LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp20 No. 1 maq. 12-13
  • Nnete ka Mmuso wa Modimo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Nnete ka Mmuso wa Modimo
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Bibele e re Rutang?
  • Mmuso wa Modimo ke Eng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Na Mmuso wa Modimo o ka Pelong ya Hao?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Mmuso wa Modimo o Tlo Etsang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
wp20 No. 1 maq. 12-13
Lefatshe le bokahohleng, mme le potolohilwe ke kganya ya letsatsi

Nnete ka Mmuso wa Modimo

Jesu o ile a ruta balatedi ba hae ho rapela ka tsela ena: “Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le halaletswe. Mmuso wa hao o ke o tle. Thato ya hao e ke e etsahale lefatsheng, jwalo ka ha e etsahala lehodimong.” (Matheu 6:​9, 10) Mmuso wa Modimo ke eng? Mmuso wa Modimo o etsang hona jwale? Hona ke hobaneng ha re lokela ho o rapella?

Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo.

Luka 1:31-33: “O tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo mme o tla bitswa Mora wa Ya Phahameng ka ho Fetisisa, Jehova Modimo o tla mo fa terone ya ntatae Davida, mme o tla busa e le morena wa ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme Mmuso wa hae o ke ke wa eba le bofelo.”

Ntho e ka sehloohong eo Jesu a neng a bua ka yona ke Mmuso wa Modimo.

Matheu 9:35: “Jesu a qala ho etela metse le metsana yohle, a ruta ka disynagogeng tsa yona le ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso mme a phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ya mofuta o mong le o mong.”

Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore na ba ne ba tla bona kang ha Mmuso wa hae o tla.

Matheu 24:7: “Etswe setjhaba se tla tsohela setjhaba matla le mmuso o tla tsohela mmuso matla, mme ho tla ba le dikgaello tsa dijo le ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng.”

Balatedi ba Jesu kajeno ba bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo lefatsheng lohle.

Matheu 24:14: “Ditaba tsena tse molemo tsa Mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle, jwale e ntano ba hona bofelo bo tla tla.”

Dintlha ka Mmuso wa Modimo

Mmuso oo o hokae? Ke Mmuso wa sebele o behilweng ke Modimo o lehodimong.​—DANIELE 2:44; MATHEU 4:17.

Mmuso oo o tla etsang? Mmuso wa Modimo o tla fetola lefatshe lehae la paradeise, moo batho ba tla phela ka kgotso ba sa kule ebile ba sa shwe.​—PESALEME YA 37:11, 29.

Ke bo mang ba tla busa? Modimo o kgethile Jesu hore a buse jwalo ka Morena lehodimong mme o tla busa le ba 144 000 ba nkilweng lefatsheng.​—LUKA 1:30-33; 12:32; TŠENOLO 14:1, 3.

O tla busa bo mang? O tla busa batho ba lefatsheng mme ba ikokobelletse bobusi ba Jesu jwalo ka mmusi ba be ba mamele melao ya Mmuso.​—MATHEU 7:21.

Ke Hobaneng ha Jesu e le Mmusi ya Tshwanelehang ho Busa Batho?

Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a bontsha hore ke mmusi ya nang le bokgoni le lerato hobane

  • O ne a kgathalla batho ba futsanehileng.​—LUKA 14:13, 14.

  • O ne a hloile bobodu le ho hloka toka.​—MATHEU 21:12, 13.

  • O ne a kgona ho laola tlhaho.​—MAREKA 4:39.

  • O ile a fepa batho ba dikete.​—MATHEU 14:19-21.

  • O ne a utlwela batho ba kulang bohloko mme a fodisa bohle ba neng ba kula.​—MATHEU 8:16.

  • O ile a tsosa batho ba hlokahetseng.​—JOHANNE 11:43, 44.

Mmuso wa Modimo o ka o Tswela Molemo Jwang Hona Jwale?

O ka kgona ho phela o thabile hona jwale haeba o mamela melao ya Modimo. Ka mohlala batho ba tla phela Mmusong wa Modimo

  • Ba lokela ho ‘phehella kgotso le batho bohle.’​—BAHEBERU 12:14.

  • Banyalani ba lokela ho ratana le ho hlomphana hobane seo se tla etsa hore ba momahane mme ba phele ka kgotso.​—BAEFESE 5:22, 23, 33.

  • Ba lokela ho ithuta lentswe la modimo e le hore ba ka thabela bophelo.​—MATHEU 5:3.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share