Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
6-12 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESAIA 47-51
“Jehova o a re Hlohonolofatsa ha re mo Mamela”
(Esaia 48:17) Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele: “Nna, Jehova, ke Modimo wa hao, ke nna ya o rutang hore o itswele molemo, ya etsang hore o tsamaye tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona.
ip-2 131 ¶18
Jehova o re Ruta Hore re Itswele Molemo
“Ela Ditaelo Tsa ka Hloko!”
18 Jehova o ile a susumetsa moprofeta hore a ngole sena: “Jwale Mmusi Morena Jehova o nthumile, ona moya wa hae. Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele: “Nna, Jehova, ke Modimo wa hao, ke nna ya o rutang hore o itswele molemo, ya etsang hore otsamaye tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona.’” (Esaia 48:16b, 17) Mantswe ana a Jehova a lokela ho kgodisa setjhaba sa Iseraele hore otla ba lopolla Babylona. Ke yena Morekolli wa bona. (Esaia 54:5) Jehova o labalabela hore Baiseraele ba mamele ditaelo tsa hae le hore ba lokise kamano ya bona le yena. Borapedi ba nnete bo itshetlehile ka ho mamela ditaelo tsa Modimo. Baiseraele ha ba na bokgoni ba ho tsamaya tseleng e nepahetseng ntle le ha ba ka e rutwa.(Esaia 48:18) Hoja o ka ela ditaelo tsa ka hloko! Jwale kgotso ya hao e ne e tla tshwana le noka, mme ho loka ha hao ho tswane le maqhubu a lewatle.
ip-2 131 ¶19
Jehova o re Ruta Hore re Itswele Molemo
19 Jehova o labalabela hore batho ba hae ba qobe ditlokotsi mme ba thabele bophelo ha a re: “Hoja o ka ela ditaelo tsa ka hloko! Jwale kgotso ya hao e ne e tla tshwana le noka, mme ho loka ha hao ho tshwane le maqhubu a lewatle.” (Esaia 48:18) Bona ke boipiletso bo matla hakakaang bo tswang ho Mmopi wa rona! (Deuterunuma 5:29; Dipesaleme 81:13) Ho ena le hore Baiseraele ba ye bokgobeng, ba ka thabela kgotso e ngata jwaloka noka e phallang. (Lipesaleme 119:165) Diketso tsa bona tsa ho loka di ka ngatafala jwaloka maqhubu a lewatle. (Amose 5:24) Kaha Jehova o tsotella Baiseraele, o ipiletsa ho bona ka lerato ka ho ba bontsha tsela eo ba lokelang ho tsamaya ho yona. Hoja feela ba ne ba ka mamela ditaelo tsa hae!
(Esaia 48:19) Bana ba haoba ne ba tla tswana le lehlabathe, mme ditloholo tse tswang dithong tsa hao tse ka hare di tshwane le dithollo tsa lona. Lebitso la motho le ne le ke ke la tloswa kapa la fediswa ka pela ka.”
ip-2 132 ¶20-21
Jehova o re Ruta Hore re Itswele Molemo
20Baiseraele ba ne ba ka fumana ditlhohonolofatso dife haeba ba ne ba ka baka?
Jehova o re: “Bana ba hao ba ne ba tla tshwana le lehlabathe, mme ditloholo tse tswang dithong tsa hao tse ka hare di tshwane le dithollo tsa lona. Lebitso la motho le ne le ke ke la tloswa kapa la fediswa ka pela ka.” (Esaia 48:19) Jehova o ile a hopotsa setjhaba ka tshepiso eo a e entseng ho Abrahama ya hore peo ya hae e ne e tla ba ngata, “jwaloka dinaledi tsa mahodimo le jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle.” (Genese 22:17; 32:12) Leha ho le jwalo, ditloholo tsena tsa Abrahama di ile tsa lahla Jehova, kahoo ha di sa tla fumana ditlhohonolofatso tseo. Ka sebele, ba ile ba halefisa Jehova hoo a ileng a fana ka molao wa hore ba fediswe. (Deuteronoma 28:45) Sena ha se bolele hore Jehova o kgahlwa ke ho ba fedisa, ebile ha a batle ho ba lahla ka boyena.
21 Melaotheo ena e matla e boletsweng ka hodimo, e ka thusa barapedi ba Jehova kajeno. Jehova ke Mohlodi wa bophelo, kahoo o tseba ho feta leha ele mang hore na re phele jwang. (Lipesaleme 36:9) O re file tataiso, e sa re hatelleng, empa e re tswelang molemo. Bakreste ba nnete ba kgetha ho tataiswa ke Jehova. (Mikea 4:2) Tataiso ya hae e sireletsa tumelo ya rona le kamano e teng pakeng tsa rona le yena, hape e re sireletsa tshusumetsong e mpe ya Satane. Ha re ananela melaotheo ena e thehilweng melaong ya Modimo re a hlokomela hore Jehova o re ruta hore re itswele molemo. Re a elellwa hore “ditaelo tsa hae ha di boima.” Ha re etsa jwalo re ke ke ra fediswa.—1 Johanne 2:17; 5:3.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Esaia 49:6) O ile a re: “Ha ya ba taba e sa reng letho hore o be mohlanka wa ka bakeng sa ho hlahisa meloko ya Jakobo le ho kgutlisa ba sireleditsweng ba Iseraele; ke boetse ke fane ka wena hore o be lesedi la ditjhaba, e le hore poloko ya ka e ka ba teng ho isa pheletsong ya lefatshe.”
w07 1/15 9 ¶8
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Esaia—II
49:6—Ho tla jwang hore Mesia e be “lesedi la ditjhaba,” le hoja ha a ne a le lefatsheng a ne a sebeletsa bara ba Iseraele feela? Taba eo e ile ya etsahala kamora lefu la Jesu. Esaia 49:6 e buwa ka barutuwa ba Jesu. (Liketso 13:46, 47) Mehleng ena, Bakreste ba tlotsitsweng, ba thuswang ke barapedi ba bangata, ba sebeletsa e le “lesedi la ditjhaba,” mme ba lemosa batho “ho tloha pheletsong enngwe ya lefatshe ho isa ho enngwe.”—Matheu 24:14; 28:19, 20.
(Esaia 50:1) Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Jwale, le hokae lengolo la tlhalo la mma lona, eo ke itseng a tsamaye? Kapa ke o fe ho batho bao ke ba kolotang eo ke le rekisitseng ho yena? Bonang! Le rekisitswe ka lebaka la diphoso tsa lona, mme mma lona ho itswe a tsamaye ka lebaka la ditlolo tsa lona.
it-1 643 ¶4-5
Tlhalo
Tlhalo ya Tshwantshetso. Ka dinako tse ding, ka Bibeleng ho hlaloswa lenyalo ka tsela ya tshwantshetso. (Esa 54:1, 5, 6; 62:1-6) Sena se ka boela sa sebetsa le tabeng ya tlhalo, kapa ho tebela mosadi.—Jer 3:8.
Mmuso wa Juda o ile wa fediswa ka selemo sa 607 pele ho mehla ya Jesu, mme baahi ba yona ba iswa bokgobeng Babylona. Dilemo pele ho moo, Jehova o ne a ile a profeta sena se latelang ho Bajuda bao ba neng ba tla be ba le bokgobeng: “Jwale, le hokae lengolo la tlhalo la mma lona, eo ke itseng a tsamaye?” (Esa 50:1) “Mme” eo e leng puso ya Juda, o ile a hlalwa, hobane a ile a roba kapa a tswa selekane sa Molao tlase. Empa Baiseraele ba bakileng ba ileng ba sala, ba ile ba rapella hore kamano ya bona le Jehova jwaloka monna wa bona wa tshwantshetso e ka boela ya eba e ntle. Ka selemo sa 537 pele ho mehla ya Jesu, qetellong ya dilemo tse 70 tsa bokgoba, Jehova o ile a kgutlisetsa setjhaba sa hae Jerusalema jwalokaha a ne a tshepisitse e le hore a ka tlotlisa lebitso la hae—Pes 137:1-9.
Mmalo wa Bibele
(Esaia 51:12-23) “Nna ke nna ya le tshedisang.“O mang hore o tshabe motho ya shwang ya tla shwa, le mora wa moloko wa batho ya tla etswa hore a be jwaloka jwang bobotala? 13 Le hore o lebale Jehova Moetsi wa hao, ya otlollang mahodimo le ya ralang motheo wa lefatshe, hoo o ileng wa tshoha letsatsi lohle ka lebaka la kgalefo ya ya o potapotang, jwalokaha e ka o ne a itokiseditse ho o fedisa? E ho kae kgalefo ya ya o potapotang? 14 Ka sebele ya inamang a tlamilwe ka diketane o tla lokollwa ka potlako, e le hore a se ke a ya ka sekoting a shwele le hore bohobe ba hae bo se ke ba haella. 15 Empa nna, Jehova, ke Modimo wa hao, ya fuduhang lewatle hore maqhubo a lona a lwebehlane. Lebitso la hae ke Jehova wa mabotho. 16 Ke tla kenya mantswe a ka molomong wa hao, mme ka sebele ke tla o kwahela ka moriti wa letsoho la ka, e le hore ke leme mahodimo le ho rala motheo wa lefatshe le ho re ho Sione, ‘Ke lona setjhaba sa ka.’ 17 Tsoha, tsoha, phahama, Wena Jerusalema, wena ya nweleng letsohong la Jehova senwelo sa hae sa kgalefo. Mopotjwana, senwelo se bakang ho thekesela, le se nwele, le se menyeleditse. 18 Ha ho le ya mong wa bara bao a ba tswetseng ya mo feleheditseng, mme ha ho le ya mong wa bara bohle bao a ba hodisitseng ya tshwereng letsoho la hae. 19 Dintho tseo tse pedi di ile tsa o hlahela. Ke mang ya tla o utlwela bohloko? Tlatlapo le thipitlo, le tlala le sabole! Ke mang ya tla o tshedisa? 20 Bara ba hao ba akgehile. Ba robetse mateanong a diterata tsohle jwaloka dinku tse hlaha ka hara letlowa, jwaloka ba tletseng kgalefo ya Jehova, kgalemelo e matla ya Modimo wa hao.” 21 Ka hona, ka kopo, mamela sena wena mosadi ya hlorileng le ya tahilweng, empa eseng ke veine. 22 Sena ke seo Morena wa hao, Jehova, Modimo wa hao, ya lwanelang batho ba hae, a se boletseng: “Bona! Ke tla tlosa senwelo se bakang ho thekesela letsohong la hao. Mopotjwana, senwelo sa ka sa kgalefo—ha o sa tla hlola o nwela ho sona. 23 Ke tla se beha matsohong a ba o halefisang, ba itseng ho moya wa hao, ‘Inama e le hore re tshele,’ hoo o ileng wa sebedisa mokokotlo wa hao jwaloka mobu, le jwaloka seterata bakeng sa ba tshelang.”
13-19 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESAIA 52-57
“Kreste o Ile a Utlwa Bohloko ka Lebaka la Rona”
(Esaia 53:3-5) o ile a nyediswa mme a qojwa ke batho, motho ya reretsweng bohloko le ho tlwaelana le bolwetse. E ne eka re patelwa sefahleho sa hae. O ile a nyediswa, mme ra mo nka e se wa bohlokwa. 4 Kannete o ile a jara malwetse a rona; mme ha e le bohloko ba rona, o ile a bo jara. Empa ra lekanya hore wa otlwa, o hlokofatswa ke Modimo mme o a hloriswa. 5 Empa o ne a hlajwa ka lebaka la ditlolo tsa rona; o ne a hatellwa ka lebaka la diphoso tsa rona. Tjhapo e reretsweng hore re be le kgotso e bile hodima hae, mme re fumane phodiso ka lebaka la maqeba a hae.
w09 1/15 26 ¶3-5
Mohlanka wa Jehova—‘O Ile a Hlajwa ka Lebaka la Dibe Tsa Rona’
Ba ne ba monyatsa ba Bile ba mo Nka “e se wa Bohlokwa”
3 Bala Esaia 53:3. O se o ka inahanela fela hore na e tlameha ebe ho ne ho le jwang hore Mora a le mong fela ya ratwang wa Modimo a tlohe lehodimong pela Ntate wa hae ebe o tla lefatsheng hore a tlo fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo ho lopolla batho sebeng le lefung! (Fil. 2:5-8) Sehlabelo seo sa hae se ile sa phetha morero wa ho tshwarela e le kannete, e leng seo mahlabelo a neng a etswa ka diphoofolo Molaong wa Moshe a neng a sa se etse. (Heb. 10:1-4) Na Bajuda ba ne ba sa lokela ho mo amohela le ho mo hlompha jwalokaha e ne e le Mesia ya tshepisitsweng? (Johanne 6:14) Ho e na le hore ba etse jwalo, Bajuda ba ile ba mo ‘nyatsa’, ba mo nka “e se wa Bohlokwa,” jwalokaha Esaia a ne a profetile. Moapostola Johanne o ile a ngola tjena: “O ne a le lefatsheng, mme lefatshe le bile teng ka yena, empa lefatshe ha le a ka la mo tseba.” (Johanne 1:11) Moapostola Petrose o ile a re ho Bajuda: “Modimo wa baholoholo ba rona, o tlotlisitse Mohlanka wa hae, Jesu, eo lona, le ileng la nehelana ka yena mme la mo latola ka pela sefahleho sa Pilato, ha a ne a entse qeto ya ho mo lokolla. E, le ile la latola eo ya halalelang le ya lokileng.”—Liketso 3:13, 14.
4 Esaia o ile a profeta hore Jesu o ne a tla “tlwaelana le bohloko.” Ke nnete hore ka dinako tse ding Jesu o ne a kgathala, empa ha hona moo Bibele e reng o kile a kula. (Johanne 4:6) Leha ho le jwalo, o ile a tlwaelana le mahloko a batho bao a neng a ba ruta. O ile a ba hauhela le ho ba fodisa. (Mareka 1:32-34) Jesu o phethahaditse boprofeta bo reng: “Kannete o ile a jara malwetse a rona; mme ha e le bohloko ba rona, o ile a bo jara.”—Esa. 53:4a; Matheu. 8:16, 17.
Jwalokaha Eka “oIle a Otlwa ke Modimo”
5 Bala Esaia 53:4b. Bomphato ba Jesu ba ne ba sa utlwisise hore na ke hobaneng ha a ne a lokela ho utlwa bohloko le ho shwa. Ba ne ba nka hore Modimo o a mo ahlola, jwalokaha eka o ne a mo otla ka lefu le tshabehang. (Matheu. 27:38-44) Bajuda ba ile ba qosa Jesu ka hore o a nyefola. (Mareka 14:61-64; Johanne 10:33) Empa Jesu e ne e se moetsadibe kapa monyefodi. Jesu o ile a rohakwa a ba a shwa lefu le sehloho kaha o ne a rata Jehova. Leha ho le jwalo, o ne a ikemiseditse ho etsa thatho ya Jehova.—Matheu. 26:39.
(Esaia 53:7, 8) O ile a ba tsietsing, mme a itumella hore a hloriswe; leha ho le jwalo o ne a sa ahlamise molomo. O ne a tliswa jwaloka nku tlhabong; mme jwaloka nku e tshehadi e fetohileng semumu ka pela bakuti ba yona, le yena o ne a sa ahlamise molomo. 8 O ile a tloswa ka lebaka la thibelo le kahlolo; mme ke mang ya tla nahanisisa ka dintlha tse qaqileng tsa moloko wa hae? Etswe o ile a tloswa naheng ya ba phelang. O ile a fumana tjhapo ka lebaka la tlolo ya setjhaba sa ka.
w09 1/15 27 ¶10
Mohlanka wa Jehova—‘O Ile a Hlajwa ka Lebaka la Dibe Tsa Rona’
‘OIle a Tliswa Jwaloka Nku Tlhabong’
10 Bala Esaia 53:7, 8. Ha Johanne Mokolobetsi a bona Jesu a tla, o ile a re : “Bonang, Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!” (Johanne 1:29) Mohlomong Johanne ha a bua ka Jesu e le Nku, o ne nahanne ka mantswe a latelang a ileng a buuwa ke Esaia: “O ne a tliswa jwaloka nku tlhabong.” (Esa. 53:7.) Esaia o ile a profeta a re “o tsholotse moya wa hae lefung”. (Esa. 53:12) Busiung boo Jesu a ileng theha sehopotso sa lefu la hae, o ile a fa baapostola ba 11 veine yaba o re: “sena se bolela ‘madi a selekane’ a ka, a tlang ho tshollwa molemong wa ba bangata bakeng sa tswarelo ya dibe.”—Matheu. 26:28.
(Esaia 53:11, 12) Ka lebaka la kgathatso ya moya wa hae o tla bona, a kgotsofale. Ka lebaka la tsebo ya hae ya lokileng, mohlanka wa ka, o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata; mme o tla jara diphoso tsa bona. 12 Ka lebaka leo ke tla mo fa kabelo hara ba bangata, mme thepa ya hae e hapuweng o tla e arolelana le ba matla, ka lebaka la hore o tsholotse moya wa hae lefung, mme o ile a balellwa le batlodi; o jere dibe tsa batho ba bangata, mme a kena dipakeng bakeng sa batlodi.
w09 1/15 28 ¶13
Mohlanka wa Jehova—‘O Ile a Hlajwa ka Lebaka la Dibe Tsa Rona’
Mohlanka o Tlisa “Boemo bo Lokileng ho Batho ba Bangata”
13 Bala Esaia 53:11, 12. Jehova ha a bua ka Mohlanka wa hae eo a mo kgethileng o re: “ya lokileng, mohlanka wa ka, o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata.” Ka tsela efe? Mantswe a qetellang a temana ya 12 a re fa karabo. “Mme a kena dipakeng bakeng sa batlodi.” Bana bohle ba Adama ba hlahile e le baetsadibe, “batlodi,” kahoo ba fumana “moputso wa sebe,” e leng, lefu. (Bar. 5:12; 6:23) Ho hlokahala hore batho ba boelane le Jehova kaha ke baetsadibe. Boprofeta ba Esaia kgaolo ya 53 bo hlalosa ka tsela e hlakileng kamoo Jesu a ileng ‘a kena dipakeng,’ molemong wa baetsadibe, ka ho re: “Tjhapo e reretsweng hore re be le kgotso e bile hodima hae, mme re fumane phodiso ka lebaka la maqeba a hae.”—Esa. 53:5.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Esaia 54:1) “Ho eletsa ka thabo, wena nyopa e sa kang ya beleha! Nyakalla ka mohoo wa thabo mme o tlerole ditlatse, wena ya sa kang a ba le bohloko ba pelehi, etswe bara ba ya lahlilweng ba bangata ho feta bara ba mosadi ya nang le monghadi eo e leng monna,” ho boletse Jehova.
w06 3/15 11 ¶2
“Ketsahalo e Tshwantshetsang” ya Bohlokwa ho Rona
Sara, e leng “mosadi ya lokolohileng” le mora wa hae Isaka, ba ne ba tshwantshetsa mang? Pauluse o ile a bolela ho re Sara, e leng “mosadi wa nyopa,”o ne a emela mosadi wa Modimo, e leng karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Modimo. Pele Jesu a tla, mosadi eo wa lehodimo e ne e le nyopa kaha o ne a sena “bana”, e leng batlotsuwa lefatsheng. (Bagalata 4:27; Esaia 54:1-6) Leha ho le jwalo, ka Pentakonta ya selemo sa 33 mehleng ya Jesu, moya o halalelang o ile wa tshollelwa ho sehlopha sa banna le basadi kahoo ba tswalwa hape, e le bana ba mosadi eo wa lehodimo. Bana ba ileng ba tswalwa ke mosadi eo ba ile ba nkelwa lapeng hore ebe bara ba Modimo mme ya eba majalefa le Jesu Kreste selekaneng se setjha. (Baroma 8:15-17) Emong wa bana bana eleng Pauluse, o ile a ngola tjena: “Jerusalema wa hodimo o lokolohile, mme ke mma rona.”—Bagalata 4:26.
(Esaia 57:15) Etswe sena ke seo ya Hodimo le ya Phahameng, ya dulang ka ho sa feleng le eo lebitso la hae le halalelang, a se boletseng: “Ke dula phahameng le sebakeng se halalelang, hape ke dula le ya hateletsweng le ya moya o ikokobeditseng, hore ke hlasimolle moya wa ba ikokobeditseng le ho hlasimolla dipelo tsa ba hateletsweng.
w05 10/15 26 ¶3
Eba le Boikokobetso
Mohlala o Moholo wa Boikokobetso
3 Jehova ona le matla a ke keng a lekanngwa, kahoo “mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatshe lohle hore a bontshe matla a hae molemong wa bao dipelo tsa bona di feletseng ho yena.” (2 Likronike 16:9) Jehova o etsang ha a bona ba tlaasana ba hae ba nyahamisitswe ke dintho tse ba hlahelang matsatsing ana a ho qetela? Ka tsela e itseng, o “dula” le bao ba jwalo, ka moya wa hae e le ‘hore a hlasimolle dipelo tsa ba hateletsweng.’ (Esaia 57:15) Kahoo, ka mora hore a ba hlasimolle jwalo, ba mosebeletsa ba thabile. Na hoo ha se hona ho ikokobetsa!
Mmalo wa Bibele
(Esaia 57:1-11) Ya lokileng o timetse, empa ha ho ya tebisetsang seo pelong. Batho ba nang le mosa o lerato ba nkelwa ho ba shweleng, mme ha ho ya lemohang hore ke ka lebaka la tlokotsi hore ebe ya lokileng o nkilwe. 2 O kena kgotsong; ba phomola dibetheng tsa bona, e mong le e mong ya tsamayang ka ho loka. 3 “Ha e le lona, atamelang mona, lona bara ba senohe sa mosadi, peo ya motho ya febang le ya mosadi ya etsang botekatse: 4 Le ithabisa ka lebaka la mang? Ke mang eo le ntseng le mo ahlamisetsa melomo, le tjhaditsa maleme? Na ha le bana ba tlolo, peo ya leshano, 5 ba tsosang takatso e matla hara difate tse kgolo, tlasa sefate se seng le se seng se behang haholo, ba bolayang bana diphuleng tsa molapo o phoroselang tlasa mafaru a mafika? 6 Kabelo ya hao e bile majwe a boreledi a phula ya molapo o phoroselang. Ona—e bile kabelo ya hao. Ho feta moo, o ile wa a tshella nyehelo ya seno, wa nyehela mpho. Na nka itshedisa ka lebaka la dintho tsee? 7 O behile bethe ya hao thabeng e hodimo le e phahameng. Hape o nyolohetse teng ho ya nyehela sehlabelo. 8 O behile sehopotso sa hao ka mora lemati le kosene ya monyako. Etswe kantle le nna o ile wa hlobola mme wa nyoloha; wa etsa hore bethe ya hao e be kgolo. Wa iketsetsa selekane le bona. O ratile hoba betheng le bona. O ile wa bona setho sa botona. 9 Wa theohela Meleke ka oli, mme wa nna wa etsa hore mafura a hao a be mangata. Wa tswela pele ho romela barumuwa ba hao hole, hoo o ileng wa theolela ditaba Sheole. 10 O sehlile ditseleng tsa hao tse ngata. Ha wa ka wa re, ‘Ha hona thuso!’ o fumane ho tsosoloswa ha matla a hao. Ke ka lebaka leo o sa kang wa kula. 11 O tshohile mang mme o tshaba mang, hoo o ileng wa bua leshano? Empa hase nna eo o mo hopotseng. Ha wa tebisetsa letho pelong. Na ke ne ke sa kgutsa mme ke patile ditaba? Kahoo o ne o sa tshabe esita le nna.
20-26 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESAIA 58-62
“Phatlalatsa Selemo sa Jehova sa Kamohelo”
(Esaia 61:1, 2) Moya wa Mmusi Morena Jehova o hodima ka, ka lebaka la hore Jehova o ntlotseditse hore ke bolelle ba bonolo ditaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng dipelo, ke phatlalatse tokoloho ho ba isitsweng kgolehong le ho tutuboloha ho hoholo ha mahlo ho ba tshwaruwa 2 Ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Modimo wa rona; ho tshedisa bohle ba siameng.
ip-2 322 ¶4
Ho Loka Ho a Hlaha Sione
“Selemo sa Kamohelo”
4 Esaia o re: “Moya wa Mmusi Morena Jehova o hodima ka, ka lebaka la hore Jehova o ntlotseditse hore ke bolelle ba bonolo ditaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng dipelo, ke phatlalatse tokoloho ho ba isitsweng kgolehong le ho tutuboloha ho hoholo ha mahlo ho batshwaruwa.” (Esaia 61:1) Ke mang ya ileng a laelwa hore a bolele ditaba tse monate? Kamoo ho bonahalang kateng, Esaia ke yena eo qalong a ileng a budulelwa ke Modimo hore a ngole tlaleho e buang ka ditaba tse monate ka batlamuwa ba Babylona. Leha ho le jwalo, Jesu o ne a bua ka ho phethahala ha boprofeta ba bohlokwa ho yena ha a ne a qotsa mantswe a Esaia. (Luka 4:16-21) Ho totobetse ho re Jesu ke yena ya ileng a romelwa hore a bolelle ba bonolo ditaba tse monate, mme rea hopola hore o ile a tlotswa ka moya o halalelang ha a kolobetswa.—Matheu 3:16, 17.
(Esaia 61:3, 4) Ho abela ba siametseng Sione, ho ba fa se rwalwang hloohong ho ena le molora, oli ya thabo e kgaphatsehang ho ena le ho siama, seaparo sa kahodimo sa thoriso ho ena le moya o nyahameng; mme ba tla bitswa difate tse kgolo tsa ho loka, tse lemilweng ke Jehova, hore a tlotliswe. 4 Ba tla tsosolosa dibaka tseo e leng kgale di ripitlilwe; ba tla tsosa masupi a dinakong tsa kgale, mme ka sebele ba tla ntjhafatsa metse e ripitlilweng, dibaka tseo e bileng lesupi ho isa molokong omong ka mora omong.
ip-2 326-327 ¶13-15
Ho Loka Ho a Hlaha Sione
13 Ho tloha ka Pentakonta ya selemo sa 33 mehleng ya Jesu ho ya pele, Modimo o ile a lema “difate tse kgolo tsa ho loka” tse tshwanang e leng bakreste ba sebete bao e leng setjhaba se setjha, “Iseraele ya Modimo.” (Bagalata 6:16) Ho theosa le makgolo a dilemo, “difate” tsena di ile tsa eba 144,000, di bonahatsa tholwana e ntle ya moya, mme di tlotlisa Jehova Modimo. (Tšenolo14:3) Ba ho qetela ba “difate” tsena tse kgolo ba nnile ba tlokoma dilemong tsa ka mora 1919, ha Jehova a ne a tsosolosa ba setseng ba Iseraele ya Modimo boemong ba bona ba ho se sebetse ka nakwana. Ka ho di fa metsi a mangata a moya, Jehova o hlahisitse moruo moholo wa difate tsa ho loka, tse behang ditholwana.—Esaia 27:6.
14 Esaia ha a bua ka “difate” tsena ho ya pele o re: “Ba tla tsosolosa dibaka tseo e leng kgale di ripitlilwe; ba tla tsosa masupi a dinakong tsa kgale, mme ka sebele ba tla ntjhafatsa metse e ripitlilweng, dibaka tseo e bileng lesupi ho isa molokong omong ka mora omong.” (Esaia 61:4) Bajuda ba tshepahalang, ba neng ba tataiswa ke Cyruse Morena wa Persia ba ile ba kgutla ho ya tsosolosa tempele e Jerusalema, eo e neng e ile ya ba boemong bo sa jeseng ditheohelang ka nako e telele. Mesebetsi ya tsosoloso e ne e tla boela e tshwaye dilemo tse latelang selemo sa 33 le sa 1919.
15 Ka selemo sa 33 mehleng ya Jesu, barutuwa ba Jesu ba ile ba tshoha ha a tshwarwa, a qoswa, le ho bolawa. (Matheu 26:31) Leha ho le jwalo, pono ya bona e ile ya fetoha ha a itlhahisa ho bona ka mora ho tsoswa bafung. Eitse hang ha moya o halalelang o ba fihlela, ke ha ba phathahana ka mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate, “Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e holehole ya lefatshe.” (Liketso1:8) Ka tsela eo ba tsosolosa borapedi ba nnete. Ka tsela e tshwanang, ho tloha ka selemo sa 1919 ho ya pele, Jesu Kreste o ile a re batlotsuwa ba setseng ba tsosolose “dibaka tseo e bileng lesupi ho isa molokong omong ka mora omong.” Ka makgolo a dilemo Baruti ba bodumedi ba maka, ba ile ba hloleha ho ruta batho ka Jehova, mme ba ba ruta dithuto tsa leshano le meetlo le dintho tse sa tsweng ka Bibeleng. Bakreste ba tlotsitsweng ba ile ba tlosa ditlwaelo tse neng di silafaditswe ke bodumedi ba bohata ka diphuthehong tsa ha bo bona, e le hore borapedi ba nnete bo ka tswela pele ho tsosoloswa. Mme ba ile ba qadisa letsholo le neng le tla ipaka e le le leholo ka ho fetisisa le kileng la tsejwa lefatsheng.—Mareka 13:10.
(Esaia 61:5, 6) “Basele ba tla ema mme ba dise mehlape ya lona, basele e tla ba dihwai tsa lona le balemi ba lona ba morara. 6 Ha e le lona, le tla bitswa baprista ba Jehova; ho tla thwe le basebeletsi ba Modimo wa rona. Le tla ja maruo a ditjhaba, mme kganyeng ya tsona le tla ipolela ka nyakallo.
w12 12/15 25 ¶5-6
“Baahi ba Nakwana” ba Kopaneng Borapeding ba Nnete
5 Ka lehlakoreng le leng, motho emong a ka nna a qotsa Esaia kgaolo ya 61, e buang ka boprofeta bo phethahalang ka phuthehong ya Bokreste. Temana ya 6 e bua ka ba tla busa e le “baprista ba Jehova.” Temana ya 5, yona, e buwa ka ‘matswantle’ ba tla sebetsa mmoho le “baprista.” Re ka utlwisisa taba ena jwang?
6 Re utlwisisa “baprista ba Jehova” e le Bakreste ba tlotsitsweng ba tla ba le kabelo “tsohong ya pele” le bao“ e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena e le marena ka dilemo tseo tse sekete.” (Tšen. 20:6) Ho boetse hona le Bakreste ba tshepahalang ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng. Le hoja bana ba sebetsa mmoho le ba tla phela lehodimong, ke matswantle, ka puo ya tshwantshetso. Ba thabela ho sebetsa le ho thusa “baprista ba Jehova,” ba sebetsa jwaloka “dihwai” le “batho ba lemang dirapa tsa morara”. Ha e le hantle, ba thusa batlotsuwa ho tlotlisa Modimo ka ho bolela le ho ruta ba bang nnete. Ka sebele, batlotsuwa le “dinku tse ding” ba fumana batho ba tshepahalang ba lakatsang ho sebeletsa Modimo ka ho sa feleng mme ba ba disa ka lerato.—Johanne. 10:16.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Esaia 60:17) Ke tla tlisa kgauta ho ena le koporo, ke tla tlisa silevera ho ena le tshepe, mme ke tla tlisa koporo, ho ena le lehong, ke tlise tshepe, ho ena le majwe; ke tla beha kgotso hore e be balebedi ba hao le ho loka hore e be ba o abelang mosebetsi.
w15 7/15 9-10 ¶14-17
Kgabisa Paradeise ya Moya
14 Ba bangata ba hodileng diphuthehong tsa habo rona ba bone diphetoho tse ntlafaditseng karolo e lefatšeng ya mokgatlowa Jehova. Ba hopola nakong eo mosebetsi diphuthehong o neng o tsamaiswa ke mohlanka wa phutheho e seng sehlopha sa baholo, mme dinaheng o tsamaiswa ke mohlanka wa lekala eseng Komiti ya Lekala le nakong eo mopresidente wa Mokgatlo wa Watch Tower a neng a tataisa mosebetsi ho fapana le Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova. Le hoja bara bana babo rona ba ne ba ena le bathusi ba tshepahalang, e ne e le motho a le mong feela ya etsang diqeto ka phuthehong, ofising ya lekala esita le ntlokgolo. Ka mora 1970, dintho di ile tsa fetoha hore sehlopha sa baholo e be sona se etsang diqeto, eseng motho a le mong.
15 Ke hobaneng ha diphetoho tsee di ruisitse mokgatlo molemo? Hobane di ne di thehilwe kutlwisisong e hlakileng haholwanyane ya Mangolo. Ho ena le hore ebe motho a le mong ya etsang diqeto, mokgatlo o rua molemo ditshobotsing tse ntle tsa baholo bohle, kapa “dimpho tseo e leng banna” tseo Jehova a faneng ka tsona.—Baefese 4:8; Liproverbia 24:6.
16 Nahana ka diphetoho tse ding tse sa tswa etswa dingolweng tsa rona. Ha re le tshimong, re thabela ho fa batho dingolweng tse bohehang tse ka ba thusang. Hape nahana kamoo re sebedisang theknoloji kateng ho bolela ditaba tse monate. Ka mohlala, Websaete ya rona ya jw.org e finyella batho ba bangata e le hore ba ka fumana thuso eo ba e hlokang. Diphetoho tsena tsohle di re bontsha kamoo Jehova a ratang le ho tsotella batho kateng.
17 Re boetse re ananela phetoho e ileng ya etswa dibokeng tsa rona e re fileng nako ya ho tshwara borapedi ba lelapa kapa ho ithuta re le bang. Hape re ananela diphetoho tse entsweng mananeong a dikopano tse kgolo le tse nyenyane. Aa ntlafala selemo le selemo! Ho feta moo re thabela kwetliso eo re e fumanang dikolong tse ngata tsa Bibele. Diphetoho tsena tsohle di bontsha ka ho hlaka hore Jehova o laola mokgatlo wa hae le hore o tswela pele ho kgabisa paradeise ya moya!
(Esaia 61:8, 9) Etswe nna, Jehova, ke rata toka, ke hloile tlatlapo hammoho le ho se loke. Ke tla fana ka moputso wa bona ka nnete, mme ke hlabe selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetswang le bona. 9 Bana ba bona ba tla tsejwa hara ditjhaba, le ditloholo tsa bona hara ditjhaba. Bohle ba ba bonang ba tla ba tseba, hore ke bana bao Jehova a ba hlohonolofaditseng.”
w07 1/15 11 ¶5
Dintlha-kgoloTsa Buka ya Esaia—II
Dipotso Tsa Mangolo Dia Arajwa:
61:8, 9—“Selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetswang” keng, hona “bana” ke bomang? Ke selekane se setjha seo Jehova a se entseng le Bakreste ba tlotsitsweng. “Bana” ke “dinku tse ding” e leng batho ba dimilione ba amohelang molaetsa wa bona.—Johanne 10:16.
Mmalo wa Bibele
(Esaia 62:1-12) Ka lebaka la Sione nke ke ka kgutsa, mme ka lebaka la Jerusalema nke ke ka kgutsa ho fihlela ho loka ha hae ho hlaha jwaloka kganya, le poloko ya hae jwaloka serumula se tukang. 2 “Ka sebele ditjhaba di tla bona ho loka ha hao, Wena mosadi, mme marena ohle a bone kganya ya hao. O tla bitswa ka lebitso le letjha, leo molomo wa Jehova o tla le kgetha. 3 O tla fetoha moqhaka wa botle letsohong la Jehova, le tuku ya borena letsohong la Modimo wa hao. 4 Ha ho sa tla hlola ho thwe o mosadi ya tlohetsweng ka ho feletseng; mme ha ho sa tla hlola ho thwe naha ya hao ke lesupi; empa o tla bitswa Thabo ya ka e ho Yena, naha ya hao e bitswe ya Ruilweng Jwaloka Mosadi. Etswe Jehova o tla ithabela ho wena, mme naha ya hao e tla ruuwa jwaloka mosadi. 5 Etswe feela jwalokaha mohlankana a rua morwetsana jwaloka mosadi wa hae, bara ba hao ba tla o rua jwaloka mosadi wa bona. Ka thabo e kgaphatsehang eo monyadi a bang le yona ka monyaduwa, Modimo wa hao o tla ithabela ho wena. 6 Wena Jerusalema, ke behile balebedi marakong a hao. Motshehare ohle le bosiu bohle, kamehla, ba se ke ba dula ba tsitsitse.“Lona ba buang ka Jehova, le se ke la kgutsa, 7 mme le se ke la mo fa kgotso ho fihlela a tiisa, e, ho fihlela a tiisa Jerusalema jwaloka thoriso lefatsheng.” 8 Jehova o hlapantse ka letsoho la hae le letona le ka letsoho la hae le matla: “Ha ke sa tla hlola ke fana ka dijothollo tsa hao e le dijo ho dira tsa hao, kapa basele ba nwe veine ya hao e ntjha, eo o e sehletseng. 9 Empa ba di bokellang ba tla di ja, mme ka sebele ba rorise Jehova; ba e bokellang ba tla e nwella mabaleng a ka a halalelang.” 10 Tswang, tswang dihekeng. Hlekang tsela ya batho. Etsang tutudu, etsang tutudu tseleng e kgolo. Tlosang majwe ho yena. Phahamisang pontsho bakeng sa ditjhaba. 11 Bonang! Jehova o entse hore e utluwe karolong e holehole ya lefatshe: “Ereng ho moradi wa Sione, ‘Bona! Poloko ya hao ya tla. Bona! Moputso oo a fanang ka ona o ho yena, mme moputso oo a o lefang o ka pela hae.’ ” 12 Ka sebele batho ba tla ba bitsa setjhaba se halalelang, se rekolotsweng ke Jehova; mme o tla bitswa ya Batlwang, Motse o sa Tlohelwang ka ho Feletseng.
27 FEBRUARY–5 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESAIA 63-66
“Mahodimo a Matjha le Lefatshe le Letjha di Tla Tlisa Thabo e Kgaphatsehang”
(Esaia 65:17) Etswe bonang! ke bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha; mme dintho tsa pele di ke ke tsa hopolwa, kapa tsa fihla ka pelong.
ip-2 383 ¶23
“Le Nyakalle ka ho sa Feleng ka Lebaka la Seo ke se Bopang”
23 Buka ya Tshenolo e hlalosa pono eo moapostola Johanne a ileng a e bona ya letsatsi la Jehova le tlang, leo tsamaiso ena ya dintho e tlang ho fediswa ka lona. Ka mora moo, Satane o tla kwallwa sekoting. (Tšenolo 19:11–20:3) Ka mora ho hlalosa sena, Johanne o dumellana le mantswe a Esaia a boprofeta, o a ngola: “Ka bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha.” Ditemana tse latelang tlalehong ya pono ena e thabisang di bua ka nako eo ka yona Jehova Modimo a tlang ho fetola maemo a lefatshe lena ka ho feletseng mme a tlise a molemo. (Tšenolo 21:1, 3-5) Ho hlakile hore tshepiso ya Esaia ya “mahodimo a matjha le lefatshe le letjha” e tla phethahala ka tsela e hlollang lefatsheng le letjha la Modimo! Tlasa mahodimo ao a matjha a puso, mokgatlo wa lefatshe le letjha o tla thabela paradeise ya moya le ya sebele. Ka sebele tshepiso ya hore “dintho tsa pele [ho kula, ho utlwa bohloko le mathata a mang a mangata ao batho ba tobanang le ona] di ke ke tsa hopolwa, kapa tsa fihla ka pelong” ke e tshedisang. Ntho le ha e le efe eo re ka e hopolang ka nako eo ha e na hore utluisa bohloko bo tebileng, kapa bo hlabang, bo teng hona jwale dipelong tsa ba bangata.
(Esaia 65:18, 19) Empa thabang, mme le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bopang. Etswe bonang! ke bopa Jerusalema hore e be sesosa sa nyakallo le batho ba yona e be sesosa sa thabo e kgaphatsehang. 19 Ke tla ithabela ho Jerusalema mme ke ithabele ho setjhaba sa ka; ha ho sa tla hlola ho utluwa ho wena modumo wa ho lla kapa modumo wa lerata la ho utlwa bohloko.”
ip-2 384 ¶25
“Le Nyakalle ka ho sa Feleng ka Lebaka la Seo ke se Bopang”
25 Le kajeno Jehova o etsa hore Jerusalema “e be sesosa sa nyakallo.” Jwang? Jwalokaha re se re bone, mahodimo a matjha a bileng teng ka 1914 a tla qetella a ena le babusimmoho ba 144 000 ka kakaretso, ba nang le kabelo mmusong wa lehodimo. Bana ba hlaloswa ka tsela ya boprofeta e le “Jerusalema e Motjha.” (Tšenolo 21:2) Modimo o re ka Jerusalema e Motjha: “Bonang! ke bopa Jerusalema hore e be sesosa sa nyakallo le batho ba yona e be sesosa sa thabo e kgaphatsehang.” Modimo o tla sebedisa Jerusalema e Motjha ho tshollela ditlhohonolofatso tse ke keng tsa lekanngwa ho moloko wa batho o mamelang. Ha ho sa tla hlola ho utlwahala lerata la ho lla kapa la ho bokolla, kaha Jehova o tla kgotsofatsa tseo ‘dipelo tsa rona di di kopang.’—Pesaleme ya 37:3, 4.
(Esaia 65:21-23) Ka sebele ba tla haha matlo mme ba dule ho ona; ka sebele ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona. 22 Ba ke ke ba haha mme e mong a dule teng; ba ke ke ba lema mme e mong a je. Etswe matsatsi a setjhaba sa ka a tla ba jwaloka matsatsi a sefate; mme bakgethwa ba ka ba tla sebedisa mosebetsi wa matsoho a bona ka botlalo. 23 Ba ke ke ba sehlela lefeela, kapa ba tswalla pherekano; kahobane ke bana ba entsweng ka ba hlohonolofaditsweng ba Jehova, hammoho le ditloholo tsa bona.
w12 9/15 9 ¶4-5
Ho Tla ba le Kgotso Nakong ya Dilemo Tse Sekete Le ka Mora Tsona!
‘BA TLA HAHA MATLO MME BA LEME DIRAPA TSA MORARA’
4 Na hona le motho ya ke keng a rata hoba le ntlo ya hae, sebaka seo yena le ba lelapa la hae ba ka dulang ho sona ba sireletsehile? Leha ho le jwalo, kajeno lefatsheng hona le mathata a maholo a bodulo. Batho ba petetsane ditoropong. Ba bangata ba bona ba tlameha ho fumana bodulo ba nakwana mekhukhung le ditakaneng tsa ditoropong. Ha ba na tshepo ya hore ba sa tla ke ba be le matlo a bona.
5 Tlasa mmuso wa Modimo takatso ya moahi e mong le e mong ya ho ba le ntlo ya hae e tla phethahala, kaha Esaia o ile a profeta a re: “Ka sebele ba tla haha matlo mme ba dule ho ona; ka sebele ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona.” (Esa. 65:21) Leha ho le jwalo, hase feela hore batho ba na le tshepo ya ho ba le matlo ao e leng a bona. Etswe kajeno ba bang ba na le matlo a bona, mme ba mmalwa ba bile ba dula matlong a maholo. Leha ho le jwalo, ba dula ba tshohile hore ba ka lahlehelwa ke matlo ao ha maemo a bona a ditjhelete a fetoha kapa ba tshohile hore ba ka nna ba hlaselwa ke mashodu kapa ba hlahelwa ke ho hobe le ho feta. Empa tlasa mmuso wa Modimo maemo e tla ba a fapaneng haholo! Moprofeta Mikea o ile a ngola a re: “Ka sebele e mong le e mong o tla dula tlasa sefate sa hae sa morara le tlasa sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha eba le ya etsang hore ba thothomele.”—Mik. 4:4.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Esaia 63:5) Ka nna ka tadima, empa ho ne ho se na mothusi; yaba ke qala ho iponahatsa ke maketse, empa ho ne ho se na ya fanang ka tshehetso. Kahoo letsoho la ka la mpha poloko, mme ka tshehetswa ke kgalefo ya ka.
w07 1/15 11 ¶6
DintlhakgoloTsa Buka ya Esaia—II
63:5—Kgalefo ya Modimo e mo tshehetsa jwang? Kgalefo ya Modimo ke boikutlo boo a kgonang ho bo laola, ke kgalefo ya hae e lokileng. Kgalefo ya hae ya mo tshehetsa ebile e mo susumelletsa ho phetha dikahlolo tsa hae tse lokileng.
(Esaia 64:8) Jwale, Jehova, o Ntata rona. Re letsopa, mme o Sebopi sa rona; kaofela ha rona re mosebetsi wa letsoho la hao.
w13 6/15 25 ¶3-5
Dumella Tayo ya Jehova Hore e o Bope
KAMOO SEBOPI SE SEBEDISANG BOLAODI KATENG
3 Ha Esaia 64:8 e hlalosa bolaodi boo Jehova a nang le bona hodima batho le ditjhaba ka tsela ya tshwantshetso, e re: “Jehova, o Ntata rona. Re letsopa, mme o Sebopi sa rona; kaofela ha rona re mosebetsi wa letsoho la hao.” Sebopi se na le matla a feletseng a ho bopa sejana sa mofuta ofe kapa ofe seo se batlang ho se bopa. Letsopa le ke ke la bolella sebopi hore na se bope eng. Ke ntho e tshwanang ka batho le Modimo. Batho ha ba na tokelo ya ho pheha kgang le Modimo hore na a ba bope jwang, jwalokaha letsopa le ke ke la bolella sebopi hore na se etse pitsa kapa sejana se jwang.—Bala Jeremia 18:1-6.
4 Jehova o bontshitse ka Iseraele ya boholoholo hore o na le matla a ho etsa seo sebopi se se etsang ka letsopa. Empa ho na le phapang e kgolo. Sebopi se ka etsa sejana sa mofuta ofe kapa ofe seo se ka kgonang ho se etsa ka kgwabi ya letsopa. Na Jehova o qobella batho kapa ditjhaba ho bopeha ka tsela e itseng ka hore a etse ba bang ba lokile ba bang ba le kgopo? Bibele ha e dumellane le seo. Jehova o file batho mpho ya bohlokwa haholo, e leng mpho ya ho ikgethela. Ha a sebedise matla a hae a ho busa ka tsela e tla etsa hore mpho eo ya hae e se ke ya tswela batho molemo. Batho ba lokela ho ikgethela ho boptjwa ke mmopi wa bona, e leng Jehova.—Bala Jeremia 18:7-10.
5 Ho etsahalang haeba batho ba hana ho boptjwa ke Sebopi se Seholo? Modimo o sebedisa bolaodi ba hae jwang? Nahana hore na ho etsahalang haeba letsopa le sa tshwanelehe ho etsa ntho eo sebopi se batlang ho e etsa. Sebopi se ka etsa sejana se seng se fapaneng kapa se hle se le lahle! Leha ho le jwalo, hangata ha letsopa le se na thuso ke sebopi se molato. Ha hona mohla seo se etsahalang ka Sebopi sa rona. (Deut. 32:4) Ha motho a sa ikokobeletse hore a boptjwe ke Jehova, kamehla motho eo ke yena ya molato. Jehova o fetola tsela eo a bopang batho ka yona ho itshetlehile ka hore na ba itshwara jwang ha a ba bopa. Batho ba mo mamelang ba rua molemo. Ka mohlala, Bakreste ba tlotsitsweng ke ‘dijana tsa mohau’ tse bopetsweng hore e be ‘dijana bakeng sa tshebediso e hlomphehang.’ Ka lehlakoreng le leng, batho ba hanyetsang Modimo ka manganga ba fetoha “dijana tsa kgalefo tse entsweng hore di lokele timetso.”—Bar. 9:19-23.
Mmalo wa Bibele
(Esaia 63:1-10) Ke mang enwa ya tswang Edomo, ya apereng diaparo tse mebala e kganyang ya Bozra, enwa eo diaparo tsa hae di hlomphehang, ya tsamayang matleng a hae a maholo? “Ke nna, ya buang ka ho loka, ya atetsweng ke matla a ho pholosa.” 2 Ke hobaneng ha diaparo tsa hao di le kgubedu, le diphahlo tsa hao di tshwana le tsa ya hatakelang sehatelo sa veine? 3 “Ke hataketse bate ya veine ke le mong, ha ho ne ho se na motho eo ke nang le yena ho ditjhaba. Ka nna ka ba hatakela bohaleng ba ka, ka nna ka ba hatakela kgalefong ya ka. Madi a bona a tshikgunyang a nna a qaphaletsa diaparo tsa ka, mme ke silafaditse diphahlo tsohle tsa ka. 4 Etswe letsatsi la phetetso le pelong ya ka, mme selemo sa batho ba ka ba rekolotsweng se fihlile. 5 Ka nna ka tadima, empa ho ne ho se na mothusi; yaba ke qala ho iponahatsa ke maketse, empa ho ne ho se na ya fanang ka tshehetso. Kahoo letsoho la ka la mpha poloko, mme ka tshehetswa ke kgalefo ya ka. 6 Ka nna ka hatakela ditjhaba bohaleng ba ka, ka di tahisa ka kgalefo ya ka mme ka theolela lefatsheng madi a tsona a tshikgunyang.” 7 Ke tla bolela mosa wa Jehova o lerato, dithoriso tsa Jehova, ho ya ka sohle seo Jehova a re etseditseng sona, esita le molemo o mongata ho ntlo ya Iseraele oo a e fileng ona ho ya ka mehauhelo ya hae le ho ya ka bongata ba mosa wa hae o lerato. 8 Yaba o tswela pele hore: “Ka sebele ke batho ba ka, bara ba ke keng ba iponahatsa ba se na nnete.” Kahoo a fetoha Mopholosi wa bona. 9 Nakong ya mahlomola ohle a bona le yena o ile a hlomoha. Lenqosa la hae le ile la ba pholosa. Leratong la hae le qenehelong ya hae o ile a ba rekolla, yaba wa ba phahamisa le ho ba jara ka matsatsi ohle a kgale. 10 Empa ba rabela mme ba utlwisa moya wa hae o halalelang bohloko. Jwale a fetoha sera sa bona; a ba lwantsha.