LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp20 No. 3 leq. 11
  • Ditlhohonolofatso Tseo Batho ba Mamelang Jehova ba Tla di Fumana

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditlhohonolofatso Tseo Batho ba Mamelang Jehova ba Tla di Fumana
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • 1. HA RE MAMELA MODIMO RE TLA BA BOHLALE
  • 2. HA RE MAMELA MODIMO RE TLA THABA
  • Re Lokela ho Rata Modimo ka ho sa Feleng
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
  • Na o “Itokiseditse ho Mamela”?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
wp20 No. 3 leq. 11
Lelapa le thabileng. Mme le moradi ba ntse ba pheha. Ntate o ntse a shebile dinepe le moradi wa hae e mong.

Re tla thaba bophelong haeba re mamela melao ya Modimo

Ditlhohonolofatso Tseo Batho ba Mamelang Jehova ba Tla di Fumana

Moprofeta Moshe o ile a re haeba re mamela melao ya Modimo re tla fumana ditlhohonolofatso. (Deuteronoma 10:13; 11:27) Ha re mamele Modimo hobane re tshaba hore o tla re fa kotlo. Makgabane a Modimo a re susumelletsa hore re mo mamele hobane re mo rata le hore re qobe ho etsa dintho tse ka mo utlwisang bohloko. “Etswe se bolelwang ke lerato la Modimo ke sena, hore re boloke ditaelo tsa hae.”​—1 Johanne 5:3.

Empa ke jwang ho mamela Modimo ho ka etsang hore a re hlohonolofatse? A re hlahlobeng dintlha tse pedi.

1. HA RE MAMELA MODIMO RE TLA BA BOHLALE

“Nna, Jehova, ke Modimo wa hao, ke nna ya o rutang hore o itswele molemo . . . hore o tsamaye tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona.”​—ESAIA 48:17.

Jehova, Mmopi wa rona, o a re tseba mme o re fa tataiso eo re e hlokang. Haeba re batla hore dithuto tsa hae di re thuse hore re etse diqeto tse bohlale, re lokela ho ithuta ka Mangolo a Halalelang hore na Modimo o batla hore re etse eng mme re etse seo re se badileng.

2. HA RE MAMELA MODIMO RE TLA THABA

“Ho thaba ba utlwang lentswe la Modimo mme ba le boloka!”​—LUKA 11:28.

Kajeno batho ba bangata ba mamelang Lentswe la Modimo ba thabile bophelong. Ka mohlala, nahana ka monna e mong ya dulang Spain ya neng a na le bothata ba ho kwata ka pele, a bile a sa tshware batho ba bang hantle ho akarelletsa le mosadi wa hae. Ka letsatsi le leng o ile a bala mantswe a ngotsweng ke moprofeta Moshe, a neng a bua ka motho ya ikokobeditseng e leng Josefa mora wa Jakobo. Josefa o ile a rekiswa hore e lo ba lekgoba mme o ile a tshwarelwa ntho eo a neng a sa e etsa empa le ha ho le jwalo o ile a dula a ikokobeditse, a na le kgotso, ebile a tshwarela batho ba bang. (Genese kgaolo ya 37-45) Monna enwa ya dulang Spain o ile a re: “Ho nahana ka mohlala wa Josefa ho entse hore le nna ke batle ho ba motho ya ikokobeditseng, ya mosa le ya nang le boitshwaro. Sena se entse hore ke thabele bophelo.”

Mangolo a Halalelang a fana ka tataiso e eketsehileng ya hore na re ka tshwara batho ba bang jwang. Re tla hlahloba sena sehloohong se latelang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share