Dula o le Motswalle Leha ho Hlaha Mathata
Gianni le Maurizio e bile metswalle ka dilemo tse ka bang tse 50. Leha ho le jwalo ho ne ho e na le nako eo ka yona setswalle sa bona se neng se e ba kotsing. Maurizio o re: “Ka nako eo ke ile ka etsa diphoso tse kgolo tse ileng tsa etsa hore re arohane.” Gianni yena o re: “Ha ke ne ke qala ho ithuta, ke ne ke rutwa Bibele ke Maurizio. O ne a nkgothatsa haholo. Kahoo ke ne ke sa dumele hore a ka etsa seo. E ne e ka nka re lefatshe petsoha ke kene, hobane ke ne ke bona hore setswalle sa rona se tla fela. Ke ne ke ikutlwa ke lahlehile.”
METSWALLE e lokileng ke ya bohlokwa, empa ha ho itlele feela hore setswalle e be se tshwarellang. Ha mathata a hlaha keng se ka thusang hore setswalle e be se tshwarellang? Re ka ithuta dintho tse ngata mehlaleng ya batho ba bang ba boletsweng ka Bibeleng, bao e neng e le metswalle ya hlooho ya kgomo empa qetellong setswalle sa bona sa e ba kotsing.
HA MOTSWALLE A ETSA DIPHOSO
Morena Davida eo pele e neng e le modisana, le yena o ne a e na le metswalle ya sebele. Jonathane e ne e le e mong wa bona. (1 Sam. 18:1) Empa Davida o ne a e na le metswalle e meng e kang moprofeta Nathane. Bibele ha e bolele hore na setswalle sa bona se qadile neng. Leha ho le jwalo, o ile a bua le Nathane jwalo ka motswalle wa hae. Davida o ne a batla ho hahela Jehova ntlo, mme ho bonahala eka o ile a ananela seo Nathane a neng a se bua jwalo ka motswalle wa hae le monna ya neng a tataiswa ke moya wa Jehova.—2 Sam. 7:2, 3.
Leha ho le jwalo, ho ile ha e ba le ntho e behang setswalle sa bona kotsing. Morena Davida o ile a etsa bofebe le Bathesheba, mme ka mora moo a etsa hore monna wa hae Uria a bolawe. (2 Sam. 11:2-21) Davida o nkile dilemo tse ngata a lokile mme a tshepahalla Jehova. Leha ho le jwalo o ile a etsa sebe sena se tebileng. Ho ne ho etsahalang ka yena? Na o ne a sa hlokomele kotsi eo a e bakang? Na o ne a nahana hore a ka patela Modimo ketso eo e mpe?
Nathane o ne a tla etsang? Na o ne a tla tlohela Morena Davida feela? Batho ba bang ba ne ba tseba ka seo Davida a ileng a se etsa e le hore Uria a bolawe. Kahoo, ke hobaneng ha Nathane a ne a ka batla ho senya setswalle sa bona ka hore a kenelle ditabeng tseo? Haeba Nathane a ne a ka bua, bophelo ba hae bo ne bo boetse bo ka nna ba ba kotsing. Ho feta moo, Davida o ne a se a entse hore Uria ya se nang molato a bolawe.
Nathane e ne e le moprofeta wa Modimo. O ne a tseba hore ha a ka pata taba ena, setswalle sa hae le Davida se ke ke sa tshwana le pele, hape letswalo la hae le ne le tla mo tshetshetha. Motswalle wa hae Davida o ne a entse dintho tse sa kgahleng Jehova. Mme o ne a hlile a hloka thuso ho lokisa kamano ya hae le Jehova. Ka nnete Davida o ne a hloka motswalle wa sebele. Mme e ne e le Nathane. O ile a kgetha ho bua ka tsela e neng e tla ama Davida pelo. Nathane o ile a fetisa molaetsa wa Modimo ka tsela e ileng ya thusa Davida ho bona diphoso tsa hae le ho di bakela.—2 Sam. 12:1-14.
O ne o tla etsang haeba o ne o e na le motswalle ya entseng sebe se tebileng? O ka nna wa tshaba hore haeba o ka mo bontsha diphoso tsa hae kapa wa bolella baholo ka tsona hore ba mo thuse, o tla senya setswalle sa lona.
Gianni, eo re buileng ka yena qalong o re: “Ke ile ka hlokomela hore ho na le ntho e fetohileng ka motswalle wa ka Maurizio. O ne a se a sa phutholoha jwalo ka pele. Le hoja ho ne ho se bonolo, ke ile ka etsa qeto ya ho buisana le yena. Ke ile ka ipotsa hore na keng seo nka se buang seo a sa se tsebeng? O ne a ka nna a halefa. Empa eitse ha ke hopola dintho tsohle tseo re ileng ra ithuta tsona ha a ntse a nkgannela thuto, ke ile ka utlwa ke tlameha ho buisana le yena. Maurizio o ile a etsa seo ho nna ha ke ne ke hloka thuso. Ke ne ke sa batle hore setswalle sa rona se senyehe, empa ke ne ke batla ho mo thusa, hobane ke a mo kgathalla.”
Maurizio o re: “Gianni e ne e le motswalle wa sebele, mme o ne a nepile. Ke ne ke tseba hore ditlamorao tsa diphoso tsa ka, e ne e se molato wa hae kapa wa Jehova. Kahoo, ke ile ka amohela kgalemelo etswang ho baholo, mme ha nako e ntse e ya ke ile ka boela ka ba le kamano e ntle le Jehova.”
HA MOTSWALLE A LE MATHATENG
Davida o ne a boetse a e na le metswalle e ileng ya dula e le ka lehlakoreng la hae le dinakong tse thata. E mong wa bona e ne e le Hushai, eo Bibele e reng ke “motswalle wa Davida.” (2 Sam. 16:16; 1 Likron. 27:33) E ne e le moahlodi ebile e le motswalle wa Morena Davida, eo ka dinako tse ding a neng a tshwara ditaba tsa molao tse neng di tebile.
Ha Absalome mora wa Davida a nka borena ka mahahapa, Baiseraele ba bangata ba ile ba nka lehlakore la hae ho e na le la Hushai. Ha Davida a baleha, Hushai o ile a ya ho yena. Davida o ile a utlwa bohloko haholo ke ho phoqwa ke mora wa hae le batho bao a neng a ba tshepile. Leha ho le jwalo, Hushai o ile a dula a tshepahala, mme o ne a ikemiseditse ho beha bophelo ba hae kotsing ka ho thusa Davida. Hushai ha aa ka a etsa sena hobane fela e le moahlodi. Empa o ile a bontsha hore ke motswalle ya tshepahalang.—2 Sam. 15:13-17, 32-37; 16:15–17:16.
Ke ho thabisang ho bona kamoo bara le baradi babo rona kajeno ba momahaneng kateng le hoja ba phetha dikabelo tse fapaneng ka phuthehong. Ka diketso tsa bona ba re, “Ke motswalle wa hao, eseng hobane ke tlamehile empa hobane o le wa bohlokwa ho nna.”
Sena ke seo mora wabo rona Federico a ileng a tobana le sona. Motswalle wa hae Antonio o ile a mo thusa dinakong tse thata. Federico o re: “Ha Antonio a fihla phuthehong ya rona, re ile ra ba metswalle. Re ne re le bahlanka ba sebeletsang, mme re ne re thabela ho sebetsa mmoho. Ho se ho ye kae, o ile a kgethwa hore ebe moholo. E ne e le motswalle ya nkgothatsang haholo.” Leha ho le jwalo Federico o ile a nka tsela e fosahetseng. Ka pele o ile a batla thuso, empa o ne a se a sa tshwanelehe ho ba pulamadiboho kapa mohlanka ya sebeletsang. Antonio o ile a etsang?
Ha Federico a le mathateng, motswalle wa hae Antonio o ile a mo mamela mme a mo kgothatsa
Federico o re: “Ke ne ke bona hore Antonio o utlwisisa bohloko boo ke bo utlwang. O ile a leka ka hohle ho nthusa. O ne a tshwenyehile ka kamano ya ka le Jehova, mme ha a ka a nqhalla matsoho. O ile a nkgothalletsa hore ke se ka tela, mme ke leke ho matlafatsa kamano ya ka le Jehova.” Antonio o re: “Ke ile ka qeta nako le Federico. Ke ne ke batla hore a se ke a tshaba ho bua eng kapa eng le nna, esita le ka se mo utlwisitseng bohloko.” Ho thabisang ke hore Federico o ile a lokisa dintho, mme qetellong a boela a ba pulamadiboho le mohlanka ya sebeletsang. Antonio o qetella ka hore: “Le hoja re sebeletsa diphuthehong tse fapaneng, setswalle sa rona se tiile le ho feta.”
NA O TLA IKUTLWA O KGOPISEHILE?
O ka ikutlwa jwang haeba motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo a o fetohela nakong eo o mo hlokang ka ho fetisisa? Ntho eo e ka o utlwisa bohloko haholo. Na o tla mo tshwarela? Hona na setswalle sa lona se tla dula se tiile jwalo ka pele?
Nahana ka se ileng sa etsahalla Jesu matsatsing a ho qetela a le lefatsheng. O ile a qeta nako a e na le baapostola ba hae ba tshepahalang mme ba utlwana haholo. Jesu o ne a ba bitsa metswalle ya hae. (Joh. 15:15) Leha ho le jwalo, ho ile ha etsahalang ha a ne a tshwarwa? Baapostola ba ile ba baleha. Petrose o ile a tshepisa hore a ke ke a lahla Morena wa hae, empa bosiung bona boo, o ile a latola bosehla hore ha a tsebe Jesu.—Mat. 26:31-33, 56, 69-75.
Jesu o ne a tseba hore o tla ba mong ha a tobana le diteko tsa ho qetela bophelong ba hae. Kahoo, o ne a e na le lebaka la ho halefa le ho utlwa bohloko. Empa seo a ileng a se bua le baapostola ba hae matsatsi a seng makae ka mora hore a tsoswe, ha ho moo se bontshang a ile a halefa, a utlwa bohloko kapa a ikwahlaya. Jesu ha aa ka a bona ho hlokahala hore a bale diphoso tsa barutuwa ba hae, ho akarelletsa le seo ba ileng ba se etsa bosiung boo a ileng a tshwarwa ka bona.
Ho fapana le seo, Jesu o ile a kgothatsa Petrose le baapostola ba bang. O ile a bontsha hore o wa ba tshepa ka ho ba fa ditaelo tsa mosebetsi wa bohlokwa historing ya batho. Jesu o ne a ntse a ba nka e le metswalle ya hae. O ba bontshitse lerato leo ba neng ba ke ke ba le lebala. Ba ne ba tla leka ka hohle hore ba se ke ba hlola ba phoqa Morena wa bona. Ka nnete, ba ile ba etsa mosebetsi oo a neng a o file balatedi ba hae.—Lik. 1:8; Bakol. 1:23.
Moradiwabo rona Elvira o hopola qabang e bileng teng pakeng tsa hae le motswalle wa hae Giuliana, o re: “Ke ile ka ikutlwa ke nyahame ha a mpolella hore o ile a utlwa bohloko ka lebaka la seo ke se entseng. O ne a e na le lebaka la ho utlwa bohloko. Empa se ileng sa nthabisa ke hore o ne a amehile haholo ka nna le ka se ka etsahalang ka lebaka la boitshwaro ba ka. Ke ne ke boetse ke thabela hore o ne a sa shebe diphoso tsa ka, empa o ne a amehile ka se ka ntlhahelang. Ke leboha Jehova ka ho mpha motswalle ya nkgathallang hakaana!”
Kahoo, motswalle wa sebele o tla etsang ha setswalle sa hae se le kotsing? O tla phutholoha le ho bua ka mosa ha ho hlokahala. O tla ba jwalo ka Nathane le Hushai, ba ileng ba tshepahala le dinakong tse thata, a boele a tshwane le Jesu ya neng a tshwarela. Na o motswalle ya jwalo?