LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp19 No. 2 maq. 8-9
  • Ha Molekane a sa Tshepahale

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ha Molekane a sa Tshepahale
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • DITEMANA TSA BIBELE TSE KA O THUSANG
  • 3 Bibele e ka o Thusa ho Mamella Mathata
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 2 maq. 8-9
Mosadi o a rapela

Ha Molekane a sa Tshepahale

Maria ya dulang Spain o re: “Ke ile ka utlwa ekare nka shwa ha ke ne ke utlwa monna wa ka a re o a ntlohela, ka lebaka la mosadi e mong ya monyane ho nna. Ntho eo a ileng a e etsa e ne e se hantle, haholo jwang ha ke hopola dintho tseo ke ileng ka di tela molemong wa hae.”

Bill ya dulang Spain o re: “Ha ka tshohanyetso mosadi wa ka a ntlohela, ke ile ka utlwa ekare ho na le karolo e shwang ho nna. Ditoro tsa rona, tshepo ya rona le dintho tseo re neng re batla ho di etsa, di ile tsa senyeha. Ka matsatsi a mang ke ne ke ikutlwa ke le hantle, empa ka mora nako ke ne ke boela ke ba le kgatello ya maikutlo.”

HAEBA molekane a sa tshepahale, seo se siya molekane e mong a ferekane ebile a utlwile bohloko. Ke nnete hore banyalani ba bang ba ile ba kgona ho tshwarela molekane ya ileng a lokisa diphoso tsa hae mme kamano ya bona ya tiya hape.a Empa ho sa tsotellehe hore na banyalani ba tswelapele ba nyalane kapa tjhe, molekane ya utlwisitsweng bohloko ke molekane wa hae ka lebaka la ho se tshepahale, o utlwa bohloko bo boholo. Ke jwang batho bana ba ka kokobetsang bohloko boo ba bo utlwileng?

DITEMANA TSA BIBELE TSE KA O THUSANG

Balekane ba bangata ba ileng ba utlwiswa bohloko, ba ile ba fumana matshediso ka Bibeleng. Ba ile ba ithuta hore Modimo o bona ho lla ha bona le hore o utlwisisa ka moo ba ikutlwang ka teng.—Malakia 2:13-16.

“Ha menahano ya ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho nna, matshediso a hao a ile a qala ho hlabolla moya wa ka.”—Pesaleme ya 94:19.

Bill o re: “Ha ke ntse ke bala temana ena, ke ile ka nahana ha Jehova a mpontsha lerato ka ho kokobetsa bohloko ba ka jwalo ka ha ntate ya lerato a ne a ka etsa.”

“Ho ya tshepahalang o tla etsa ka botshepehi.”—Pesaleme ya 18:25.

Carmen eo monna wa hae a sa kang a tshepahala ka dikgwedi tse mmalwa o re: “Monna wa ka ha a ka a tshepahala, empa ke ne ke kgodisehile hore Jehova o a tshepahala le hore a ke ke a mphoqa.”

“Le se ke la tshwenyeha ka letho, empa nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi . . . dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo; mme kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela dipelo tsa lona.”—Bafilipi 4:6, 7.

Sasha o re: “Ke ne ke bala ditemana tsena hangata mme ha ke ntse ke rapela ka makgetlo, Modimo o ile a mpha kgotso bophelong.”

Batho bohle bao re buileng ka bona, ho na le nako eo ka yona ba ileng ba lahla tshepo. Empa ba ile ba tshepa Jehova Modimo mme ba nka matla Lentsweng la hae. Bill o re: “Tumelo ya ka e ile ya etsa hore ke tsebe hore na ke phelelang le ha ntho e nngwe le e nngwe e ne e bonahala eka e senyehile. Le hoja ke ile ka ‘tsamaya phuleng ya moriti o lefifi,’ Modimo o ile a ba le nna.”—Pesaleme ya 23:4.

a Tabeng ya ho tshwarela molekane kapa tjhe sheba dihlooho tse hlahang ho Fadimehang! ya 22 April 1999, “Ha Molekane e Mong a sa Tshepahale.”

Dintho Tse ka o Thusang Hore o Mamelle

Bala le ho nahanisisa ka ditemana tse kgothatsang.

Bill o re: “Ke badile lengolo la Dipesaleme le la Jobo mme ka tshwaya dintlha tse neng di dumellana le maemo aka. Ke ile ka hlokomela hore bangodi bao ba Bibele ba ile ba feta maemong a tshwanang le aka.”

Mmino o ka o kgothatsa

Carmen o re: “Ha ke ne ke sa kgone ho robala bosiu, ke ne ke mamela mmino. O ne o nthusa haholo.” Daniel o re: “Ke ile ka ithuta ho bapala katara mme mmino o ne o nthusa ho ba le kgotso.”

Bolella ba bang hore na o ikutlwa jwang.

Daniel o re: “Ke ne ke sa tlwaela ho bolella batho ba bang hore na ke ikutlwa jwang. Empa ke ne ke na le metswalle e mmamelang, ka hoo ke ne ke bua le bona letsatsi le leng le le leng. Ke ne ke ba bolella hore na ke ikutlwa jwang, ka hore ke ba ngolle mangolo le ho bua le bona mme sena se nthusitse haholo.” Sasha o re: “Thuso eo ba lelapa ba ileng ba mpha yona, e ne e le ya bohlokwa haholo. Mme wa ka o ne a dula a ntsheheditse mme o ne a mmamela ha ke batla ho bua. Ntate wa ka o ne a etsa hore ke ikutlwe ke ratwa ebile ke sireletsehile mme a nthusa hore hanyane hanyane ke fole.”

Dula o rapela.

Carmen o re: “Ke ne ke dula ke rapela. Ke ne ke utlwa eka Modimo o haufi le nna, o a mmamela ebile o a nthusa. Nakong eo ke neng ke hlahelwa ke mathata, ke ile ka atamela haufi le Modimo.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share