PHELA JWALO KA MOKRESTE
Dula o Tiile Tumelong Ebile o le Mafolofolo ha Maemo a Fetoha
Re ke ke ra qoba diphetoho haholoholo matsatsing ana a ho qetela. (1Ko 7:31) Re lebelletse kapa re sa lebella, diphetoho tse ka re hlahellang ebang dintle kapa dimpe, di sitisa borapedi ba rona tsa ba tsa etsa hore kamano ya rona le Jehova e senyehe. Ke eng e ka re thusang hore re dule re tiile tumelong ebile re le mafolofolo nakong ya ha maemo a fetoha? Shebella video e reng Dula o Tiile Tumelong ho sa Tsotellehe Hore na o Hokae, ebe ka mora moo o araba dipotso tse latelang:
Morabo rona o ile a fa ntate wa lelapa keletso efe?
Keletso e hlahang ho Matheu 7:25 e ile ya thusa lelapa lee jwang?
Lelapa lee le ile la itokisetsa jwang ho ya sebakeng se setjha, hona see se ile sa ba thusa jwang?
Keng e ileng ya thusa lelapa lee ho ikamahanya le maemo a matjha ka phuthehong le tshebeletsong ya tshimo?
Ke diphetoho dife tse kgolo tseo ke ileng ka tobana le tsona morao tjee:
Nka sebedisa melaomotheo e hlahang videong ee jwang maemong a ka?