tsebe seo a se etsang, a fetole maikutlo a hae.​—Joh. 16:​1, 2.

14, 15. Pauluse o ile a reng mabapi le diphetoho tseo a ileng a di etsa bophelong ba hae?

14 Ruri Pauluse o ile a fetola bophelo ba hae haholo. Ha a bua le Agripa o ile a re: “Ke ile ka mamela ditaelo tseo Jesu a mphileng tsona ha a hlaha ho nna a le lehodimong. Ke ile ka qala Damaseka, ha ke tloha ka ya Jerusalema yaba ke tsamaya hohle Judea ka ba ka fihla le ho batho ba ditjhaba, ke ntse ke bolella batho hore ba bake le ho sebeletsa Modimo mme ba bontshe ka diketso hore ba bakile.” (Dik. 26:​19, 20) Ka dilemo tse ngata, Pauluse o ne a ntse a phetha mosebetsi oo Jesu Kreste a mo fileng wona ponong eo ya hara motshehare. Diphello e ile ya eba dife? Ba ileng ba amohela ditaba tse monate tse bolelwang ke Pauluse, ba ile ba bakela boitshwaro ba bona bo bobe ba ho se tshepahale mme ba sokolohela ho Modimo. E ile ya eba baahi ba molemo, ba bolokang molao le ba laolehileng.

15 Le ha ho le jwalo Bajuda ba neng ba hanyetsa Pauluse, ba ne ba se na taba le melemo eo. Pauluse o ile a re: “Ke yona ntho e entseng hore Bajuda ba ntshware ka tempeleng ba be ba leke ho mpolaya. Empa Modimo o nthusitse hore ebe ho fihlela kajeno ke ntse ke bolella batho ba maemo a tlase le a hodimo.”​—Dik. 26:​21, 22.

16. Re ka etsisa Pauluse jwang ha re hlalosetsa baahlodi le babusi seo re se dumelang?

16 Ka ha re Bakreste ba nnete, re tlameha hore re “dule [re] itokiseditse ho ikarabella” bakeng sa tumelo ya rona. (1 Pet. 3:​15) Ha re bolella baahlodi le babusi seo re se dumelang, ho ka nna ha eba molemo ho latela mokgwa oo Pauluse a ileng a o sebedisa ha a bua le Agripa le Festase. Ha re hlalosetsa balaodi ba phahameng ka tlhompho hore na dinnete tsa Bibele di ntlafaditse bophelo ba rona jwang hammoho le ba batho ba bang ba amohelang molaetsa wa rona, re ka nna ra etsa hore ba fetole maikutlo a bona.

“O ka Ntshusumeletsa ho ba Mokreste” (Diketso 26:​24-32)

17. Festase o ile a reng ha Pauluse a ipuella, hona batho ba etsa se tshwanang jwang kajeno?

17 Ha babusi bao ba babedi ba ntse ba mametse bopaki bo matla ba Pauluse, ba ile ba sitwa ho iphapanyetsa bona. Hlokomela se ileng sa etsahala: “Ha Pauluse a ntse a ipuella, Festase a phahamisa lentswe a re: ‘O a hlanya Pauluse! Thuto ena e ngata ya o hlantsha!’ ” (Dik. 26:​24) Festase o ile a halefa ka tsela eo batho ba halefang ka yona kajeno. Batho ba bangata ba nka hore ba rutang seo Bibele e hlileng e se buang ba tjheseha ka ho feteletseng. Hangata bahlalefi ba lefatshe lena ha ba dumele seo Bibele e se rutang mabapi le tsoho ya bafu.

18. Pauluse o ile a reng ha a araba Festase mme seo se ile sa etsa hore Agripa a reng?

18 Empa Pauluse o ile a araba mmusisi eo a re: “Ha ke hlanye Mohlomphehi ya Kgabane Festase, ke bua nnete ebile ke bua ditaba tse nang le kelello. Le yena morena o di tseba hantle ditaba tsena mme ke mo bolella tsona ke sa tshabe letho . . . Morena Agripa, na o dumela Baprofeta? Ke a tseba hore o a ba dumela.” Agripa a araba a re: “Dipuo tsa hao di matla hoo o neng o ka ntshusumeletsa ho ba Mokreste ka nako e kgutshwanyane.” (Dik. 26:​25-28) Ho sa tsotellehe hore na morena o ne a bua mantswe ana a tiile kapa tjhe, a bontsha hore bopaki boo Pauluse a ileng a fana ka bona bo ile ba mo ama pelo haholo.

19. Festase le Agripa ba ile ba etsa qeto efe mabapi le Pauluse?

19 Ka mora moo Agripa le Festase ba ema, yaba ba bontsha letshwele hore nyewe e fedile. “Yare ha ba tloha ba buisana ba re: ‘Motho enwa ha a etsa letho le tshwanelwang ke lefu kapa teronko.’ Agripa a re ho Festase: ‘Hoja monna enwa ha a ipiletsa ho Sesare, a ka be a lokolotswe.’” (Dik. 26:​31, 32) Ba ne ba tseba hore monna ya neng a eme ka pela bona ha a na molato. Mohlomong ba ne ba se ba tla ba le maikutlo a matle ka Bakreste.

20. Diphello e bile dife ha Pauluse a pakela balaodi ba phahameng?

20 Ha ho bonahale eka le ya mong wa babusi bana ba hlaheletseng o ile a amohela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo. Na e ne e le bohlale hore moapostola Pauluse a hlahe ka pela banna bao? Ho jwalo. Hore ebe Pauluse o ile a “iswa ka pela babusisi le marena” Judea, ho ile ha etsa hore a pakele babusi ba Roma bao ho neng ho ka nna ha eba thata ho ba pakela ka nako eo. (Luka 21:​12, 13) Hape, botshepehi ba hae le se ileng sa mo hlahela ha a lekwa se ile sa matlafatsa tumelo ya bara le baradi babo.​—Bafil. 1:​12-14.

21. Haeba re tswelapele ho bolela ditaba tse monate, re tla fumana ditlhohonolofatso dife?

21 Ho a tshwana le kajeno. Haeba re tswelapele ho bolela ditaba tse monate ho sa tsotellehe diteko le kganyetso, re tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata. Re ka nna ra fumana monyetla wa ho pakela balaodi bao ho neng ho ka ba thata ho ba pakela. Ha re mamella ka botshepehi re ka kgothatsa bara le baradi babo rona ba Bakreste, ra ba susumelletsa hore ba be sebete haholwanyane mosebetsing ona wa ho fana ka bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo.

MMUSISI WA MOROMA PORKIASE FESTASE

Ditaba tsa Porkiase Festase re di fumana feela bukeng ya Diketso Tsa Baapostola le ka hara dingolwa tsa Flavius Josephus. Festase o ile a hlahlama Felixe e le mmusisi wa Judea hoo e ka bang ka 58 C.E. mme ho bonahala hore o shwele e ntse e le mmusisi ka mora ho busa dilemo tse pedi kapa tse tharo feela.

Porkiase Festase.

Ho bonahala eka Festase e ne e le mmusisi ya bohlale le ya nang le bokgoni ha a bapiswa le mmusisi wa pele ho yena, e leng Felixe hammoho le mohlahlami wa hae Albinus. Ha Festase a qala ho busa, ho ne ho tletse dinokwane Judea. Ho ya ka Josephus, “Festase . . . o ile a ema ka maoto ho ahlola batho ba bakang morusu ka hara naha. Ka hoo o ile a tshwara dinokwane tse ngata mme a bolaya bongata ba tsona.” Pusong ya hae Bajuda ba ile ba haha lerako e le hore Morena Agripa a se ke a bona se etsahalang tempeleng. Qalong Festase o ile a laela hore ba dihe lerako leo. Le ha ho le jwalo, ha morao o ile a dumela ha Bajuda ba kopa hore ba fetisetse taba eo ho Moemphera wa Roma e leng Nero.

Ka moo ho bonahalang ka teng, Festase o ne a tiisa letsoho kgahlanong le dinokwane le marabele empa ka ha o ne a batla ho ba le dikamano tse ntle le Bajuda, o ne a ikemiseditse ho sekisetsa toka haholo ha a sebetsana le moapostola Pauluse.

MORENA HERODA AGRIPA II

Agripa eo ho buuwang ka yena ho Diketso kgaolo ya 25 ke Morena Heroda Agripa II, setloholwana sa Heroda e Moholo mme e ne e le mora wa Heroda ya ileng a hlasela phutheho ya Jerusalema dilemo tse 14 pele ho moo. (Dik. 12:1) Agripa e bile yena Heroda wa ho qetela.

Morena Heroda Agripa II.

Ha ntate wa hae a shwa ka selemo sa 44 C.E., Agripa o ne a le dilemo di 17 mme o ne a le Roma, moo a neng a ntse a kena sekolo teng lekgotleng la Moemphera Claudiase wa Moroma. Baeletsi ba moemphera ba ne ba nka hore Agripa o monyenyane haholo hore a ka hlahlama ntate wa hae boreneng, yaba ho kgethwa mmusisi wa Moroma sebakeng sa hae. Le ha ho le jwalo, ho ya ka Flavius Josephus, ha Agripa a ntse a le Roma, o ne a sireletsa Bajuda a bile a ba buella.

Hoo e ka bang ka 50 C.E., Claudiase o ile a kgetha Agripa hore e be morena wa Chalcis mme ka 53 C.E., a kgethwa hore e be morena wa Iturea, Trakonitise le Abilene. Agripa o ile a boela a fuwa boikarabelo ba ho hlokomela tempele e Jerusalema le matla a ho kgetha baprista ba phahameng ba Bajuda. Mohlahlami wa Claudiase ya bitswang Nero o ile a eketsa dibaka tseo Agripa a di hlokometseng hore di akarelletse dikarolo tse ding tsa Galilea le Perea. Ha Agripa a kopana le Pauluse, o ne a le Sesarea le kgaitsedi ya hae Bernise, ya neng a tlohetse monna wa hae eo neng e le morena wa Silisia.​—Dik. 25:13.

Ka 66 C.E., Agripa o ile a leka ho thibela Bajuda hore ba se ke ba fetohela mmuso wa Roma empa ha ba a ka ba mo mamela mme sena se ile sa etsa hore a be ka lehlakoreng la Baroma. Ka mora hore Bajuda ba kgaotse ho fetohela mmuso, moemphera e motjha ya bitswang Vespasian, o ile a putsa Agripa ka ho mo fa dibaka tse eketsehileng.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng “Mmusisi wa Moroma Porkiase Festase.”

b “Setulo sa kahlolo” se ne se le hodima setupu. Sebaka se phahameng seo se leng ho sona se ne se bontsha hore lentswe la moahlodi le lokela ho hahelwa lesaka. Pilato o ile a dula setulong sa kahlolo ha a hlahloba diqoso tseo Jesu a neng a qoswa ka tsona.

c Sheba lebokose la sehlooho se reng “Ho Ipiletsa Makgotleng Molemong wa Borapedi ba Nnete Mehleng ya Kajeno.”

d Sheba lebokose la sehlooho se reng “Morena Heroda Agripa II.”

e Ka ha Pauluse e ne e le Mokreste o ne a dumela hore Jesu ke Mesia. Bajuda ba sa kang ba amohela Jesu, ba ne ba nka hore Pauluse ke mokwenehi.​—Dik. 21:​21, 27, 28.

f Setsebi se seng sa Bibele se buile tjena mabapi le mantswe a Pauluse a hore o ne a tsamaya “hara mpa ya motshehare”: “Ntle le ha motsamai a potlakile haholo, o ne a phomola hara motshehare ha ho tjhesa. Ka hoo re hlokomela ka moo Pauluse a neng a hlile a le moyeng wa ho hlorisa Bakreste.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share