KGAOLO YA 10
“Lentswe la Jehova la Nna la Tsebahala”
Petrose o a lopollwa, mme mahloriso ha a thibele ho phatlalatswa ha ditaba tse monate
E Thehilwe ho Diketso 12:1-25
1-4. Petrose o tobana le boemo bofe bo thata, hona o ne o ka ikutlwa jwang ha o le yena?
HO UTLWAHALA lerata ha heke e kgolo ya tshepe e kgahlelwa ha Petrose a kena. O iswa seleng ya hae a tlameletswe ho balebedi ba babedi ba Baroma. Ka mora moo ho feta dihora tse ngata, mohlomong le matsatsi a mangata a letetse ho utlwa hore na ho tla etsahalang ka yena. Ha a bone letho haese mabota le ditshepe tsa tjhankana, diketane tseo a tlanngweng ka tsona le balebedi ba hae.
2 Qetellong Petrose o fuwa kahlolo e boima. Morena Heroda Agripa I o batla ho bona Petrose a shwele.a Ha e le hantle, Petrose o tla hlahiswa ka pela setjhaba ka mora Paseka, mme kahlolo ya hae ya lefu e tla se hlatswa pelo. Sena ha se tshoso feela tjee. Mmusi enwa o sa tswa bolaya e mong wa baapostolammoho le Petrose—e leng Jakobo.
3 Ke mantsiboya a pele a bolawa. Petrose o nahana ka eng ha a le ka seleng ya hae e lefifi? Na o hopola dilemong tse fetileng ha Jesu a re o ne a tla tlangwa mme a iswe moo a sa rateng—a yo bolawa? (Joh. 21:18, 19) Mohlomong Petrose o ipotsa hore na ebe nako eo e se e fihlile.
4 O ne o tla ikutlwa jwang ha o le Petrose? Ba bangata ba ne ba tla nyahama, ba nka hore ha ho sa na tshepo. Le ha ho le jwalo, na ho na le boemo bofe kapa bofe boo ka nnete bo ka hlokisang molatedi wa nnete wa Jesu Kreste tshepo? Re ka ithutang tseleng eo Petrose le Bakrestemmoho le yena ba ileng ba itshwara ka yona ha ba hloriswa? A re boneng.
“Phutheho e ne e Ntse e mo Rapella ka Matla” (Diketso 12:1-5)
5, 6. (a) Ke hobaneng ha Morena Heroda Agripa I a ile a hlasela phutheho ya Bakreste, hona o ile a e hlasela jwang? (b) Ke hobaneng ha lefu la Jakobo le ile la baka boemo bo boima phuthehong?
5 Jwalo ka ha re ithutile kgaolong e fetileng ya buka ena, phutheho ya Bakreste e ile ya thaba haholo ha Korneliase wa Moditjhaba le ba lelapa la hae ba sokoloha. Empa e tlameha ebe Bajuda ba sa dumelang ba ile ba tshoha ha ba hlokomela hore Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ne ba se ba rapela ka bolokolohi le batho bao e seng Bajuda.
6 Heroda, radipolotiki wa lemenemene, o ile a bona hore ona ke monyetla wa ho kgahlisa Bajuda, yaba o qala ho hlorisa Bakreste. Mohlomong o ile a utlwa hore moapostola Jakobo e ne e le mathe le leleme le Jesu Kreste. Ka lebaka leo, Heroda o ile a “bolaya Jakobo ngwanabo Johanne ka sabole.” (Dik. 12:2) E ile ya eba boemo bo boima hakaakang phuthehong! Jakobo e ne e le e mong wa ba bararo ba boneng ka mahlo ha tjhebahalo ya Jesu e fetoha mme a bone le mehlolo e meng e neng e sa senolelwa baapostola ba bang. (Mat. 17:1, 2; Mar. 5:37-42) Jesu o ne a rehile Jakobo le morabo Johanne lebitso la “Bara ba Seaduma” ka lebaka la tjheseho ya bona e matla. (Mar. 3:17) Ka hoo phutheho e ile ya lahlehelwa ke paki e sebete le e tshepahalang, ebile e le moapostola ya ratwang.
7, 8. Phutheho e ile ya etsa jwang ha Petrose a kwallwa teronkong?
7 Bajuda ba ile ba thabela lefu la Jakobo, e leng seo Agripa a neng a se lebeletse. Ka ha sena se ile sa mo fa sebete, o ile a batla ho bolaya le Petrose. Jwalo ka ha ho boletswe sethathong, o ile a re Petrose a tshwarwe. Le ha ho le jwalo, mohlomong Agripa o ile a hopola hore nakong e fetileng baapostola ba ne ba ile ba lokollwa teronkong ka mohlolo, jwalo ka ha ho boletswe Kgaolong ya 5 ya buka ena. Ka ha monna ha a bone habedi, Heroda o ile a re Petrose a tlamellwe pakeng tsa balebedi ba babedi, mme ho be le balebedi ba 16 ba sebetsang bosiu le motshehare ho tiisa hore a se ke a baleha. Ha a ne a ka baleha, balebedi bao ba ne ba tla jara kahlolo ya Petrose. Bakrestemmoho le Petrose ba ne ba tla etsang maqakabetsing a jwalo?
8 Phutheho e ne e tseba hantle hore na e lokela ho etsang. Diketso 12:5 e re: “Ka hoo, Petrose a nna a dula teronkong empa phutheho e ne e ntse e mo rapella ka matla ho Modimo.” Ka sebele, ba ile ba rapella morabo bona ya ratehang ka tiyo le ho tswa botebong ba pelo. Lefu la Jakobo ha le a ka la ba nyahamisa; ebile ha le a ka la etsa hore ba nke hore thapelo ha e na thuso. Jehova o nka dithapelo e le tsa bohlokwa. Haeba di dumellana le thato ya hae, o tla di araba. (Baheb. 13:18, 19; Jak. 5:16) Ena ke thuto eo Bakreste ba lokelang ho e nka ka ho teba.
9. Re ka ithutang mohlaleng o behilweng ke Bakrestemmoho le Petrose tabeng ya thapelo?
9 Na o tseba badumedimmoho le wena ba tobaneng le diteko? Mohlomong ba a hloriswa, ba thibetswe ke mebuso kapa ba wetswe ke dikoduwa tsa tlhaho. Ke hobaneng ha o sa ba rapelle ho tswa botebong ba pelo? Mohlomong o tseba le ba bang ba tobaneng le mathata a sa hlokomeleheng, jwalo ka mathata a lelapa, ho nyahama kapa teko e nngwe ya tumelo. Haeba o nahanisisa pele o rapela, o ka nna wa hopola batho ba mmalwa bao o ka ba bolelang ka mabitso ha o ntse o bua le Jehova, “Ya Utlwang thapelo.” (Pes. 65:2) Ha e le hantle, o lebeletse hore bara le baradi beno ba o rapelle ka tsela e tshwanang ha o le tsietsing.
Re rapella bara ba bo rona ba kwaletsweng teronkong ka lebaka la tumelo ya bona
ʻO Nne o Ntshale Morao’ (Diketso 12:6-11)
10, 11. Hlalosa hore na lengeloi la Jehova le ile la lopolla Petrose jwang teronkong.
10 Na Petrose o ne a tshwenyehile ka kotsi eo a tobaneng le yona? Re ke ke ra tiisa, empa bosiung boo ba ho qetela a le teronkong, o ne a robetse thuwe! pakeng tsa balebedi ba babedi ba ntshitseng mahlo dinameng. Ruri monna enwa ya tshepahalang o ne a tseba hore ho sa tsotellehe se etsahalang letsatsing le hlahlamang, o sireletsehile matsohong a Jehova. (Bar. 14:7, 8) Le ha ho le jwalo, mohlomong Petrose o ne a sa tsebe se tla tloha se etsahala. Ka tshohanyetso, ho ile ha eba le kganya e matla ka seleng ya hae. Yaba Petrose o bona lengeloi leo ho bonahalang eka balebedi ba ne ba sa le bone, mme la mo tsosa kapele. Yaba diketane tseo a neng a tlanngwe ka tsona matsohong—tse neng di bonahala di tiile—di a wa!
“Ba fihla keiting ya tshepe e tswelang motseng. Keiti eo ya ipula.”—Diketso 12:10
11 Lengeloi le ile la laela Petrose, la re: “Tsoha kapele! . . . Apara o be o rwale dieta. . . . Apara seaparo sa hao sa ka hodimo.” Petrose o ile a etsa jwalo ntle ho tikatiko. Qetellong lengeloi la re ho yena: ‘Ntshale morao,’ mme Petrose a etsa jwalo. Ba ile ba tswa ka seleng, ba feta hona pela balebedi ba emeng ka ntle, yaba ka lenyele ba ya keiting e kgolo ya tshepe. Ba ne ba tla tswa jwang? Haeba Petrose o ile a ipotsa potso eo, o ile a fumana karabo kapele. Ha ba atamela keiting, e ile “ya ipula.” Ha Petrose a sa ntse a maketse, ba tswela seterateng, yaba lengeloi le a nyamela. Petrose o ile a sala moo, yaba ke hona ho reng etlo! E ne e se pono. O ne a lokolohile!—Dik. 12:7-11.
12. Ho nahanisisa ka tsela eo Jehova a ileng a lopolla Petrose ka yona ho ka re kgothatsa jwang?
12 Na ho nahanisisa ka matla a Jehova a sa hlolweng ke letho a ho lopolla batho ba hae ha ho kgothatse? Petrose o ne a kentswe ditlamong ke morena ya neng a tsheheditswe ke puso e matla ka ho fetisisa e kileng ya eba teng lefatsheng. Le ha ho le jwalo, o ile a itswela habonolo feela teronkong! Ke nnete hore Jehova ha a etsetse bahlanka bohle ba hae mehlolo e jwalo. Ha a ka a o etsetsa Jakobo; ebile ha a ka a o etsetsa Petrose ha morao, ha mantswe ao Jesu a a buileng ka moapostola enwa a qetella a phethahetse. Kajeno Bakreste ha ba a lebella ho lopollwa ka mohlolo. Le ha ho le jwalo, re dula re hopola hore Jehova ha a eso fetohe. (Mal. 3:6) Haufinyane o tla sebedisa Mora wa hae ho lopolla batho ba dimilione teronkong eo ho leng thata ka ho fetisisa ho tswa ho yona, e leng lefu. (Joh. 5:28, 29) Kajeno ha re tobana le diteko, ditshepiso tseo di ka re matlafatsa haholo.
“Ba mo Bona, ba Makala” (Diketso 12:12-17)
13-15. (a) Ditho tsa phutheho tse neng di kopane ntlong ya Maria di ile tsa etsang ha Petrose a fihla? (b) Buka ya Diketso e se e bua ka eng ka mora moo, empa Petrose o ile a tswela pele ho susumetsa bara le baradibabo ba Bakreste ka tsela efe?
13 Petrose o ne a eme seterateng se lefifi, a ntse a ipotsa hore na a ye hokae. Yaba o etsa qeto. Ho na le mosadi wa Mokreste ya bitswang Maria ya neng a dula haufi le moo. Maria e ne e le mohlolohadi ya ikgonang, mme o ne a ena le ntlo e kgolo hoo phutheho e neng e ka fella ka ho yona. E ne e le mme wa Johanne Mareka, eo tlaleho ya Diketso e mo bolelang ka lekgetlo la pele mona le eo qetellong Petrose a ileng a mo nka jwalo ka mora wa hae. (1 Pet. 5:13) Bosiung bona, batho ba bangata ba phutheho eo ba ne ba le ha Maria le hoja e le bosiu haholo, ba ntse ba rapela ka tiyo. Ntle ho pelaelo ba ne ba rapella hore Petrose a lokollwe—empa ba ne ba sa lebella hore Jehova a arabe thapelo ya bona ka nako eo!
14 Petrose o ile a kokota monyako wa keiti o tswelang lebaleng le ka pela ntlo. Lekgabunyane le bitswang Roda—e leng lebitso le tlwaelehileng la Segerike le bolelang “Rosa”—le ile la tla hekeng. Le ile la makala haholo ha le utlwa lentswe la Petrose! Ho ena le hore ngwanana eo ya nyakaletseng a bule keiti, o ile a siya Petrose a eme seterateng mme a mathela ka tlung, a leka ho kgodisa phutheho hore Petrose o teng. Ba ile ba re wa hlanya, empa a phehella. O ile a ema a tiile ho seo a tsebang hore ke nnete. Ba bang ba ile ba dumela hore e ka nna yaba ho na le ntho eo a e utlwileng yaba ba re mohlomong ke lengeloi la Petrose. (Dik. 12:12-15) Nakong ena yohle, Petrose o ne a ntse a kokota ho fihlela ba ya keiting mme ba e bula.
15 Ha ba fihla keiting, “ba mo bona, ba makala”! (Dik. 12:16) Petrose o ile a tlameha ho ba kena hanong e le hore a ka ba phetela se etsahetseng, ebe ba se tsebisa morutuwa Jakobo le barababo, a ntano kena tseleng pele masole a Heroda a mo fumana. O ile a ya sebakeng se batlang se sireletsehile moo a ka ntshetsang tshebeletso ya hae pele ka botshepehi. Ha ho sa buuwa letho ka yena haese hore o ile a kenya letsoho ho rarolleng taba ya lebollo, jwalo ka ha ho boletswe ho Diketso kgaolo ya 15. Ka mora moo, buka ya Diketso e se e bua haholo ka mosebetsi wa moapostola Pauluse le maeto a hae. Le ha ho le jwalo, re ka kgodiseha hore Petrose o ile a matlafatsa tumelo ya bara le baradibabo hohle moo a ileng a ya teng. Petrose o ile a tloha ha Maria mme a siya sehlopha seo se thabile.
16. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore nakong e tlang re tla ba le menyetla e mengata ya ho thaba?
16 Ka dinako tse ding Jehova o etsetsa bahlanka ba hae dintho tseo ba neng ba sa nahane hore a ka ba etsetsa tsona mme ba sale ba sa tsebe hore na ba iketseng ke thabo. Ke ka moo bara le baradi babo Petrose ba Bakreste ba ileng ba ikutlwa ka teng bosiung boo. Ka dinako tse ding ke tsela eo re ka nnang ra ikutlwa ka yona ha Jehova a re hlohonolofatsa ka ho enneng kajeno. (Diprov. 10:22) Nakong e tlang, re tla bona ha ditshepiso tsohle tsa Jehova di phethahala lefatsheng ka bophara. Ditshepiso tseo tse hlollang di tla phethahala ka tsela e tsotehang ho feta ka moo re nahanang ka teng hona jwale. Ka hoo, ha feela re dula re tshepahala, re ka kgodiseha hore re letetswe ke menyetla e mengata ya ho thaba.
“Lengeloi la Jehova la mo Otla” (Diketso 12:18-25)
17, 18. Ke eng e ileng ya etsa hore letshwele le phahamise Heroda?
17 Heroda le yena o ile a makatswa ke ho lopollwa ha Petrose—empa ho hang ha ho a ka ha mo thabisa. Hanghang Heroda o ile a laela hore Petrose a batlwe, yaba o re balebedi ba hae ba hlongwe dipotso. Ba ile ba ‘fuwa kotlo,’ mohlomong ba bolawa. (Dik. 12:19) Heroda Agripa e ne e le motho ya pelo e mpe le ya se nang mohau. Na monna eo ya sehloho o ile a ahlolelwa diketso tsa hae?
18 E ka nna yaba Agripa o ile a ikutlwa a tlotlolotswe ha a hlolehile ho bolaya Petrose, empa o ile a itshedisa. Ho ile ha hlaha boemo boo ho bona dira tsa hae di neng di batla ho bopa kgotso le yena, mme ha ho pelaelo hore o ne a labalabela ho bua ka pela letshwele. Luka o re Heroda o ile a itokisa ka ho “apara diaparo tsa hae tsa borena.” Rahistori wa Mojuda ya bitswang Josephus o re diaparo tsa Heroda di ne di entswe ka silevera, hoo ha morena a le kganyeng a neng a phatsima. Yaba radipolotiki eo ya makoko o fana ka puo. Letshwele leo le ile la phahamisa Heroda ka ho re: “Ke lentswe la modimo eseng la motho!”—Dik. 12:20-22.
19, 20. (a) Ke hobaneng ha Jehova a ile a otla Heroda? (b) Tlaleho ya ho shwa ha Heroda Agripa ka tshohanyetso e re kgothatsa jwang?
19 Thoriso e jwalo e ne e lokela ho iswa ho Modimo, mme Modimo o ne a shebeletse! Heroda o ne a ena le monyetla wa ho qoba tlokotsi. A ka be a ile a kgalemela letshwele leo kapa bonyane a hanana le lona. Ho ena le hoo, o ile a phethahatsa maele a reng: “Boikakaso bo etella ho wa pele.” (Diprov. 16:18) “Hanghang lengeloi la Jehova la mo otla,” la etsa hore moikakasi eo a shwe lefu le tshabehang. Heroda o ile a “jewa ke diboko yaba o a shwa.” (Dik. 12:23) Josephus le yena o re Agripa o ile a otlwa ka tshohanyetso mme o phaella ka ho re morena eo o ile a hlokomela hore o shwa hobane a dumetse ho roriswa ke letshwele. Josephus o re Agripa o ile a hwehla ka matsatsi a mahlano pele a shwa.b
20 Ka dinako tse ding ho ka nna ha bonahala eka batho ba sa tshabeng Modimo ba etsa dintho tse mpe ebe ha ba etsahallwe ke letho. Ha re a lokela ho makala, hobane “lefatshe lohle le buswa ke Satane.” (1 Joh. 5:19) Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding bahlanka ba tshepahalang ba Modimo ba a kgathatseha ha ho bonahala eka batho ba kgopo ha ba nkelwe kgato. Ke ka lebaka leo tlaleho e kang ena e leng e kgothatsang. Ha e le hantle, re bona ha Jehova a nka kgato, e leng ho hopotsang bahlanka bohle ba hae ba tshepahalang hore o rata toka. (Pes. 33:5) Ka nako e loketseng, toka ya hae e tla hlola.
21. Diketso kgaolo ya 12 e re ruta ntlha efe e ka sehloohong, mme e ka re kgothatsa jwang kajeno?
21 Tlaleho ena e phetha ka mantswe a kgothatsang le ho feta, e re: “Lentswe la Jehova la nna la tsebahala.” (Dik. 12:24) Tlaleho ena ya ka moo mosebetsi wa boboledi o ileng wa tswela pele ka teng e ka nna ya re hopotsa tsela eo Jehova a o hlohonolofaditseng ka yona mehleng ena. Ka ho hlakileng, Diketso kgaolo ya 12 ha e bue feela ka ditaba tsa moapostola ya ileng a shwa le ya ileng a lopollwa. E bua ka Jehova le ka moo a ileng a nyopisa morero wa Satane wa ho fedisa phutheho ya Bakreste le ho thibela mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate. Ditlhaselo tseo di ile tsa nyopa, jwalo ka ha merero yohle e jwalo e tla nyopa. (Esa. 54:17) Ka lehlakoreng le leng, ba emeng ka lehlakoreng la Jehova le Jesu Kreste ba etsa mosebetsi o ke keng wa nyopa le ka mohla. Na eo ha se taba e kgothatsang? Re na le tlotla e tsotehang hakaakang ya ho kenya letsoho ho phatlalatsweng ha “lentswe la Jehova” kajeno!
a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Morena Heroda Agripa I.”
b Ngaka e nngwe eo e bileng e leng sengodi, e re mohlomong matshwao a hlaloswang ke Josephus le Luka a ne a bakwa ke manyonyo a kibang mala hoo motho a ka shwang. Ka dinako tse ding motho wa a hlatsa kapa a tswa mmeleng ha motho a shwa. Buka e nngwe e re: “Ho toba ditaba ha Luka jwalo ka ngaka ho bontsha hore na lefu la [Heroda] e ne e le le tshabehang hakae.”