LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w18 December leq. 9
  • Na o sa Hopola?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o sa Hopola?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Bakreste ba hodileng ba ka thusa ba bang ka ditsela dife?
  • Na o Ntse o Hopola?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Jehova o a Nahanela
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • “Ke ile ka mo Hanyetsa Difahleho di Tadimane”
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Kgetha Molekane wa Lenyalo ka Bohlale
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
w18 December leq. 9

Na O Sa Hopola?

Na o badile dihlooho tsa moraorao tsa Tora ya ho Lebela? Leka ho araba dipotso tse latelang:

Re na le bopaki bofe ba Mangolo bo bontshang hore Modimo o mohau?

Ha Baiseraele e le makgoba Egepeta kwana, Modimo o ile a bona mathata a bona yaba o ba utlwela bohloko. (Ex. 3:7; Esa. 63:9) Ka ha le rona re entswe ka setshwantsho sa Modimo, re ntse re ka kgona ho bontsha ba bang mohau. O re bontsha mohau esita le ha re utlwa eka lerato la hae ha le re tshwanele.—wp18.3, leq. 8-9.

Dithuto tsa Jesu di thusa batho hore ba hlole leeme jwang?

Bajuda ba bangata mehleng ya Jesu ba ne ba le leeme. Kreste o ile a hatisa bohlokwa ba ho ba le boikokobetso mme a nyatsa kgethollo ya morabe. O ile a kgothalletsa balatedi ba hae hore ba phedisane jwalo ka bara ba motho.—w18.06, leq. 9-10.

Taba ya hore ebe Modimo ha a a ka a dumella Moshe ho kena Naheng e Tshepisitsweng, e re rutang?

Moshe e ne e le motswalle ya haufi wa Jehova. (Deut. 34:10) Ho elella qetellong ya dilemo tse 40 Baiseraele ba le lefelleng, ba ile ba boela ka lekgetlo la bobedi ba etsa seteraeke ka baka la tlhokeho ya metsi. Yaba Modimo o re Moshe a bue le lefika. Ho e na le hoo, Moshe yena o ile a fihla a le otla. Jehova o ne a na le lebaka le utlwahalang la ho halefela Moshe, hobane a sa mamela ditaelo tsa hae kapa a sa isa thoriso ho yena. (Num. 20:6-12) Sena se re ruta hore re lokela ho mamela Jehova mme re ise thoriso ho yena.— w18.07, leq. 13-14.

Re ka etsa phoso ya ho ahlola ba bang ho ya ka seo re se bonang jwang?

Ho na le maemo a mararo ao haeba re sa hlokomele re ka iphumanang re ahlola ba bang ho ya ka seo re se bonang: e leng ho ahlola ka morabe kapa setso, maemo a ditjhelete le dilemo tsa motho. Ka hona, ke ha bohlokwa hore re leke ho ba le pono ya Modimo ka batho.(Lik. 10:34, 35)—w18.08, leq. 8-12.

Bakreste ba hodileng ba ka thusa ba bang ka ditsela dife?

Modimo o ntse a nka Mokreste ya hodileng ya seng a fuwe kabelo e ntjha e le wa bohlokwa, hobane a ka thusa le ba bang ka phuthehong. A ka thusa balekane bao e seng Dipaki ba Bakrestemmoho le yena le Bakreste ba kgathalletsweng ke pere. A ka ba a ithuta Bibele le batho kapa a eketsa tshebeletso ya hae.—w18.09, leq. 8-11.

Bakreste ba na le dintho dife tseo ba ka disebedisang tshebeletsong ya tshimo?

Ho na le dikarete tsa jw.org le dimemo. Ho boetse ho na le dipampitshana tse 8 tse utlwisisehang ha bonolo, ha mmoho le dimakasine tsa Tora ya ho Lebela le Fadimehang! Hape o ka fumana dibukana, dibuka tse pedi tseo re ithutang Bibele le batho ka tsona le divideo tse nne ho akarelletsa ya ​Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele?—w18.10, leq. 16.

Mokreste a ka “reka nnete” jwang jwalo ka ha Liproverbia 23:23 e bolela?

Re ke ke ra reka nnete ka tjhelete. Le ha ho le jwalo, re lokela ho tela nako le matla e le hore re e fumane.—w18.11, leq. 4.

Re ka ithutang tseleng eo Hosea a ileng a tshwara mosadi wa hae Gomere ka yona?

Gomere o ile a etsa bofebe ka makgetlo, empa Hosea o ile a mo tshwarela mme a nna a dula le yena. Haeba molekane a etsa bohlola, molekane ya se nang molato o ntse a ka nna a mo tshwarela. Ha a ka etsa thobalano le yena fela, sena se bolela hore ha a sana lebaka le dumellwang ke Mangolo la hore a hlale.—w18.12, leq. 13.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share