LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp20 No. 1 maq. 14-15
  • Nnete ka Bokamoso

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Nnete ka Bokamoso
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • MUSO O MOLEMO
  • BOPHELO BO BOTLE
  • HO TLA BA LE KGOTSO
  • LEFATSHE LE TLA TLALA BATHO BA LOKILENG
  • LEFATSHE LOHLE E TLA BA PARADEISE
  • Eba le Tshepo
    Fadimehang!—2018
  • Mmuso wa Modimo o Tlo Etsang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Mmuso wa Modimo o a Busa
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na Bofelo ba Lefatshe bo Haufi?
    Bibele e re Rutang?
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
wp20 No. 1 maq. 14-15
Batho ba thabela bophelo Paradeiseng

Nnete ka Bokamoso

Na o kile wa ipotsa hore bokamoso bo re tshwaretseng? Bibele e re bolella ka dintho tse tla etsahala haufinyane tse tla ama batho bohle.

Jesu o ile a bolela hore na re tla tseba kang ha ‘Mmuso wa Modimo o se o le haufi.’ (Luka 21:31) O ile a re ho tla ba le dintwa, ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, dikgaello tsa dijo le mafu a sewa, e leng dintho tseo re bonang di etsahala kajeno.​—Luka 21:10-17.

Bibele e ile ya boela ya bolela hore “matsatsing a ho qetela” a babusi ba lefatshe lena, batho ba bangata ba ne ba tla itshwara hampe. O ka bala ka sena ho 2 Timothea 3:​1-⁠5. Ha o bona dintho tsena di etsahala hona jwale, ha ho pelaelo hore boprofeta ba Bibele bo a phethahala.

Sena se bolelang? Se bolela hore nako ya hore Mmuso wa Modimo o tle e se e le haufinyane mme o tla etsa diphetoho tse kgolo lefatsheng tse tla tswela batho molemo. (Luka 21:​36) Bibele e bontsha hore Modimo o tla lokisa lefatshe e le hore batho ba tla dula teng ba thabele bophelo. Mehlala e mmalwa ke ena.

MUSO O MOLEMO

“[Jesu] a fuwa bobusi le ho hlompheha le mmuso, hore batho, ditjhaba le dipuo kaofela ba mo sebeletse. Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetswang bo ke keng ba feta, mme mmuso wa hae ke o ke keng wa senngwa.”​—DANIELE 7:14.

Seo e se bolelang: O tla thabela ho phela tlasa Mmuso wa Modimo o tla busa lefatsheng lohle, o tla buswa ke Mora wa hae jwalo ka Morena.

BOPHELO BO BOTLE

Ngwanana o phahama setulong sa hae sa dikowa mme o a tsamaya

“Ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’”​—ESAIA 33:24.

Seo e se bolelang: Ha ho sa tla hlola ho ba le motho ya kulang kapa ya holofetseng ebile ha ho sa tla ba le motho ya tla shwa.

HO TLA BA LE KGOTSO

Sethunya se robehileng

“O fedisa dintwa ho isa pheletsong ya lefatshe.”​—PESALEME YA 46:9.

Seo e se bolelang: Ha ho sa tla hlola ho eba le dintwa ha mmoho le dintho tse re utlwisang bohloko.

LEFATSHE LE TLA TLALA BATHO BA LOKILENG

“Ya kgopo ha a sa tla hlola a eba teng . . . ba bonolo ba tla rua lefatshe.”​—PESALEME YA 37:10, 11.

Seo e se bolelang: Ha ho sa tla hlola ho eba le batho ba kgopo, lefatsheng ho tla phela batho ba batlang ho mamela Modimo feela.

LEFATSHE LOHLE E TLA BA PARADEISE

“Ka sebele ba tla haha matlo mme ba dule ho wona, ka sebele ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona.”​—ESAIA 65:21, 22.

Seo e se bolelang: Lefatshe lohle le tla ba letle. Modimo o tla phethahatsa thapelo ya rona ya hore a etse hore thato ya hae e etsahale “lefatsheng.”​—Matheu 6:10.

Batho ba thabela bophelo Paradeiseng
    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share