LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp19 No. 1 leq. 15
  • Ho Tseba Modimo ho ka o Thusa Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Tseba Modimo ho ka o Thusa Jwang?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dintlha tse Ding
  • Dula o le Motswalle wa Jehova
    Bibele e re Rutang?
  • ‘Ho Atamela ho Modimo ho re Tswela Molemo’
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • “Ke le Bitsitse Metswalle”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Ke Eng e ka o Thusang Hore o Thabe?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 1 leq. 15
Batho ba thabela bophelo lefatsheng le letle

Ho Tseba Modimo Ho Ka O Thusa Jwang?

Dihloohong tse fetileng re ile ra ithuta dintho tse re thusang ho araba potso e reng, Modimo ke mang? Re ithutile hore Bibele e re lebitso la hae ke Jehova le hore makgabaneng ao a nang le ona, lerato ke lona le hlahelletseng. Re ile ra boela ra bona dintho tseo a re etseditseng tsona le tseo a tla di etsetsa batho nakong e tlang. Le hoja ho sa na le dintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ka Modimo, re ka nna ka ipotsa hore na ho etsa seo ho tla re thusa jwang.

Jehova o tshepisa hore “haeba o mo batla, o tla etsa hore o mo fumane.”(1 Likronike 28:9) Nahana ka mpho e kgolo eo o tla e fumana ha o ntse o ithuta ka Modimo, e leng “kamano e haufiufi le Jehova”! (Pesaleme ya 25:14) Ho ba le kamano e jwalo ho tla o tswela molemo jwang?

Thabo ya sebele. Jehova o hlaloswa e le “Modimo ya thabileng.” (1 Timothea 1:11) Ho atamela haufi le yena le ho mo etsisa ho tla o fa thabo ya sebele, e leng se tla o thusa mmeleng, kelellong le maikutlong. (Pesaleme ya 33:12) Hape o tla thabela bophelo—ka hore o qobe dintho tse ka o ntshang kotsi mme o leke ka matla ho etsa dintho tse tla o tswela molemo, hape o be le kamano e ntle le ba bang. Mohlomong o tla dumellana le mongodi e mong wa pesaleme ha a re: “Ho atamela ho Modimo ho molemo ho nna.”—Pesaleme ya 73:28.

O tla o hlokomela. Jehova o tshepisitse bahlanka ba hae a re: “Ke tla o fa keletso leihlo la ka le le hodima hao.” (Pesaleme ya 32:8) Sena se bolela hore Jehova o hlokomela e mong le e mong wa bahlanka ba hae le hore o ba fa dintho tseo ba di hlokang. (Pesaleme ya 139:1, 2) Ha o se o na le kamano e ntle le Jehova, o tla bona hore o a o kgathalla.

Bokamoso bo molemo. Ho ekelletsa moo, Jehova o re thusa hore re thabe le hore re thabele bophelo, o boetse o re tshepisa bokamoso bo molemo nakong e tlang. (Esaia 48:17, 18) Bibele e re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswelapele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete, le ka eo o mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Matsatsing ana a thata ao re phelang ho ona, ho ba le tshepo ho Modimo ho tshwana le ankora e re thusang hore re eme re tiile.—Baheberu 6:19.

Ana ke a mang a mabaka a bohlokwa a ho tseba Modimo haholwanyane le ho matlafatsa kamano ya rona le yena. E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng bua le e mong wa Dipaki Tsa Jehova kapa o kene ho jw.org.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share