Tse Ka Hare
3 Histori ya rona—Ke Ruile Molemo o Moholo ka ho Tsamaya le ba Bohlale
BEKE YA LA 1-7 MAY, 2017
8 Fana ka Tlhompho ho Bao e ba Tshwanelang
Bakreste ba lokela ho hlompha batho ba bang ka tsela e loketseng. Ke bo mang bao re lokelang ho ba hlompha, hona hobaneng? Sehlooho sena se tla re thusa ho araba dipotso tseo, hape se tla re bontsha melemo ya ho fana ka tlhompho ho bao e ba tshwanelang.
BEKE YA LA 8-14 MAY, 2017
13 Bontsha Tumelo Mme o Etse Diqeto ka Bohlale
Ho latela Bibele, re lokela ho tsitsa, hape re lokela ho etsa diqeto. Empa ke hobaneng ha re lokela ho etsa diqeto tse bohlale? Keng e tla re thusa ho di etsa? Na ho ka etsahala hore ka dinako tse ding re fetole diqeto tseo re di entseng? Sehlooho sena se tla re thusa ho araba dipotso tsena.
BEKE YA LA 15-21 MAY, 2017
18 Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
BEKE YA LA 22-28 MAY, 2017
23 Na o Tla Tshepa Dintho Tse Ngotsweng?
Kaha ha rea phethahala, kaofela ha rona re etsa diphoso. Leha ho le jwalo, na see se bolela hore re ke ke ra kgona ho thabisa Jehova? Dihloohong tsena tse pedi, re tla ithuta ka mehlala ya marena a mane a Juda le diphoso tseo a di entseng, mme tse ding tsa diphoso tseo e ne e le tse tebileng. Leha ho le jwalo, Jehova o ile a hlokomela hore dipelo tsa ona di ne di felletse ho yena. Na Modimo o tla re nka re na le dipelo tse feletseng ho yena ho sa tsotellehe diphoso tseo re di etsang?