6-12 February
Esaia 47-51
Pina ya 120 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlase ho moo)
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG
“Jehova o a re Hlohonolofatsa ha re mo Mamela”: (10 mets.)
Esa 48:17—Borapedi ba nnete bo itshetlehile ka ho mamela ditaelo tsa Modimo (ip-2 131 ¶18)
Esa 48:18—Jehova o batla re thabele bophelo hobane o a re rata (ip-2 131 ¶19))
Esa 48:19—Re tla fumana ditlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng haeba re mamela ditaelo tsa Jehova (ip-2 132 ¶20-21)
Batlisisa Matlotlo a Patilweng: (8 mets.)
Esa 49:6—Ho tla jwang hore Mesia e be “lesedi la ditjhaba,” le hoja ha a ne a le lefatsheng a ne a sebeletsa bara ba Iseraele feela? (w07 1/15 9 ¶8)
Esa 50:1—Ke hobaneng ha Jehova a ile a re ho setjhaba sa Iseraele: “Jwale, le hokae lengolo la tlhalo la mma lona?” (it-1 643 ¶4-5)
Ke ithutang ka Jehova mmalong wa Bibele wa bekeng ena?
Ke dintlha dife tse hlahang mmalong wa Bibele wa bekeng ena tseo nka di sebedisang tshebeletsong ya tshimo?
Mmalo wa Bibele: (4 mets. kapa ka tlase ho moo) Esa 51:12-23
EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI
Lokisetsa Seo o Tla se Bua Kgweding Ena: (15 mets.) Puisano e thehilweng “Mehlala ya Seo re ka se Buang le Batho.” Bapala divideo tse bontshang mehlala ya seo re ka se buang le batho, ebe o buisana le bamamedi ka dintlha tsa bohlokwa. Kgweding ya February, bahweletsi ba tla fana ka bukana ya Na Lintho tse Phelang li bōpiloe?
PHELA JWALOKA MOKRESTE
Ditlhoko Tsa Phutheho: (7 mets.) Haeba di le siyo, buisana le bamamedi ka dintlha tse hlahang Bukeng ea Selemo. (yb16 144-145)
E-ba Motsoalle oa Jehova—Mamela Jehova: (8 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala video ya E-ba Motsoalle oa Jehova—Mamela Jehova (video ena e fumaneha tlasa BANA). Ebe le buisana ka dipotso tse latelang: Ke hobaneng ha re lokela ho mamela Jehova? (Lipr 27:11) Bana ba ka bontsha jwang hore ba mamela Jehova? Batho ba baholo le bona ba ka bontsha jwang hore ba mamela Jehova?
Thuto ya Bibele ya Phutheho: (30 mets.) kr kgao. 8 ¶1-7 le lebokose le reng “Ditaba Tse Molemo di Bolelwa ka Dipuo Tse Fetang 670”
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona Mme o Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ya 98 le Thapelo