11-17 September
EZEKIELE 46-48
Pina ya 134 le Thapelo
Seo re Tlo Ithuta Sona (3 mets. kapa ka tlase ho moo)
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG
“Ditlhohonolofatso Tseo Iseraele e Tsosolositsweng e Neng e Tla di Thabela”: (10 mets.)
Eze 47:1, 7-12—Naha e tsosolositsweng e ne e tla beha (w99 3/1 10 ¶11-12)
Eze 47:13, 14—Lelapa le leng le le leng le ne le tla fumana lefa (w99 3/1 10 ¶10)
Eze 48:9, 10—Pele naha e fuwa batho, karolo e itseng e kgethehileng e ne lokela ho ‘nehelwa’ e le “monehelo” ho Jehova
Batlisisa Matlotlo a Patilweng: (8 mets.)
Eze 47:1, 8; 48:30, 32-34—Ke hobaneng ha Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba ne ba sa lokela ho lebella hore pono ya Ezekiele ya tempele e phethahale ka tsela ya sebele? (w99 3/1 11 ¶14)
Eze 47:6—Ke hobaneng ha Ezekiele a bitswa “mora motho”? (it-2 1001)
O ithutileng ka Jehova mmalong wa Bibele wa bekeng ena?
O fumane matlotlo kapa dintlha dife tse ding mmalong wa Bibele wa bekeng ena?
Mmalo wa Bibele: (4 mets. kapa ka tlase ho moo) Eze 48:13-22
EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlase ho moo) Buella sehlooho sa Tora ya ho Lebela ya No 5—Mo bolelle hore na le tla bua kang nakong e tlang.
Leeto la ho Boela: (4 mets. kapa ka tlase ho moo) Tora ya ho Lebela ya No 5—Makasine ona o fanwe leetong la pele. Bontsha kamoo leeto la ho boela le etswang kateng ebe ka mora moo o mo bontsha e nngwe ya dingolwa tsa Bibele tseo re di sebedisang ha re kganna thuto.
Thuto ya Bibele: (6 mets. kapa ka tlase ho moo) bh 34 ¶17—Mo memele sebokeng.
PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ditlhoko Tsa Phutheho: (8 mets.) Haeba di le siyo, buisana le bamamedi ka dintlha tse hlahang Bukeng ya Selemo. (yb17 64-65)
Seo Mokgatlo o se Finyelletseng: (7 mets.) Bapala video ya Seo Mokgatlo o se Finyelletseng e lokelang ho bapalwa ka September 2017.
Thuto ya Bibele ya Phutheho: (30 mets.) kr kgao. 17 ¶19-20, mabokose Dikolo Tse Kwetlisang Basebeletsi ba Mmuso, lebokose la dipotso “Mmuso ke wa Sebele Hakae ho Wena?”
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona Mme o Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ya 11 le Thapelo