Tshehetsa Puso ya Jehova!
“Jehova, Modimo wa rona, o a tshwaneleha ho amohela kganya le tlhompho le matla, hobane o bopile dintho tsohle.”—TŠEN. 4:11.
1, 2. Kaofela ha rona re lokela ho kgodiseha kang? (Sheba setshwantsho se qalong.)
JWALOKAHA sehlooho se fetileng se bontshitse, Diabolose o re Jehova ha a buse batho hantle hape o re batho ba ka thaba ha ba ka ipusa. Na o nepile? Nahana ka sena, haeba ho ne ho ka thwe batho ba kgethang ho ipusa ba ka phela ka ho sa feleng, na ba ne ba tla thaba haeba ba se tlasa puso ya Modimo? Na o ne o ka thaba haeba o ne o ka phela bophelo bo sa feleng o bile o itaola?
2 Ke wena feela ya ka arabang dipotso tseo. Motho e mong le e mong o lokela ho nahanisisa ka taba ena. Ha a etsa jwalo, o tla bona hore puso ya Modimo e lokile ebile ha hona e molemo ho e feta. Le hore re lokela ho e tshehetsa ka dipelo tsa rona tsohle. Bibele e re fa mabaka a hore re kgodisehe ka taba ena. Ka mohlala, nahana ka seo Mangolo a re bolellang sona ka ho loka ha puso ya Jehova.
JEHOVA O NA LE TOKELO YA HO BUSA
3. Ke hobaneng ha e le Jehova feela ya nang le tokelo ya ho busa?
3 Jehova o na le tokela ya ho Busa lehodimong le lefatsheng hobane ke Modimo ya matla ohle ebile ke Mmopi. (1 Likron. 29:11; Lik. 4:24) Ho Tshenolo 4:11, babusi ba 144,000 ba busang hammoho le Kreste lehodimong ba bonahala ponong ba re: “Jehova, Modimo wa rona, wa tshwaneleha ho amohela kganya le tlhompho le matla, hobane o bopile dintho tsohle, mme ka lebaka la thato ya hao di ile tsa eba teng mme tsa boptjwa.” Kaha Jehova o bopile dintho tsohle, o na le tokela ya ho busa lehodimong le lefatsheng.
4. Ke hobaneng ha ho ba kgahlanong le puso ya Modimo e le tshebediso e mpe ya bolokolohi ba ho ikgethela?
4 Satane ha a bopa letho. Ka lebaka leo, ha a ana tokelo ya ho busa lefatsheng kapa lehodimong. Yena le banyalani ba pele ba ile ba hana ho ba tlasa puso ya Jehova. (Jer. 10:23) Kennete hore ba ne ba na le bolokolohi ba ho ikgethela hore na ba batla ho buswa ke Modimo kapa tjhe. Na seo se ne se ba fa tokelo ya hore e be marabele? Tjhe. Bolokolohi ba ho ikgethela bo fa batho monyetla wa ho iketsetsa diqeto tse nepahetseng letsatsi le leng le le leng. Leha ho le jwalo, ha bo ba fe tokelo ya ho fetohela Mmopi wa bona ya ba fileng bophelo. Ho hlakile hore ha re fetohela Jehova re tla be re sebedisa bolokolohi ba ho ikgethela hampe. Batho ba hloka ho buswa ke Jehova.
5. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore diqeto tsa Modimo di lokile?
5 Ho na le lebaka le leng le bontshang hore Jehova o a tshwaneleha ho ba Mmusi. O sebedisa bolaodi ba hae ka toka e phethahetseng. O re: “Ke nna Jehova, Ya bontshang mosa o lerato, toka le ho loka lefatsheng; etswe ke kgahliswa ke dintho tsena.” (Jer. 9:24) Ha a itshetleha ka melao e ngotsweng ke batho ba sa phethahalang hore e mo thuse ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng. Ke yena mohlodi wa toka e phethahetseng kahoo o fana ka melao e lokileng. “Ho loka le kahlolo ke sebaka se tiisitsweng sa terone ya [hae],” ka lebaka leo re ka kgodiseha hore melao, melaomotheo le diqeto tsa hae di lokile. (Pes. 89:14; 119:128) Ka lehlakoreng le leng, ho sa tsotellehe dipuonyana tsa Satane tsa hore Jehova o haellwa ke bokgoni ba ho busa, Satane o hlolehile ho etsa hore ho be le toka lefatsheng.
6. Ke lebaka lefe le etsang hore Jehova e be Mmusi ya tshwanelehang wa lefatshe?
6 Jehova ke Mmusi ya tshwanelehang hobane o na le tsebo le bohlale ba ho hlokomela dintho tsohle tse lehodimong le lefatsheng. Ka mohlala, Modimo o ile a e tsa hore Mora wa hae a kgone ho fodisa mafu ao dingaka di neng di hlolehile ho a phekola. (Mat. 4:23, 24; Mar. 5:25-29) Ketso ena e ne e se mohlolo ho Jehova. O a tseba hore na mmele ya rona e sebetsa jwang ebile o na le bokgoni ba ho re fodisa. O boetse o kgona ho tsosa bafu le ho thibela dikoduwa tsa tlhaho.
7. Bohlale ba Jehova bo phahametse ba lefatshe le buswang ke Satane jwang?
7 Lefatshe le buswang ke Satane le hloleha ho rarolla mathata a batho. Ke Jehova feela ya nang le bokgoni ba ho tlisa kgotso lefatsheng. (Esa. 2:3, 4; 54:13) Ha re ntse re ithuta ka bohlale le tsebo ya Jehova, re tla ikutlwa jwaloka moapostola Pauluse ha a ne a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisiswa hakaakang mme ditsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputswa hakaakang!”—Bar. 11:33.
PUSO YA JEHOVA E MOLEMO
8. Keng e o thabisang ka tsela eo Jehova a busang ka yona?
8 Bibele ha e bue ka tokelo ya Jehova ya ho busa feela. E boetse e bontsha hore na ke hobaneng ha puso ya hae e phahametse tse ding. Le leng la mabaka ke hore ke Mmusi ya lerato. Dipelo tsa rona di tlala thabo ha re nahana ka tsela eo a busang ka yona. Ke Mmusi ya “mohau le ya mosa, ya diehang ho halefa le ya tletseng mosa o lerato le nnete.” (Ex. 34:6) Modimo o tshwara balatedi ba hae ka tlhompho. O re tsotella haholo. Ho fapana le seo Diabolose a se buang, Jehova ha a re hanele ka letho le molemo. O ile a ba a fana ka Mora wa hae molemong wa rona e le hore re be le tshepo ya bophelo bo sa feleng!—Bala Pesaleme ya 84:11; Baroma 8:32.
9. Re tseba jwang hore Modimo o re rata ka bomong?
9 Jehova o re rata kaofela. Empa o boetse o re rata ka bomong. Ka mohlala, nahana ka dilemo tse makgolo a mararo tseo ka tsona Jehova a neng a fa Baiseraele baahlodi hore ba ba lopolle ho bahatelli ba bona. Nakong eo ya dintwa, Jehova ha a ka a hlokomoloha mosadi ya bitswang Ruthe. E ne e se Moiseraele empa hamorao a sokolohela borapeding ba nnete. Jehova o ile a hlohonolofatsa Ruthe ka ho mo fa monna le mora. Empa ha ho a fella moo. Ha Ruthe a tsoswa, o tla thabela ho tseba hore mora wa hae e ile ya ba karolo ya leloko leo Mesia a ileng a tswallwa ho lona. Nahana feela hore o tla thaba hakakaang ha a utlwa hore pale ya hae e ile ya ngolwa ho e nngwe ya dibuka tsa Bibele, mme buka eo ya bitswa ka lebitso la hae!—Ruthe 4:13; Mat. 1:5, 16.
10. Ke hobaneng ha re ka re puso ya Jehova ha e hatelle batho?
10 Jehova ha a buse batho ka ho ba hatella empa o tenyetseha le maemo. Kahoo batho ba ba le bolokolohi ebile ba a thaba tlasa puso ya hae. (2 Bakor. 3:17) Ha Davida a bua ka puso eo o ile a re: “Ho hlompheha le bokgabane di ka pela hae, Matla le thabo di sebakeng sa hae.” (1 Likron. 16:7, 27) Le mopesaleme Ethane o ile a ngola a re: “Ho thaba batho ba tsebang mohoo wa thabo. Jehova, ba ntse ba tsamaya leseding la sefahleho sa hao. Ba ithabela lebitsong la hao letsatsi lohle ba phahamiswa ho lokeng ha hao.”—Pes. 89:15, 16.
11. Re ka kgodiseha jwang hore puso ya Jehova ke yona e molemo ka ho fetisisa?
11 Haeba re dula re nahanisisa ka molemo wa Jehova re tla kgodiseha hore puso ya hae e molemo ka ho fetisisa. Re tla ikutlwa jwaloka mopesaleme ya ileng a re: “Letsatsi mabaleng a hao le molemo ho feta a sekete sebakeng se seng.” (Pes. 84:10) Mantswe ao ke nnete. Jwaloka Moqapi le Mmopi, Jehova o tseba seo re se hlokang e le hore re thabe mme kamehla o re etsetsa dintho tse re kgotsofatsang. Ha re mo mamela re tla thaba ebile re tla itswela molemo, le haeba ditaelo tsa hae di hloka hore re etse boitelo.—Bala Esaia 48:17.
12. Ke hobaneng ha re tshehetsa puso ya Jehova?
12 Bibele e bontsha hore kamora Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete, batho ba bang ba tla kgetha ho fetohela puso ya Jehova. (Tšen. 20:7, 8) Keng e tla etsa hore ba etse seo? Kaha Diabolose ke moithati, kamora hore a lokollwe teronkong, o tla be a ikemiseditse ho kgelosa batho jwalokaha a tlwaetse. A ka nna a leka ho ba kgodisa hore ho ka kgoneha ho phela ka ho sa feleng ntle le ho mamela Jehova. Seo e tla be e le leshano. Empa na re tla tshepa leshano leo? Haeba re rata Jehova mme re mo sebeletsa hobane a le molemo abile a tshwaneleha ho busa, re ke ke ra kgahlwa ke leshano le jwalo. Re tla thabela ho phela tlasa puso ya Jehova feela.
TSHEHETSA PUSO YA JEHOVA KA BOTSHEPEHI
13. Re tshehetsa Modimo jwang ha re mo etsisa?
13 Puso ya Jehova e molemo mme re lokela ho e tshehetsa ka dipelo tsohle. Jwalokaha re bone, o na le tokela ya ho busa mme tsela eo a busang ka yona e molemo ka ho fetisisa. Re ka tshehetsa puso ya Jehova ka ho dula re tshepahala le ka ho mo sebeletsa ka botshepehi. Re ka boela ra e tshehetsa jwang? Ka ho etsa dintho ka tsela eo Jehova a di etsang ka yona. Ha re etsa jwalo, re bontsha hore re rata tsela eo a busang ka yona ebile re a mo tshehetsa.—Bala Baefese 5:1, 2.
14. Dihlooho tsa malapa le baholo ba ka etsisa Jehova jwang?
14 Ha re bala Bibele re ithuta hore Jehova o sebedisa bolaodi ba hae ka tsela e lerato. Tumellanong le seo, dihlooho tsa malapa le baholo ba ratang puso ya Jehova ba ke ke ba hatella ba bang. Ho ena le hoo, ba tla etsisa Jehova. Pauluse o ne a etsisa Modimo le Jesu. (1 Bakor. 11:1) O ne a sa etse hore ba bang ba hlajwe ke dihlong kapa ho ba hatella ho etsa ntho e itseng. Ho ena le hoo, ka mosa, o ne a ba susumelletsa ho etsa se nepahetseng. (Bar. 12:1; Baef. 4:1; Filem. 8-10) Jehova o etsa dintho ka tsela ena. Kahoo, batho bohle ba ratang tsela eo a busang ka yona le ho e tshehetsa, ba lokela ho mo etsisa.
15. Ha re hlompha tokisetso ya bohlooho, seo se bontsha hore re rata puso ya Jehova jwang?
15 Re ikutlwa jwang ka tokisetso ya Jehova ya bohlooho? Ha re e hlompha, re tla be re bontsha hore re tshehetsa puso ya Jehova. Le haeba re sa utlwisise kapa re sa dumellane le qeto e itseng, re tla nne re tshehetse mokgatlo wa Jehova. Seo se fapane le tsela eo batho ba etsang dintho ka yona, empa ke kamoo dintho di etswang kateng pusong ya Jehova. (Baef. 5:22, 23; 6:1-3; Baheb. 13:17) Re rua molemo ha re etsa jwalo, etswe Modimo o re batlela se molemo.
16. Batho ba tshehetsang puso ya Modimo ba etsa diqeto jwang?
16 Re ka boela ra bontsha hore re tshehetsa puso ya Modimo ka diqeto tseo re di etsang. Jehova ha a re fe melao ya ntho e nngwe le e nngwe. Ho e na le hoo, o re senolela monahano wa hae ka tsela eo a re tataisang ka yona. Ka mohlala, ha a re fe ditaelo tse tobileng mabapi le tsela eo Bakreste ba lokelang ho apara ka yona. Leha ho le jwalo, o re bontsha hore a ka thabela hore re apare ka tsela e hlomphehang le e tshwanelang Bakreste. (1 Tim. 2:9, 10) Hape ha a batle hore re kgopise ba bang ka diqeto tseo re di etsang. (1 Bakor. 10:31-33) Ha re etsa diqeto re itshetlehile ka monahano wa Jehova, re tla be re bontsha hore re tshehetsa puso ya hae ebile re a e rata.
Tshehetsang puso ya Modimo ka dinako tsohle (Sheba serapa sa 16-18)
17, 18. Banyalani ba ka tshehetsa puso ya Jehova ka di tsela dife?
17 Banyalani ba Bakreste ba ka tshehetsa puso ya Jehova ka ho latela tsela eo a etsang dintho ka yona. Ba ka etsang haeba ba kopana le mathata ao ba sa a lebellang lenyalong? Kapa mohlomong ba ikutlwa ba phoqehile? Ke hobaneng ha o sa iphe nako ya ho nahana ka tsela eo Jehova a neng a sebedisana le Baiseraele ka yona? O ile a re o tshwana le molekane wa setjhaba seo sa kgale. (Esa. 54:5; 62:4) Leo e ne e le “lenyalo” le boima hakakaang! Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a potlakela ho tswa ho lona. O ile a bontsha setjhaba seo mosa ka makgetlo le ho tshepahalla selekane seo a neng a se entse le sona. (Bala Pesaleme ya 106:43-45.) Na botshepehi boo ha bo etse hore re rate Jehova le ho feta?
18 Ka tsela e tshwanang, banyalani ba ratang Jehova ba a mo etsisa. Ha ba leke ho tswa lenyalong le boima ka mabaka a sa hlaheng Mangolong. Ba a hlokomela hore Jehova o ba kopantse hammoho mme o batla hore ba “kgomarelane”. Mangolo a fana ka lebaka le le leng feela la hore batho ba hlalane, e leng ha e mong a entse bofebe. (Mat. 19:5, 6, 9) Haeba ba leka ka hohle ho lokisa mathata a bona, ba tla be ba bontsha hore ba tshehetsa puso ya Jehova.
19. Re lokela ho etsang haeba re hloleha ho tshehetsa puso ya Modimo?
19 Kaha ha re a phethahala, ka dinako tse ding re etsa dintho tse utlwisang Jehova bohloko. O tseba sena mme o re etseditse tokisetso e lerato ka ho re fa thekollo ya Kreste. Kahoo, ha re mo fosetsa, re lokela ho kopa hore a re tshwarele. (1 Joh. 2:1, 2) Ho e na le hore re dule re itshwaya diphoso, re lokela ho ikitlaetsa ho ithuta ho tsona. Haeba re le metswalle ya Jehova, o tla re tshwarela a be a re thuse ho fola le hore re etse dintho betere nakong e tlang.—Pes. 103:3.
20. Ke hobaneng ha re lokela ho tshehetsa puso ya Jehova hona jwale?
20 Lefatsheng le letjha, batho bohle ba tla ba tlasa puso ya Jehova mme ba ithute ditsela tsa hae tsa ho loka. (Esa. 11:9) Rona re se ntse re ithuta ditsela tseo hona jwale. Ebile haufinyane batho bohle ba tla bona hore ke Jehova feela ya tshwanelehang ho busa lehodimong le lefatsheng. Hona jwale ke nako ya hore re tshehetse puso ya Modimo ka ho mo tshepahalla, ho ya tshimong le ka ho leka ka matla ho mo etsisa dinthong tsohle tseo re di etsang.