LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp17 No. 6 maq. 12-14
  • Ke Hobaneng ha ho na le Dibibele Tse Ngata Hakaale Tse sa Tshwaneng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Hobaneng ha ho na le Dibibele Tse Ngata Hakaale Tse sa Tshwaneng?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BIBELE YA PELE
  • SEPTUAGINT YA SEGERIKE
  • BIBELE YA SELATINE E BITSWANG VULGATE
  • HO ETSWA DIBIBELE TSE DING HAPE
  • Bibele e Bua ka Eng?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • ‘Lentswe la Modimo wa Rona le Tshwarella ka ho sa Feleng’
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
wp17 No. 6 maq. 12-14
Dibibele tse fapaneng tse ngotsweng, tsa printwa le tse fumanehang Inthaneteng

Ke Hobaneng ha ho na le Dibibele Tse Ngata Hakaale Tse sa Tshwaneng?

Ke hobaneng ha ho na le diphetolelo tsa Dibibele tse ngata hakaale tse sa tshwaneng matsatsing ana? Na o bona eka diphetolelo tsee di tla o etsa hore o utlwisise Bibele kapa di tla o lahla le ho feta? Ho ithuta ka mohlodi wa tsona, ho tla o thusa hore o di hlahlobisise ka bohlale.

Le ha ho le jwalo, ke mang ya ngotseng Bibele, hona neng?

BIBELE YA PELE

Bibele e arotswe ka dikarolo tse pedi. Karolo ya pele e na le mangolo a 39 a nang le “diphatlalatso tse halalelang tsa Modimo.” (Baroma 3:2) Modimo o sebedisitse moya wa hae o halalelang ho budulela banna ba tshepahalang hore ba ngole mangolo ana. Ba entse seo ka dilemo tse ka bang 1 100 e leng ho tloha ka selemo sa 1513 mehleng ya bo Moshe ho fihlela ka 443. Ho bonahala ha ba ngotse boholo ba mangolo ana ka Seheberu, ke kahoo a bitswang Mangolo a Seheberu, a boetseng a tsejwang e le Testamente ya Kgale.

Karolo ya bobedi e na le mangolo a 27 ao le ona e leng “Lentswe la Modimo.” (1 Bathesalonika 2:13) Modimo o ile a budulela barutuwa ba Jesu Kreste hore ba a ngole ka dilemo tse ka bang 60 e leng ho tloha ka selemo sa 41 ho ya ho sa 98 mehleng eo ya baapostola. Ho bonahala ha ba ngotse boholo ba mangolo ana ka Segerike, ke ka hoo a bitswang Mangolo a Segerike a Bakreste, a boetseng a tsejwang e le Testamente e Ntjha.

Kaofela mangolo ana ha a kopane a 66 mme a etsa Bibele e feletseng, e leng molaetsa wa Modimo o yang ho batho. Empa potso ke hore na ke hobaneng ha ho entswe diphetolelo tse ding hape tsa Bibele? A re boneng mabaka a mararo a boletsweng mona.

  • Hore batho ba kgone ho bala Bibele ka puo eo ba e antseng letsweleng.

  • Ho tlosa diphoso tse entsweng ke bakopitsi mme ho kgutlisetswe mantswe a Bibele ya pele.

  • Ho sebedisa puo e seng e buuwa.

Ela hloko hore na ke jwang mabaka ana e leng a bohlokwa.

SEPTUAGINT YA SEGERIKE

Dilemo tse ka bang 300 pele ho mehla ya Jesu, ditsebi tse ding tsa Bajuda di ile tsa qala ho fetolela Mangolo a Seheberu ka Segerike. Phetolelo ena e ile ya tsebahala e le Septuagint ya Segerike. Ebe ke hobaneng ha e ile ya etswa? Ho thusa Bajuda ba bangata bao ka nako eo, ba neng ba se ba bua Segerike hore ba utlwisise dingolwa tse halalelang le ho feta.​—2 Timothea 3:15.

Septuagint ena, e ile ya boela ya thusa batho ba dimilione bao e neng e se Bajuda ba neng ba bua Segerike, hore ba tsebe seo Bibele e se rutang. Empa jwang? Moprofesa W. F. Howard o re: “Ho tloha dilemong tsa bo 50, Septuagint e ile ya ba Bibele ya Kereke ya Bokreste, eo barumuwa ba yona ba neng ba ya synagoge ka synagoge ba ‘paka ka mangolo hore Mesia ke Jesu.’” (Liketso 17:3, 4; 20:20) Setsebi se seng sa Bibele se bitswang F. F. Bruce sona se re: “Leo ke lebaka leo ka lona Bajuda hamorao ba ileng ba kgaotsa ho rata Septuagint.”

Ha barutuwa ba Jesu ba ntse ba fumana Mangolo a Segerike a Bakreste, ba ne ba a kopanya le phetolelo ya Septuagint ya Mangolo a Seheberu. E ile ya qetella e le Bibele e feletseng eo re nang le yona kajeno.

BIBELE YA SELATINE E BITSWANG VULGATE

Hoo e ka bang dilemo tse 300 ka mora hore Bibele e qetwe ho ngolwa, setsebi se seng sa bodumedi se bitswang Jerome, se ile sa etsa phetolelo ya Bibele ya Selatine eo e ileng ya qetella e le Vulgate ya Selatine. Ke hobaneng ha ho ne ho hlokahala hore ho etswe e ntjha, feela ho ne ho se ho ntse ho na le diphetolelo tse fapaneng tsa Selatine? Buka e bitswang The International Standard Bible Encyclopedia e re: “Jerome o ne a batla ho lokisa phetolelo tse fosahetseng, diphoso tse totobetseng le moo ho kentsweng kapa ho ntshitsweng mantswe ho sa tshwanela.”

O ile a hla a lokisa diphoso tse ngata. Empa ha nako e ntse e ya, baetapele ba bodumedi ba ile ba tlisa tshenyo e kgolo! Ba ile ba bolela hore Vulgate ya Selatine e se e le yona feela Bibele e tla sebediswa! Ka ha jwale ha dilemo ntse diya batho ba bangata ba ne ba sa tsebe Selatine ho hang, Vulgate e ne e se e sena thuso.

HO ETSWA DIBIBELE TSE DING HAPE

Ka lehlakoreng le leng, batho ba ne ba ntse ba tswela pele ho etsa diphetolelo tse ding hape tsa Bibele. E nngwe e tsebahalang ke e bitswang Peshitta ya Sesyria ya dilemong tsa bo 400. Empa tseo e ne e le dinyane, hobane dilemong tsa bo 1300 hamorao, ho ile ha ba le tse ngata tse etswang e le hore esita le batho ba sa rutehang, ba ka kgona ho ipalla ka puo eo ba e antseng.

Ho elella qetellong ya bo 1300, John Wycliffe wa England, o ile a qala ho fetolela Bibele ka Sekgowa, e leng puo eo batho ba neng ba e utlwisisa hantle. Nakwana ka mora moo, Johannes Gutenberg, o ile a qala mekgwa ya ho printa. Sena se ile sa nolofalletsa ditsebi tse ngata tsa Bibele ho etsa le ho fana ka diphetolelo tsa Bibele ka dipuo tse ngata tse sa tshwaneng Europe kaofela.

Ha diphetolelo tsa Sekgowa di ntse di etswa ka bongata, bahlahlobisisi ba ile ba bona ho se bohlokwa hore ho etswe Dibibele tse eketsehileng ka puo eo. Moruti e mong wa dilemong tsa bo 1700, ya bitswang John Lewis o re: “Puo e tswa fesheneng hoo e qetellang e se e sa utlwisisehe, ka labaka leo, ho a hlokahala hore ho nne ho ntjhafatswe phetolelo ho e etsa hore e be ka puo eo moloko wa ka nako eo o e buang.”

Ebile matsatsing ana ho se ho le bonolo ho feta le ha e le neng pele hore ditsebi tsa Bibele di ntjhafatse diphetolelo tsa kgale. Lebaka ke hobane di utlwisisa dipuo tsa kgalekgale tse neng di sebediswa ha ho ne ho ngolwa Bibele. Ebile ntho e monate ke hore, ba na le Dibibele tse ngotsweng ka letsoho tse sa tswa fumanwa haufinyana tjena. Sena se ba thusa hore ba etse phetolelo e tshwanang hantle le ya Bibele ya pele.

Kahoo, re a hlokomela hore diphetolelo tsa Dibibele tse ntjhafaditsweng ke tsa bohlokwa hakaakang! Le ha ho le jwalo, ho ntse ho hlokahala hore o be sedi haholo ka hore na o sebedisa efe.a Empa haeba ehlile bafetoledi ba susumetswa ke ho rata Modimo ha ba ntse ba fetolela Bibele, mosebetsi oo wa bona, o tla tswela ba bangata molemo.

Haeba o batla ho bala Bibele o ka kena websaeteng ya www.jw.org/st. Sheba tlasa LINGOLILWENG > BIBELE

a Sheba sehlooho se reng “Ke Joang U ka Khethang Bibele e Fetoletsoeng Hantle?” makasineng ya Molula-Qhooa ya May 1, 2008.

LEBITSO LA MOLIMO LE A HALALELA JWALO KA HA BIBELE E BONTSHA

Lebitso la Modimo ho Septuagint e ngotsweng ka letsoho ya ho tloha mehleng ya Jesu

Lebitso la Modimo phetolelong e ngotsweng ka letsoho ya Septuagint ya mehleng ya Jesu

Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, e sebedisa lebitso la Modimo le halalelang e leng Jehova, le ka Mangolong a Seheberu le Mangolong a Segerike a Bakreste. Dibibele tse ngata kajeno ha di na lebitso lena. Ho e na le hoo, di sebedisa “Morena.” Bafetoledi ba bang ba re lebaka la ho se sebedise lebitso lena, ke hobane lebitso la Modimo le emelwang ke ditlhaku tse nne tsa Seheberu (YHWH), ha le hlahe phetolelong ya Segerike ya Septuagint ya Mangolo a Seheberu. Empa na seo ke nnete?

Bohareng ba dilemong tsa bo 1900, ho ile ha fumanwa dikarolwana tsa kgale tsa Septuagint tsa mehleng ya Jesu. Dikarolwana tsena di na le lebitso la Modimo le halalelang le ngotsweng ka ditlhaku tsa Seheberu. Morao tjena ho bonahala ha bakopitsi ba ntshitse lebitso la Modimo mme ba kenya “Morena” e leng Kyʹri·os ka Segerike. Phetolelo ea Lefatše le Lecha yona, e kgutliseditse lebitso la Modimo moo le lokelang ho ba teng ka Bibeleng.

NA MANTSWE A KA BIBELELNG A FETOTSWE

Moqolo wa Esaia wa Lewatle le Shweleng

Moqolo wa Esaia wa Lewatle le Shweleng o nang le dilemo tse 2 000. Ditaba tsa ona di tshwana hantle le tse ka Bibeleng kajeno

Ke nnete hore bakopitsi ba Bibele ba ne ba etsa diphoso. Empa seo ha se bolele hore re ke ke ra tshepa mantswe a ka Bibeleng. Hobane buka e nngwe ya Our Bible and the Ancient Manuscripts, e re: “Tumelo ya Bakreste ha e ya thehwa dithutong tse inahanelwang le tse belaellwang.”

Bakopitsi ba Sejuda le bona ba entse diphoso tse mmalwa feela. Ke ka hoo buka ya Second Thoughts on the Dead Sea Scrolls e reng: “Bangodi ba Sejuda ba mehleng ya Bokreste morao kwa, ba ile ba kopitsa mantswe a Bibele ya Seheberu ka makgetlo le ka tsela e nepahetseng.”

Ka mohlala, moqolo wa Esaia o fumanweng hara Meqolo ya Lewatle le Shweleng, o feta meqolo e meng ka dilemo tse 1 000. Empa moqolo oo, o jwang ha re o bapisa le mantswe a ka Bibeleng kajeno? Buka e bitswang The Book. A History of the Bible, ha e o hlalosa e re: “Ke ka sewelo o ka fumanang mantswe a kentsweng kapa a ntshitsweng ka phoso.”

Diphoso tsa sebopeho sa ditlhaku, mantswe kapa dipolelwana, tse entsweng ke bakopitsi ba neng ba se hlokolosi, di bonwa habonolo mme di ntse di lokiswa. Ke ka hona buka ya The Books and the Parchments e reng: “Testamente e Ntjha ke yona feela e ipakileng e ngotswe ka boqhetseke le ka ho nepahala ho feta dingolwa tse ileng tsa ngolwa kgalekgale.”

Buka ya The Book. A History of the Bible e tswela pele hore: “Mantswe a ka Bibeleng a ntse a nepahetse jwalo ka ha a ne a ngolwa qalong, ho sa tsotellehe taba ya hore ho nnile ha fetolelwa le ho printwa Dibibele tse ngata hakae ka dilemolemo.”

Ka hona, na mantswe a ka Bibeleng a Fetotswe? Tjhe ha ho jwalo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share