Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
5-11 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 20-21
“Mang Kapa Mang ya Batlang ho ba Moholo Hara Lona e Lokela ho ba Mosebeletsi wa Lona”
(Matheu 20:3) Ha a tswa hape hoo e ka bang ka hora ya boraro, a bona ba bang ba eme ba hloka mosebetsi mmarakeng;
nwtsty media
Mmarakeng
Tse ding tsa dimmaraka, jwalo ka o boletsweng mona, di ne di le ka thoko ho tsela. Hangata barekisi ba ne ba beha dintho tseo ba di rekisang ka tseleng hoo di neng di baka moferefere. Batho ba moo ba ne ba reka dintho tse tlwaelehileng tsa ka tlung, dintho tse entsweng ka letsopa, dikgalase tse turang, meroho le ditholwana. Ka ha mehleng eo ho ne ho se na diforiji, batho ba ne ba ya mmarakeng letsatsi le leng le le leng ho lo reka. Mona moreki o ne a ka utlwa ditlaleho tsa ditaba tse tliswang ke bahwebi kapa baeti, bana ba ne ba bapala, athe ba sa sebetseng ba ne ba dula moo ba batla mosebetsi. Hona mmarakeng, Jesu o ile a fodisa ba kulang mme Pauluse yena o ile a bolela ditaba tse molemo. (Lik 17:17) Ho fapana le hoo, Bangodi le Bafarisi ba ikgohomosang ba ne ba rata ho bonwa le ho dumediswa dibakeng tsena.
(Matheu 20:20, 21) Jwale mme wa bara ba Zebedea a mo atamela a e na le bara ba hae, a mo inamela le ho kopa ho hong ho yena. Jesu a re ho yena: “O batlang?” 21 A re ho yena: “Laela hore bara bana ba ka ba babedi ba dule, e mong ka letsohong la hao le letona mme e mong ka ho le letshehadi, mmusong wa hao.”
nwtsty study note se ho Mat 20:20, 21
mme wa bara ba Zebedea: Ke mme wa moapostola Jakobo le moapostola Johanne. Ho latela tlaleho ya Mareka, Jakobo le Johanne ke bona ba ikisitseng ho Jesu. Empa ba entse kopo ena ba sebedisa mme wa bona Salome, eo ho ka etsahalang hore ebe ke mmangwane wa Jesu.—Mat 27:55, 56; Mar 15:40, 41; Joh 19:25.
e mong ka letsohong la hao le letona mme e mong ka ho le letshehadi: maemo ana ka bobedi a bontsha ho hlompheha le bolaodi, empa boemo bo hlomphehang ka ho fetisisa ke bo ka letsohong le letona.—Pes 110:1; Lik 7:55, 56; Bar 8:34.
(Matheu 20:25-28) Empa Jesu, ha a ba bitsetsa ho yena, a re: “Le a tseba hore babusi ba ditjhaba ba rena ka thata hodima tsona le banna ba baholo ba sebedisa bolaodi hodima tsona. Ha ho a lokela ho ba ka tsela ena hara lona; empa mang kapa mang ya batlang ho ba moholo hara lona e lokela ho ba mosebeletsi wa lona, mme mang kapa mang ya batlang ho ba wa pele hara lona e tla ba lekgoba la lona. Feela jwalo ka ha Mora motho a sa ka a tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moya wa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”
nwtsty study note se ho Mat 20:26, 28
mosebeletsi: Kapa “mohlanka.” Hangata Bibele e sebedisa lentswe lena la Segerike di·aʹko·nos ho hlalosa motho ya sa kgaotseng ho sebeletsa molemong wa ba bang ka boikokobetso. Lentswe lena le sebedisitswe ho hlalosa Kreste (Bar 15:8), basebeletsi kapa bahlanka ba Kreste (1Ko 3:5-7; Kol 1:23), bahlanka ba sebeletsang (Fil 1:1; 1Ti 3:8), bahlanka ba ntlo (Joh 2:5, 9) hammoho le ba boholong pusong (Bar 13:4).
a sa ka a tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa: Kapa “ho se sebeletswe, empa ho sebeletsa.”
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Matheu 21:9) Ha e le bongata, bo mo eteletseng pele le bo mo latelang ba nna ba hweletsa: “Re a rapela, pholosa Mora wa Davida! Ho hlohonolofetse ya tlang ka lebitso la Jehova! Re a rapela, mo pholose bophahamong bo hodimo!”
nwtsty study note se ho Mat 21:9
Re a rapela, pholosa: Ha e le hantle e bolela “Hosana.” Lentswe leo la Segerike le hlaha polelong ya Seheberu e bolelang “pholosa, re a rapela” kapa “ka kopo, pholosa.” Mona lentswe lena le sebedisitswe e le kopo ho Modimo bakeng sa pholoso kapa tlholo; le ka fetolelwa e le “ka kopo, re pholose ho.” Ha nako e ntse e feta, le ile la sebediswa bakeng sa thapelo le ho rorisa. Lentswe lena la Seheberu le hlaha ho Pesaleme ya 118:25, e neng e le karolo ya Dipesaleme Tsa Hallel tse neng di binwa kamehla nakong ya Paseka. Ka hoo, mantswe ana a ile a itlela ha bonolo ketsahalong ena. Tsela e nngwe eo Modimo a ileng a arabela thapelo ena e reng pholosa Mora wa Davida ebile ka ho mo tsosa bafung. Ho Matheu 21:42, Jesu ka boyena o qotsa mantswe a Pesaleme ya 118:22, 23 mme o a sebedisa ho hlalosa Mesia.
Mora wa Davida: Mantswe ana a bontsha leloko leo Jesu a tswang ho lona le karolo eo a e phethang jwalo ka Mesia ya tshepisitsweng.
(Matheu 21:18, 19) Ha a kgutlela motseng hoseng haholo, a lapa. Yaba o re hedi! mme o bona sefate sa feiga haufi le tsela yaba o ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona haese makgasi feela, yaba o re ho sona: “Ho se ke ha hlola ho eba le ditholwana tse tswang ho wena ka ho sa feleng.” Yaba sefate seo sa feiga se omella hanghang.
jy 244 ¶4-6
Ho Sebediswa Sefate sa Feiga ho Ruta ka Tumelo
Empa ke hobaneng ha Jesu a ile a etsa hore sefate se omelle? O hlalosa lebaka karabong “Kannete ke re ho lona, Haeba feela le e na le tumelo mme le sa belaele, hase feela hore le tla etsa seo ke ileng ka se etsa ho sefate sa feiga, empa hape haeba le re ho thaba ena, ‘Phahama mme o lahlelwe ka lewatleng,’ ho tla etsahala. Dintho tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le e na le tumelo, le tla di amohela.” (Matheu 21:21, 22) Ka hoo o ne a phetha ntlha eo a neng a e buile ya hore tumelo e ka suthisa thaba.—Matheu 17:20.
Ka ho etsa sefate se omelle, Jesu o ruta thuto ya ho ba le tumelo ho Modimo. O re: “Dintho tsohle tseo le di rapellang le ho di kopa le be le tumelo hore le se le hlile le di amohetse, mme le tla ba le tsona.” (Mareka 11:24) Eo ke thuto ya bohlokwa ho barutuwa ba Jesu. Ho ba le tumelo e ne e le ntho ya bohlokwa ho baapostola ba Jesu haholoholo ka ha ba ne ba tlo kopana le diteko tse boima. Empa ho na le ho hong hape hoo re ka ithutang hona ka sefate sa feiga se omellang le ho ba le tumelo.
Jwalo ka sefate sa feiga, Iseraele e ne e le setjhaba se ikaketsang. Setjhaba sena se selekaneng le Modimo, mme se bonahala e ka se mamela Molao wa hae. Le ha ho le jwalo, kaofela ha sona se ipakile se se na tumelo ebile se sa behe ditholwana tse ntle. Ho hobe le ho feta, se hana le mora wa Modimo! Ka hoo, ha Jesu a ne a etsa hore sefate sa feiga se omelle, o ne a bontsha hore na bofelo ba setjhaba sena se sa beheng ditholwana le se se nang tumelo ke bofe.
Mmalo wa Bibele
12-18 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 22-23
“Mamela Ditaelo Tse Pedi Tse Kgolo ka ho Fetisisa”
(Matheu 22:36-38) “Mosuwe, taelo e kgolo ke efe Molaong?” 37 A re ho yena: “‘O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao ohle le ka kelello ya hao yohle.’ 38 Ena ke yona taelo e kgolo le ya pele.
nwtsty study note se ho Mat 22:37
pelo: Ha lentswe lena le sebediswa ka tsela ya tshwantshetso, le ka bolela motho ya ka hare. Ha mantswe “moya” le “kelello” a sebediswa hammoho le pelo, a hlalosa tsela eo motho a ikutlwang ka yona le ditakatso tsa hae. Mantswe ana a mararo a sebedisitsweng mona e leng pelo, moya le kelello, ha a arohane mme a hatisa bohlokwa ba hore re rate Modimo ka ho felletseng.
moya: Kapa “motho.”
kelello: Ke ho ba bohlale. Motho o lokela ho sebedisa kelello ya hae e le hore a tle a tsebe Modimo le hore a tle a mo rate. (Joh 17:3; Bar 12:1) Deuteronoma 6:5 e sebedisa mantswe ana a mararo a Seheberu e leng ‘pelo, moya le matla.’ Le ha ho le jwalo, ho latela tlaleho ya Matheu jwalo ka ha e hlaha ka Segerike, ho sebediswa lentswe “kelello” ho e na le “matla.” Ho ka etsahala hore e be ho na le mabaka a etsang hore ho sebediswe mantswe a fapaneng. Le hoja qalong Seheberu sa kgale se ne se sena lentswe le tobileng bakeng sa “kelello,” hangata mohopolo ona o ne o kenyelletswa ha ho buuwa ka lentswe “pelo.” Lentswe lena ha le sebediswa ka tsela ya tshwantshetso le bolela motho ya ka hare, ho akarelletsa le seo a se nahanang, tsela eo a ikutlwang ka yona, boitshwaro le boikemisetso ba hae. (De 29:4; Pes 26:2; 64:6; sheba study note ho pelo temaneng ena.) Ka lebaka leo, moo Seheberu se sebedisang lentswe “pelo,” hangata Septuagint ya Segerike e sebedisa lentswe le tshwanang bakeng sa “kelello.” (Ge 8:21; 17:17; Lipr 2:10; Esa 14:13) Lebaka le leng leo e tlamehang e be Matheu o ile a sebedisa lentswe la Segerike “kelello” ho e na le “matla” ha a qotsa Deuteronoma 6:5 ke hore lentswe la Seheberu e leng “matla” le ka bolela matla ao motho a nang le ona mmeleng kapa tseleng eo a nahanang ka yona. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, hore ebe ho sebediswa mantswe a Seheberu le a Segerike ka nako e le nngwe ho ka re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha bangodi ba Dikosepele ba ne ba sa sebedise mantswe a tshwanang ha ba qotsa Deuteronoma.
(Matheu 22:39) Ya bobedi, e jwalo ka yona, ke ena, ‘O rate moahelani wa hao jwalo ka ha o ithata.’
nwtsty study note se ho Mat 22:39
Ya bobedi: Ho Matheu 22:37, ho ngotswe karabo ya Jesu e tobileng e yang ho Bafarisi, empa Jesu o fetela ka nqane ho potso ya bona mme o qotsa taelo ya bobedi (Le 19:18), a ruta hore ditaelo tsena tse pedi ha di arohane mme Molao ohle le Baprofeta ba itshetlehile ho tsona.—Mat 22:40.
moahelane: Lentswe la Segerike e leng “moahelane” (ha e le hantle le bolela “ya haufi le wena”) le ka akarelletsa le batho ba sa duleng haufinyane. Le ka akarelletsa motho e mong le e mong eo re sebedisanang le yena.—Lu 10:29-37; Bar 13:8-10.
(Matheu 22:40) Ditaelong tsena tse pedi ho itshetlehile Molao ohle, le Baprofeta.”
nwtsty study note se ho Mat 22:40
Molao . . . Baprofeta: Lentswe “Molao” le bua ka mangolo a Bibele ho tloha ho Genese ho ya ho Deuteronoma. Ha ho buuwa ka “Baprofeta” ho bolelwa Mangolo a boprofeta a Seheberu. Le ha ho le jwalo, ha mantswe ana a qotswa ka nako e le nngwe, ho ka etsahala hore a akarelletsa Mangolo a Seheberu kaofela.—Mat 7:12; 22:40; Lu 16:16.
itshetlehile: Leetsi la Segerike leo ka ho toba le bolelang “itshetlehile ho” mona le sebedisitswe ka tsela ya mokgabopuo e leng “ho itshetleha hodima ntho e itseng.” Ke kahoo Jesu a ileng a bontsha hore ha se Molao o nang le Melao e Leshome feela o itshetlehileng ka lerato empa le Mangolo ohle a Seheberu a itshetlehile ka lona.—Bar 13:9.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Matheu 22:21) Ba re: “Ke tsa Cesare.” Jwale a re ho bona: “Ka hona, le lefe Cesare dintho tsa Cesare, empa le lefe Modimo dintho tsa Modimo.”
nwtsty study note se ho Mat 22:21
Cesare dintho tsa Cesare: Karabo ya Jesu mona le ditlaleho tse ding tse jwalo ka tsena tse hlahang ho Mareka 12:17 le Luka 20:25, ke tsona feela tse tlalehilweng moo Jesu a buang ka moephera wa Roma. “Dintho tsa Cesare” di akarelletsa hore re patale ditshebeletso tseo re di fuwang ke mmuso le hore re hlomphe ba boholong re be re ikokobelletse bona.—Bar 13:1-7.
Modimo dintho tsa Modimo: Di akarelletsa hore motho a rapele Modimo ka pelo yohle, ka moya wa hae ohle le hore a ikokobelletse yena ka ho felletseng.—Mat 4:10; 22:37, 38; Lik 5:29; Bar 14:8.
(Matheu 23:24) Batataisi ba foufetseng, ba sefang monwang empa ba kwenya kamele!
nwtsty study note se ho Mat 23:24
ba sefang monwang empa ba kwenya kamele: Monwang le kamele di ne di le hara dibopuwa tse nyenyane le tse kgolo ka ho fetisisa tseo di neng di sa hlweka Iseraele. (Le 11:4, 21-24) Jesu o ne a sebedisa pheteletso le ho phoqa ha a ne a re baetapele ba bodumedi ba sefa dino tsa bona e le hore di se ke tsa silafatswa ke monwang empa ho e na le dintho tse kgolo tseo ba neng ba di hlokomoloha jwalo ka ho mamela Molao, e leng ketso e tshwanang le ho kwenya kamele.
Mmalo wa Bibele
19-25 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 24
“Dula o Fadimehile Matsatsing Ana a ho Qetela”
(Matheu 24:12) mme ka lebaka la ho eketseha ha tlolo ya molao lerato la ba bangata le tla fola.
it-2 279 ¶6
Lerato
Lerato la Motho le ka Fokotseha. Jesu Kreste ha a ne a bolella balatedi ba hae ka dintho tseo e neng e le hona di tla etsahala, o ne a bontsha hore lerato (a·gaʹpe) la batho ba bangata ba neng ba ipolela hore ba dumela ho Modimo le ne le tla fokotseha. (Mat 24:3, 12) Moapostola Pauluse ha a ne a bua ka matshwao a bontshang hore re phela dinakong tse thata, o ile a bolela hore batho e ne e tla ba “ba ratang tjhelete.” (2Ti 3:1, 2) Ho hlakile hore motho a ka lahlehelwa ke pono e nepahetseng ka melaomotheo ya Bibele le hore hape lerato leo a neng a e na le lona pele le ka fela. Sena se hatisa bohlokwa ba ho dula re e na le lerato ka hore re nahanisise ka Lentswe la Modimo le hore re phele tumellanong le melaomotheo ya hae.—Ef 4:15, 22-24.
(Matheu 24:39) mme ba se ke ba elellwa ho fihlela morwallo o tla mme o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mora motho ho tla ba jwalo.
w99 11/15 19 ¶5
Na o Phetha Sohle Seo o Tlamehang ho se Etsetsa Modimo?
5 Jesu Kreste o buile tjena ka dinako tse mahlonoko tseo re phelang ho tsona: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mora wa motho ho tla ba jwalo. Etswe jwalo ka ha matsatsing ao pele ho morwallo, ba ne ba ja mme ba nwa, banna ba nyala mme basadi ba nyadiswa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; mme ba se ke ba elellwa ho fihlela morwallo o tla mme o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mora wa motho ho tla ba jwalo.” (Matheu 24:37-39) Ha ho letho le phoso ka ho ja le ho nwa ha feela di etswa ka tsela e itekanetseng, mme lenyalo ke tokisetso e qapilweng ke Modimo ka boyena. (Genese 2:20-24) Le ha ho le jwalo, haeba re hlokomela hore re amehile haholo ka ho phehella dintho tse tlwaelehileng tsa bophelo, ke hobaneng ha re sa rapelle taba ee? Jehova a ka re thusa hore re etelletse Mmuso wa hae pele, re etse se nepahetseng le hore re phethe seo re tlamehang ho mo etsetsa sona.—Matheu 6:33; Baroma 12:12; 2 Bakorinthe 13:7.
(Matheu 24:44) Ka lebaka lena le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.
jy 259 ¶5
Baapostola ba Batla Letshwao
O re barutuwa ba hae ba lokela ho dula ba fadimehile, ba lebetse le ho dula ba le malala a laotswe. Jesu o hatisa bohlokwa ba taba ena ka ho etsa papiso e nngwe: “Tsebang ntho e le nngwe, hore haeba monga ntlo a ne a tsebile hore na leshodu le tla ka tebelo efe, a ka be a ile a dula a fadimehile mme a se ke a dumella hore ntlo ya hae e thuhuwe. Ka lebaka lena le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.”—Matheu 24:43, 44.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Matheu 24:8) Dintho tsena tsohle ke tshimoloho ya bohloko ba mahlomola.
nwtsty study note se ho Mat 24:8
bohloko ba mahlomola: Mantswe ana a Segerike ha e le hantle a bolela bohloko boo motho a bo utlwang nakong ya pelehi. Le hoja a sebedisetswa ho hlalosa mahlomola le ho utlwa bohloko ka tsela ya sebele, a ka nna a bolela hore jwalo ka bohloko ba pelehi, mathata le ho utlwa bohloko tse boletsweng esale pele di tla eketseha ka sekgahla le ho mpefala haholo pele mahlomola a maholo ao ho builweng ka ona ho Matheu 24:21 a qala.
(Matheu 24:20) Le nne le rapele hore paleho ya lona e se ke ya etsahala mariha, kapa ka letsatsi la sabatha;
nwtsty study note se ho Mat 24:20
mariha: Dipula tse matla, morwallo le maemo a lehodimo a batang nakong ena ya mariha a ka etsa hore ho be boima ho nka leeto, ho fumana dijo le bodulo.—Esd 10:9, 13.
ka letsatsi la Sabatha: Dibakeng tse kang Judea, ho ne ho na le dintho tse sa etsweng ka letsatsi la Sabatha, ka hoo ho ne ho tla ba thata hore motho a nke leeto le letelele le ho nka mejaro e boima, hape diheke tsa ditoropo di ne di dula di kwetswe ka letsatsi lena.—Sheba Lik 1:12 le Sehlomathiso sa. B12.
Mmalo wa Bibele
26 MARCH–1 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 25
“Le Dule le Lebetse”
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Matheu 25:31-33) “Ha Mora motho a fihla ka kganya ya hae, mme mangeloi ohle a e na le yena, jwale o tla dula teroneng ya hae e kganyang. 32 Ditjhaba tsohle di tla bokellwa ka pela hae, mme o tla arola batho e mong ho e mong, feela jwalo ka ha modisa a arola dinku ho dipodi. 33 O tla beha dinku ka letsohong la hae le letona, empa dipodi a di behe ka ho la hae le letshehadi.
w15 3/15 27 ¶7
Tshehetsa Barababo Kreste ka Botshepehi
7 Kajeno re na kutlwisiso e hlakileng ka papiso ya dinku le dipodi. Tlhalosa ya bao ho buuwang ka bona ke ena, Jesu kapa Morena ke yena “Mora motho.” “Barababo” ke banna le basadi ba tlotsitsweng ba tlang ho busa le Kreste lehodimong. (Bar. 8:16, 17) “Dinku” le “dipodi” ke batho ba tswang ditjhabeng tsohle. Bana ha ba a tlotswa ka moya o halalelang. Kahlolo yona e tla etsahala neng? Kahlolo e tla etsahala ho elella qetellong ya matshwenyeho a maholo. Hona ke hobaneng ha batho ba tla ahlolwa jwalo ka dinku kapa dipodi? Seo se itshetlehile ka hore na ba ile ba tshwara barababo Kreste ba tlotsitsweng ba ntseng ba setse lefatsheng jwang. Jwalo ka ha re le haufi haholo le bofelo, re motlotlo hore ebe Jehova o ile a re fa lesedi hanyane hanyane mabapi le papiso ena le tse ding tse tshwanang le yona tse hlahang ho Matheu kgaolo 24 le 25!
(Matheu 25:40) Ha morena a araba o tla re ho bona, ‘Kannete ke re ho lona, Ho isa tekanyong eo ho yona le ileng la ho etsa ho e mong wa ba banyenyane wa bana barabeso, le ile la ho etsa ho nna.’
w09 10/15 16 ¶16-18
“Le Metswalle ya ka”
16 Haeba o na le tshepo ya hore o tla phela lefatsheng Mmusong wa Modimo, o ka bontsha jwang hore o motswalle wa barababo Kreste? A re hlahlobeng ditsela tse tharo. Ya pele, ke ka ho kopanela mosebetsing wa boboledi ka pelo yohle. Kreste o laetse barababo hore ba bolele ditaba tse molemo lefatsheng lohle. (Mat. 24:14) Le ha ho le jwalo, masala a barababo Kreste ba lefatsheng kajeno, a ne a tla sitwa ho jara boikarabelo boo kantle ho thuso ya metswalle ya ona e leng dinku tse ding. Ka sebele, nako le nako ha bao e leng karolo ya dinku tse ding ba kopanela mosebetsing wa boboledi, ba thusa barababo Kreste hore ba phethe boikarabelo ba bona bo halalelang. Sehlopha sa lekgoba le tshepahalang le le masene se ananela haholo setswalle sena, feela jwalo ka ha Kreste le yena a se ananela.
17 Tsela ya bobedi eo ba sehlopha sa dinku tse ding ba ka thusang barababo Kreste ka yona, ke ka ho tshehetsa mosebetsi wa boboledi ka tjhelete. Jesu o ile a kgothalletsa balatedi ba hae hore ba iketsetse metswalle ka “maruo a sa lokang.” (Luka 16:9) Sena ha se bolele hore re ka reka setswalle sa rona le Jesu kapa le Jehova. Ho fapana le hoo, ha re sebedisa matlotlo a rona hore re ntshetse pele dintho tse amanang le Mmuso, ha re bontshe setswalle sa rona le lerato la rona ka molomo feela, empa re le bontsha le “ka ketso le nnete.” (1 Johanne 3:16-18) Re fana ka tshehetso e jwalo ya tjhelete ha re kopanela mosebetsing wa boboledi, ha re nehela bakeng sa ho haha le ho hlokomela dibaka tseo re kopanelang ho tsona le ha re nehela bakeng sa mosebetsi wa boboledi wa lefatshe lohle. Ebang tjhelete eo re fanang ka yona e ngata kapa e nyenyane, ruri Jehova le Jesu ba a ananela ha re fana re nyakaletse.—2 Ko. 9:7.
18 Tsela ya boraro eo kaofela ha rona re ka bontshang ka yona hore re metswalle ya Kreste, ke ka ho latela tataiso e fanwang ke baholo ba phutheho. Banna bana ba kgethilwe ke moya o halalelang ka tataiso ya Kreste. (Ef. 5:23) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Mamelang ba etellang pele hara lona mme le ipehe tlase.” (Heb. 13:17) Ka dinako tse ding, ho ka ba thata ho latela tataiso e thehilweng Bibeleng eo baholo ba phutheho ya habo rona ba re fang yona. Mohlomong re tseba mefokolo ya bona, mme seo se ka nna sa etsa hore re se ke ra mamela keletso ya bona. Le ha ho le jwalo, Kreste, e leng Hlooho ya phutheho, o thabela ho sebedisa banna bana ba sa phethahalang. Ka lebaka leo, tsela eo re itshwarang ka yona mabapi le bolaodi ba bona, e ama setswalle sa rona le Kreste ka ho toba. Ha re sa shebe diphoso tsa baholo mme re latela tataiso ya bona ka thabo, re tla be re bontsha hore re rata Kreste.
Mmalo wa Bibele