Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
6-12 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 17-18
“Bontsha Kananelo”
(Luka 17:11-14) Ha a ntse a e ya Jerusalema o ne a feta bohareng ba Samaria le Gadilea. 12 Yare ha a kena motsaneng o itseng banna ba leshome ba nang le lepera ba kopana le yena, empa ba emella hole. 13 Yaba ba phahamisa mantswe ba re: “Jesu, Morupedi, re hauhele!” 14 Ha a ba bona a re ho bona: “E yang mme le iponahatse ho baprista.” Jwale yare ha ba tloha ba hlweka.
nwtsty study notes tse ho Lu 17:12, 14
banna ba leshome ba nang le lepera: Ho bonahala balepera ba mehleng ya Bibele ba ne ba dula hammoho e le hore ba kgone ho thusana. (2Ma 7:3-5) Molao wa Modimo o ne o re balepera ba lokela ho dula ba ikarotse. Molepera o ne a lokela ho lemosa batho ba bang ka hore a hweletse a re: “Ha ke a hlweka, ha ke a hlweka!” (Le 13:45, 46) Balepera bao ba ile ba emella hole le Jesu jwalo ka ha Molao o ne o laetse.—Sheba study note se ho Mat 8:2 le Glossary, “Lepera; Molepera.”
le iponahatse ho baprista: Ha Jesu Kreste a ne a le lefatsheng le yena o ne a le tlasa Molao, mme o ne a tseba hore baprista ba leloko la Arone ba ne ba etella pele. Kahoo, o ile a laela balepera bao a neng a ba fodisitse hore ba ye ho moprista. (Mat 8:4; Mar 1:44) Ho ya ka Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, moprista o ne a lokela ho netefatsa hore molepera o fodile. Molepera ya fodisitsweng o ne a lokela ho ya tempeleng a ise sehlabelo kapa mpho e leng dinonyana tse pedi tse hlwekileng tse phelang le lehong la kedare le kgwele e mmala o sekareleta le hysopa.—Le 14:2-32.
(Luka 17:15, 16) E mong wa bona, ha a bona hore o fodisitswe, a kgutla, a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng. 16 Yaba o itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, wa mo leboha; ho feta moo, e ne e le Mosamaria.
(Luke 17:17, 18) Ha Jesu a araba a re: “Ho hlwekisitswe ba leshome, na ha ho jwalo? Jwale, ba bang ba robong ba hokae? 18 Na ha ho a fumanwa ba kgutlileng ho tla tlotlisa Modimo haese monna enwa wa setjhaba se seng?”
w08 8/1 14-15 ¶8-9
Ke Hobaneng ha o Lokela ho Leboha?
Na Jesu ha a ka a ba le taba ha ba bang ba sa lebohe? Tlaleho ena e tswela pele e re: “Ha Jesu a araba a re: ‘Ho hlwekisitswe ba leshome, na ha ho jwalo? Jwale, ba bang ba robong ba hokae? Na ha ho a fumanwa ba kgutlileng ho tla tlotlisa Modimo ha e se monna enwa wa setjhaba se seng?’”—Luka 17:17, 18.
Balepera ba bang ba robong e ne e se batho ba kgopo. Pejana ba ne ba ile ba bontsha pepenene hore ba na le tumelo ho Jesu mme ba dumela ha a ba laela hore ba ye Jerusalema ba iponahatse ho baprista. Le ha ho le jwalo, le hoja ho se pelaelo hore ba ne ba ananela haholo mosa oo Jesu a ba bontshitseng wona, ha ba a ka ba mo leboha. Seo ba se entseng se ile sa swabisa Kreste. Rona? Ha motho e mong a re etseditse ntho e ntle, na re potlakela ho leboha, mme ha re kgona re mo romele karete ya teboho?
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Luka 17:7-10) “Ke mang ho lona ya nang le lekgoba le lemang kapa le hlokomelang mohlape ya tla re ho lona ha le tswa tshimong, ‘Tloo mona hanghang mme o otle ka lehlakore tafoleng’? 8 Ho e na le hoo, na a ke ke a re ho lona, ‘Ntokisetse ho hong hore ke je dijo tsa ka tsa shwalane, o apare foreskoto mme o ntshebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho nwa, mme ka mora moo o ka ja wa nwa’? 9 A ke ke a leboha lekgoba leo hobane le ile la etsa dintho tseo le di abetsweng, na ha ho jwalo? 10 Kahoo le lona, ha le entse dintho tsohle tseo le di abetsweng, le re, ‘Re makgoba a se nang molemo. Seo re se entseng ke seo re neng re tshwanela hore ebe re se entse.’”
nwtsty study note se ho Lu 17:10
a se nang molemo: Mantswe a na ka ho toba a bolela, “a se nang thuso; a seng bohlokwa.” Papisong ena, Jesu o ne sa bolele hore makgoba e leng barutuwa ba hae ba lokela ho inka e le batho ba se nang thuso kapa bao e seng ba bohlokwa. Tabeng ena ha Jesu a re, “a se nang molemo” o ne a bolela hore makgoba a lokela ho ikokobetsa ho e na le ho batla ho tshwarwa ka tsela e kgethehileng kapa ho ipatlela thoriso. Bangodi ba bang ba nahana hore mantswe a na a reng “re makgoba feela a sa hlokeng ho nkelwa hloohong” a sebedisitswe ka tsela ya mokgabopuo wa pheteletso.
(Luka 18:8) Ke a le bolella, O tla etsa hore ba etsetswe toka ka potlako. Le ha ho le jwalo, ha Mora motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatsheng?”
nwtsty study note se ho Lu 18:8
tumelo: Kapa “tumelo ya mofuta ona.” Ka ho toba, “tumelo ena.” Sehlakisi sa Segerike (e leng the, ka sekgowa) se tlang pele ho lentswe “tumelo” se bontsha hore Jesu o ne a sa bue ka tumelo feela tjee papisong ya hae empa o ne a bua ka tumelo e tshwanang le ya mohlolohadi. (Lu 18:1-8) Taba ena e akarelletsa ho ba le tumelo matleng a thapelo le ho dumela hore Modimo o tla phethahatsa toka ho bakgethwa ba hae. Jesu ha a ka a araba potso e neng e bua ka tumelo hobane o ne a batla hore barutuwa ba hae ba nahane ka ho teba ka hore na tumelo ya bona e matla hakae. Ho ne ho loketse hore Jesu a etse papiso e buang ka thapelo le tumelo hobane o ne sa tswa bua ka diteko tse neng di tla hlahela barutuwa ba hae.—Lu 17:22-37.
Mmalo wa Bibele
(Luka 18:24-43) 24 Jesu a mo tadima mme a re: “E tla ba ntho e thata hakaakang bakeng sa ba nang le tjhelete ho kena mmusong wa Modimo! 25 Ha e le hantle, ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ya ho roka ho e na le hore morui a kene mmusong wa Modimo.” 26 Ba ileng ba utlwa sena ba re: “Ke mang eo ho ka kgonehang hore a pholohe?” 27 A re: “Dintho tse ke keng tsa kgoneha ho batho dia kgoneha ho Modimo.” 28 Empa Petrose a re: “Bona! Re siile dintho tsa rona mme ra o latela.” 29 A re ho bona: “Kannete ke re ho lona, ha ho ya siileng ntlo kapa mosadi kapa barababo kapa batswadi kapa bana ka lebaka la mmuso wa Modimo 30 eo ka tsela le ha e le efe a ke keng a fumana ho eketsehileng ka makgetlo a mangata nakong ena, mme tsamaisong ya dintho e tlang a fumane bophelo bo sa feleng.” 31 Jwale a nkela ba leshome le metso e mmedi ka thoko yaba o re ho bona: “Bonang! Re nyolohela Jerusalema, mme dintho tsohle tse ngotsweng ka baprofeta mabapi le Mora motho di tla phetheha. 32 Ka mohlala, ho tla nehelanwa ka yena ho batho ba ditjhaba mme o tla fetolwa ditsheho le ho nyediswa le ho tshwelwa ka mathe; 33 mme ka mora ho mo shapa ba tla mo bolaya, empa o tla tsoha ka letsatsi la boraro.” 34 Le ha ho le jwalo, ha ba a ka ba utlwisisa le ha e le efe ya dintho tsena; empa polelo ena ba ne ba e patetswe, mme ba ne ba sa tsebe dintho tse bolelwang. 35 Jwale yare ha a atamela Jeriko monna ya itseng ya foufetseng o ne a dutse ka thoko ho tsela a kopa. 36 Ka lebaka la hore o ile a utlwa bongata bo fetang a qala ho botsisisa hore na ekaba sena se bolelang. 37 Ba mo tlalehela: “Jesu Monazaretha wa feta!” 38 Yaba wa hweletsa, o re: “Jesu, Mora wa Davida, nkgauhele!” 39 Ba neng ba tsamaya ka pele ba qala ho mo bolella ka thatathata hore a kgutse, empa a nna a howa ka ho eketsehileng: “Mora wa Davida, nkgauhele.” 40 Jwale Jesu a ema mme a laela hore monna eo a tliswe ho yena. Ka mora hore a atamele, Jesu a mo botsa: 41 “O batla hore ke o etsetseng?” A re: “Morena, e re ke boele ke bone.” 42 Kahoo Jesu a re ho yena: “O boele o bone; tumelo ya hao e o fodisitse.” 43 Hanghang a boela a bona, mme a qala ho mo latela, a tlotlisa Modimo. Hape, ha batho bohle ba bona seo, ba fana ka thoriso ho Modimo.
13-19 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 19-20
“Ithute Papisong ya Dimina Tse Leshome”
(Luka 19:12, 13) Ka hona a re: “Monna ya itseng wa tswalo ya borena o ile a etela naheng e hole ho ya iphumanela matla a borena mme a kgutle. 13 Ha a bitsa makgoba a hae a leshome a a fa dimina tse leshome yaba wa a bolella, ‘Hwebang ho fihlela ke tla.’
jy 232 ¶2-4
Papiso ya Hae ya Dimina Tse Leshome
O re: “Monna ya itseng wa tswalo ya borena o ile a etela naheng e hole ho ya iphumanela matla a borena mme a kgutle.” (Luka 19:12) Leeto le jwalo le ne le nka nako e telele. Ho hlakile hore Jesu ke ‘monna wa tswalo ya borena’ ya etelang ‘naha e hole,’ e leng lehodimong, moo Ntate wa hae a neng a tla mo fa matla a borena.
Papisong ena, pele ‘monna wa tswalo ya borena’ a tsamaya, o ile a bitsa makgoba a hae a leshome mme a fa le leng le le leng mina ya silivera, a a bolella hore: “Hwebang ho fihlela ke tla.” (Luka 19:13) Dimina tsa silivera ke tjhelete ya boleng bo hodimo. Mina e le nngwe e lekana le moputso wa motho ya sebetsang masimong ha a sebeditse dikgwedi tse fetang tse tharo.
E ka nna ya ba barutuwa ba hlokomela hore ba tshwana le makgoba a leshome ao ho builweng ka ona papisong ena, hobane Jesu o ne a ile a ba tshwantsha le bakotudi. (Matheu 9:35-38) Ke nnete hore ha a ka a ba kopa hore ba kotule dijothollo. Ho e na le hoo, kotulo e akarelletsa barutuwa ba bang ba neng ba tla fumana sebaka Mmusong wa Modimo. Barutuwa ba sebedisa nako, matla le dintho tsa bona tsa bohlokwa bakeng sa ho eketsa majalefa a Mmuso.
(Luka 19:16-19) Jwale la pele la itlhahisa, le re, ‘Morena, mina ya hao e fumane phaello ya dimina tse leshome.’ 17 Kahoo a re ho yena, ‘O entse hantle, lekgoba le molemo! Ka lebaka la hore o tshepahetse tabeng e nyenyane haholo, e ba le bolaodi metseng e leshome.’ 18 Jwale la bobedi la tla, le re, ‘Morena, mina ya hao e entse dimina tse hlano.’ 19 Le ho lona a re, ‘Le wena, laola metse e mehlano.’
jy 232 ¶7
Kgodiseha hore Jesu o tla thaba haeba ba utlwisisa hore ba tshwana le makgoba a ileng a sebedisa nako ya ona kaofela, matla le dintho tsa ona tsa bohlokwa bakeng sa ho etsa barutuwa ba eketsehileng. Ka hona, ba ka kgodiseha hore o tla ba putsa ha ba sebetsa ka thata. Ke nnete hore maemo a bophelo a barutuwa ba Jesu ha a tshwane ebile ha ba fumane menyetla ey tshwanang le bokgoni ba bona bo a fapana. Le ha ho le jwalo, Jesu ya nang le “matla a borena,” o tla hlokomela boiteko ba bona ba ho etsa barutuwa ka botshepehi mme o tla ba hlohonolofatsa.—Matheu 28:19, 20.
(Luka 19:20-24) Empa le leng la tla, le re, ‘Morena, mina ya hao ke ena, eo ke ileng ka e boloka ka hara lesela. 21 Ke ne ke o tshaba, hobane o motho ya sa utlweleng bohloko; o nka seo o sa kang wa se boloka mme o kotula seo o sa kang wa se jala.’ 22 A re ho lona, ‘Ke o ahlola ka se tswang molomong wa hao, lekgoba le kgopo. O tsebile hore ke motho ya sa utlweleng bohloko, ya nkang seo ke sa kang ka se boloka le ya kotulang seo ke sa kang ka se jala, na ha ho jwalo? 23 Kahoo ke hobaneng ha o sa ka wa kenya tjhelete ya ka ya silevera bankeng? Jwale ha ke fihla nka be ke e nkile le phaello.’ 24 “Yaba o re ho ba emeng haufi, ‘Mo amoheng mina mme le e fe ya nang le dimina tse leshome.’
jy 233 ¶1
Papiso ya Hae ya Dimina Tse Leshome
Lekgoba lena le ile la lahlehelwa ka lebaka la ho hloleha ho eketsa maruo a mmuso wa monga lona. Baapostola ba nahana ka Jesu a busa Mmusong wa Modimo. Ka lebaka la mantswe ao a a buileng ho lekgoba lena la ho qetela, ba a hlokomela hore haeba ba sa ikitlaetse ba ke ke ba fumana sebaka Mmusong oo.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Luka 19:43) Hobane matsatsi a tla o tlela ha dira tsa hao di tla haha thibello e nang le dithupa tse ntjhotjho ho o dikoloha mme di tla o potapota di o bakele mahlomola ka mahlakoreng ohle.
nwtsty study note se ho Lu 19:43
thibello e nang le dithupa tse ntjhotjho: Kapa “thupa e motsu.” Lentswe la Segerike e leng khaʹrax le hlaha mona fela Mangolong a Segerike a Bakreste. Le hlaloswa e le thupa e motsu e shebetseng hodimo, e sebediswang bakeng sa ho etsa fense sebakeng se itseng mme masole a sebedisa dithupa tse jwalo.” Mantswe a Jesu a ile a phethahala ka selemo sa 70 C.E. ha Tite a laela Baroma hore ba etse lebota la thibello kapa dithupa tse motsu ho potoloha Jerusalema. Tite o ne a ikemiseditse ho finyella dintho tse tharo e leng ho thibella Bajuda hore ba se ke ba baleha, ho etsa hore ba inehele le ho ba sotla e le hore ba be tlasa taolo ya hae. E le hore ba be le thepa bakeng sa ho thibella Jerusalema, mabotho a masole a Roma a ne a sakga difate tse potolohileng motse.
(Luka 20:38) Yena ke Modimo wa ba phelang, eseng wa bafu, Ka ha kaofela ba a phela ho yena.”
nwtsty study note se ho Lu 20:38
kaha kaofela baa phela ho eena: Kapa “kaha kaofela baa phela mahlong a hae.” Bibele e bontsha hore batho ba phelang ba lahlileng Modimo ba shwele mahlong a hae. (Ef 2:1; 1Ti 5:6) Ka ho tshwanang, bahlanka ba Modimo bao a ba amohelang le hoja ba ka hlokahala ba ntse ba phela mahlong a hae hobane morero wa hae wa ho tsosa bafu jwang kapa jwang o tla phethahala.—Bar 4:16, 17.
Mmalo wa Bibele
(Luka 19:11-27) Ha ba ntse ba mametse dintho tsena a eketsa ka ho bolela papiso e nngwe, hobane o ne a le haufi le Jerusalema mme ba ne ba nahana hore mmuso wa Modimo o ne o tla iponahatsa hanghang. 12 Ka hona a re: “Monna ya itseng wa tswalo ya borena o ile a etela naheng e hole ho ya iphumanela matla a borena mme a kgutle. 13 Ha a bitsa makgoba a hae a leshome a a fa dimina tse leshome yaba wa a bolella, ‘Hwebang ho fihlela ke tla.’ 14 Empa baahi ba ha habo ba ne ba mo hloile yaba ba roma sehlopha sa manqosa ka mora hae, ho re, ‘Ha re batle hore monna enwa e be morena wa rona.’ 15 “Qetellong ha a kgutla ka mora ho iphumanela matla a borena, a laela hore ho bitsetswe makgoba ana ho yena ao a neng a a file tjhelete ya silevera, e le hore a fumane hantle hore na a ne a fumane phaello efe kgwebong. 16 Jwale la pele la itlhahisa, le re, ‘Morena, mina ya hao e fumane phaello ya dimina tse leshome.’ 17 Kahoo a re ho yena, ‘O entse hantle, lekgoba le molemo! Ka lebaka la hore o tshepahetse tabeng e nyenyane haholo, e ba le bolaodi metseng e leshome.’ 18 Jwale la bobedi la tla, le re, ‘Morena, mina ya hao e entse dimina tse hlano.’ 19 Le ho lona a re, ‘Le wena, laola metse e mehlano.’ 20 Empa le leng la tla, le re, ‘Morena, mina ya hao ke ena, eo ke ileng ka e boloka ka hara lesela. 21 Ke ne ke o tshaba, hobane o motho ya sa utlweleng bohloko; o nka seo o sa kang wa se boloka mme o kotula seo o sa kang wa se jala.’ 22 A re ho lona, ‘Ke o ahlola ka se tswang molomong wa hao, lekgoba le kgopo. O tsebile hore ke motho ya sa utlweleng bohloko, ya nkang seo ke sa kang ka se boloka le ya kotulang seo ke sa kang ka se jala, na ha ho jwalo? 23 Kahoo ke hobaneng ha o sa ka wa kenya tjhelete ya ka ya silevera bankeng? Jwale ha ke fihla nka be ke e nkile le phaello.’ 24 “Yaba o re ho ba emeng haufi, ‘Mo amoheng mina mme le e fe ya nang le dimina tse leshome.’ 25 Empa ba re ho yena, ‘Morena, o na le dimina tse leshome!’— 26 ‘Ke re ho lona, E mong le e mong ya nang le letho, o tla fuwa ho eketsehileng; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona. 27 Ho feta moo, dira tsena tsa ka tse neng di sa batle hore ke be morena wa tsona di tliseng mona mme le di bolaye ka pela ka.’”
20-26 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 21-22
“Topollo ya Lona ya Atamela”
(Luka 21:25) “Hape, ho tla ba le dipontsho letsatsing le kgweding le dinaleding, mme lefatsheng ditjhaba di tla ba matshwenyehong, di sa tsebe tsela ya ho tswa ka lebaka la ho duma ha lewatle le ho tsukutleha ha lona.
Mmuso wa Modimo o Fedisa Dira Tsa Wona
9 Dimakatso Tsa Lehodimo. Jesu o ile a re: “Letsatsi le tla fifala, mme kgwedi e ke ke ya fana ka lesedi la yona, le dinaledi di tla wa lehodimong.” Ka sebele batho ba ke ke ba hlola ba batla tataiso ho baetapele ba bodumedi. Na Jesu o ne a boetse a bua ka diketsahalo tsa mohlolo tse tla etsahala lehodimong? Mohlomong o ne a bua ka tsona. (Esa. 13:9-11; Joele 2:1, 30, 31) Ditjhaba di tla etsang ha di di bona? Di tla ba “matshwenyehong” hobane “di sa tsebe tsela ya ho tswa.” (Luka 21:25; Sof. 1:17) Ka sebele dira tsa Mmuso wa Modimo, ho tloha ho ‘marena’ ho ya ho ‘makgoba,’ di tla “idibana ke tshabo le tebello ya dintho tse tlang” ebe dia baleha. Di ke ke tsa fumana sebaka se sireletsehileng sa ho ipatela bohale ba Morena wa rona.—Luka 21:26; 23:30; Tšen. 6:15-17.
(Luka 21:26) Ha batho ba idibana ke tshabo le tebello ya dintho tse tlang hodima lefatshe leo ho ahilweng ho lona; etswe matla a mahodimo a tla sisinyeha.
(Luka 21:27, 28) Jwale ba tla bona Mora motho a tla ka leru ka matla le kganya e kgolo. 28 Empa ha dintho tsena di qala ho etsahala, le eme tswee! mme le phahamise dihlooho, hobane topollo ya lona ya atamela.”
w16.01 10-11 ¶17
Tswelang Pele ho Rata Barababo Lona!
17 ‘Ebang sebete.’ (Bala Baheberu 13:6.) Ha re tshepa Jehova re tla ba le sebete sa ho mamella diteko tse re hlahelang. Seo se tla boela se re thuse ho ba le boikutlo bo nepahetseng. Mme ha re e na le boikutlo bo nepahetseng, re tla bontsha barababo rona hore re a ba rata ka hore re ba kgothatse le ho ba tshedisa. (1 Bathes. 5:14, 15) Esita le nakong ya matshwenyeho a maholo re tla lokela ho ba sebete, ka ha re tla be re tseba hore topollo ya rona e atametse.—Luka 21:25-28.
w15 7/15 17-18 ¶13
“Topollo ya Lona ya Atamela”!
13 Dipodi di tla etsang ha di lemoha hore di tlo timetswa? Di tla “ikotla ka lebaka la ho lla.” (Mat. 24:30) Empa batlotsuwa le ba ba tshehetsang bona ba tla etsang? Ba tla etsa seo Jesu a se boletseng, ha a re: “Ha dintho tsena di qala ho etsahala, le eme tswee! mme le phahamise dihlooho, hobane topollo ya lona ya atamela.”—Luka 21:28.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Luka 21:33) Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa ho hang mantswe a ka a ke ke a feta.
nwtsty study notes tse ho Lu 21:33
Lehodimo le lefatshe di tla feta: Mangolo a mang a bontsha hore lefatshe le lehodimo di tla dula di le teng. (Ge 9:16; Pes 104:5; Moe 1:4) Temaneng ena mantswe a Jesu a ka utlwahala e le pheteletso. Le hoja lefatshe le lehodimo di ka feta e leng ntho e ke keng ya etsahala, mantswe a Jesu ona a tla feela a phethahale. (Bapisa le Mat 5:18.) Le ha ho le jwalo, mahodimo le lefatshe tseo ho buuwang ka tsona mona, ho ka etsahala hore ke tsa tshwantshetso jwalo ka ha Tšenolo 21:1 e re ke “lehodimo la pele le lefatshe la pele.”
ho hang mantswe a ka a ke ke a feta: Kapa “ka sebele mantswe a ka a ke ke a feta.” Mantswe a Segerike a hanyetsang hammoho le leetsi le mona a fana ka moelelo wa ho hanyetsa taba, e leng ntho e bontshang ka ho hlaka hore mantswe a Jesu a tla phethahala.
(Luka 22:28-30) “Le ha ho le jwalo, ke lona ba nkgomaretseng ditekong tsa ka; 29 mme ke etsa selekane le lona, feela jwalo ka ha Ntate a entse selekane le nna, bakeng sa mmuso, 30 e le hore le ka ja le ho nwa tafoleng ya ka mmusong wa ka, le ho dula diteroneng ho ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
w14 10/15 16-17 ¶15-16
Le Tla Fetoha “Mmuso wa Baprista”
15 Ka mora hore Jesu a thehe Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, o ile a etsa selekane le barutuwa ba hae ba tshepahalang, mme hangata se bitswa selekane sa Mmuso. (Bala Luka 22:28-30.) Ho fapana le dilekane tse ding, tseo Jehova e bang karolo ya tsona, sena se pakeng tsa Jesu le balatedi ba hae ba tlotsitsweng. Ho bonahala eka ha Jesu a ne a re “feela jwalo ka ha Ntate a entse selekane le nna,” o ne a bua ka selekane seo Jehova a se entseng le yena hore e be “moprista ka ho sa feleng ho ya ka mokgwa wa Melkizedeke.”—Baheb. 5:5, 6.
16 Baapostola ba 11 ba tshepahalang ‘ba ile ba kgomarela Jesu ditekong tsa hae.’ Selekane sa Mmuso se ile sa ba tiisetsa hore ba tla ba le yena lehodimong mme ba dule diteroneng ho busa e le marena le ho sebeletsa e le baprista. Le ha ho le jwalo, bao ba 11 ha se bona feela ba neng ba tla fumana monyetla oo. Jesu ya tlotlisitsweng o ile a hlaha ho moapostola Johanne ponong mme a re: “Ya hlolang ke tla mo neha ho dula le nna teroneng ya ka, esita le jwalo ka ha ke ile ka hlola mme ka dula le Ntate teroneng ya hae.” (Tšen. 3:21) Kahoo, selekane sa Mmuso se entswe le ka Bakreste ba 144 000 ba tlotsitsweng. (Tšen. 5:9, 10; 7:4) Selekane sena ke tumellano ya molao ya hore ba buse le Jesu lehodimong. Se tshwana le monyaduwa ya tswang lelapeng le hlomphehang ya nyalwang ke morena mme a kopanela puso le yena. Ha e le hantle, Mangolo a re Bakreste ba tlotsitsweng ke “monyaduwa” wa Kreste, “morwetsana ya hlwekileng” ya tshepisitsweng lenyalo ke Kreste.—Tšen. 19:7, 8; 21:9; 2 Bakor. 11:2.
Mmalo wa Bibele
(Luka 22:35-53) A boela a re ho bona: “Ha ke le romela le se na sepatjhe le mokotla wa dijo le meqathatso, ha le a ka la hloka letho, na ha ho jwalo?” Ba re: “Tjhe!” 36 Jwale a re ho bona: “Empa jwale ya nang le sepatjhe a ke a se nke, le mokotla wa dijo ka ho tshwanang; mme ya se nang sabole a ke a rekise seaparo sa hae sa ka ntle mme a e reke. 37 Etswe ke a le bolella hore sena se ngotsweng se tla phethahala ho nna, e leng, ‘O ile a balellwa le ba sa yeng ka molao.’ Ka ha se nkamang sea phethahala.” 38 Jwale ba re: “Morena, bona! disabole tse pedi ke tsena.” A re ho bona: “Ho lekane.” 39 Ha a tswa o ile a ya Thabeng ya Mehlwaare kamoo e neng e le tlwaelo; yaba barutuwa le bona ba a mo latela. 40 Ha a fihla sebakeng seo a re ho bona: “Tswelang pele ho rapela, hore le se ke la kena molekong.” 41 Yaba o ikgula ho bona hoo e ka bang sebaka sa ha ho betswa lejwe, mme a kgumama yaba o qala ho rapela, 42 a re: “Ntate, haeba o lakatsa, tlosa senwelo sena ho nna. Le ha ho le jwalo, ho ke ho etsahale thato ya hao, eseng ya ka.” 43 Jwale lengeloi le tswang lehodimong la bonahala ho yena mme la mo matlafatsa. 44 Empa ha a e ba bohlokong bo otlang pelo a tswela pele ho rapela ka tiyo haholo; mme mofufutso wa hae wa e ba jwalo ka marothodi a madi a rothelang fatshe. 45 Yaba wa ema ka mora ho rapela, o ya ho barutuwa mme o ba fumana ba otsela ka lebaka la ho sarelwa; 46 yaba o re ho bona: “Ke hobaneng ha le robetse? Tsohang mme le tswele pele ho rapela, hore le se ke la kena molekong.” 47 Ha a sa ntse a bua, bonang! bongata, mme monna ya bitswang Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ne a tsamaya ka pela bona; yaba o atamela Jesu ho mo aka. 48 Empa Jesu a re ho yena: “Judase, na o eka Mora motho ka kako?” 49 Ha ba mo potolohileng ba bona se neng se tla etsahala, ba re: “Morena, re hlathe ka sabole?” 50 E mong wa bona a hlatha lekgoba la moprista ya phahameng mme a le tlosa tsebe e tona. 51 Empa ha Jesu a araba a re: “Tlohelang, ho lekane.” Yaba o ama tsebe eo mme wa le fodisa. 52 Jwale Jesu a re ho baprista ba ka sehloohong le batsamaisi ba tempele le banna ba baholo ba neng ba tlilo mo nka: “Na le tswile le nkile disabole le melangwana jwalo ka ha eka le tlilo tshwara leshodu? 53 Ha ke sa ntse ke e na le lona ka tempeleng letsatsi le letsatsi ha le a ka la otlolla matsoho a lona kgahlanong le nna. Empa ena ke hora ya lona le matla a lefifi.”
27 AUGUST–2 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 23-24
“Dula o Ikemiseditse ho Tshwarela ba Bang”
(Luka 23:34) [[Empa Jesu o ne a re: “Ntate, o ba tshwarele, ka ha ha ba tsebe seo ba se etsang.”]] Ho feta moo, ba lahla lotho e le hore ba abe diaparo tsa hae.
cl 297 ¶16
“Ho Tseba Lerato la Kreste”
16 Jesu o ne a bonahatsa ka ho phethahetseng lerato la Ntate wa hae ka tsela e nngwe ya bohlokwa, o ne a “itokiseditse ho tshwarela.” (Pesaleme ya 86:5) Boikemisetso bona ba hae bo ile ba totobala le ha a se a le thupeng ya tlhokofatso. Jesu o ile a reng ha a le makgatheng a ho shwa lefu le tlotlollang, a kgokgothetswe ka dipekere matsohong le maotong? Na o ile a ipiletsa ho Jehova hore a otle babolai ba hae? Tjhe, ho e na le hoo, a mang a mantswe a ho qetela ao Jesu a ileng a a bua ke a reng: “Ntate, o ba tshwarele, ka ha ha ba tsebe seo ba se etsang.”—Luka 23:34
(Luka 23:43) Yaba o re ho yena: “Kannete ke a o bolella kajeno, O tla ba le nna Paradeiseng.”
g 2/08 11 ¶5-6
Na Modimo o Tshwarela Dibe Tse Tebileng?
Jehova ha a hlokomele sebe feela empa o bona le tsela eo moetsadibe a ikutlwang ka yona. (Esaia 1:16-19) A ko nahane ho se hokae ka banna ba babedi ba dinokwane ba neng ba kgokgothetswe thupeng haufi le Jesu. Kamoo ho bonahalang kateng, ka bobedi ba ne ba entse diketso tse tebileng tsa tlolo ya molao, ka ha e mong wa bona o ile a dumela a re: “Re amohela ka botlalo se re tshwanelang bakeng sa dintho tseo re ileng ra di etsa; empa monna enwa e leng Jesu ha aa ka a etsa letho le tswileng tseleng.” Mantswe a builweng ke monna eo a bontsha hore o ne a tseba ho itseng ka Jesu. E ka nna yaba tsebo eo e ile ya mo thusa hore a fetole tsela eo a ikutlwang ka yona. Sena se bontshwa ke mantswe a latelang ao a ileng a a bua, kgetlong lena a kopa Jesu ka tieo, a re: “O nkgopole ha o kena mmusong wa hao.” Kreste o ile a mo arabela jwang ha a etsa boipiletso boo bo matla? O ile a re: “Kannete ke a o bolella kajeno, O tla ba le nna Paradeiseng.”—Luka 23:41-43.
A ko nahane ka seo: Mantswe a ho qetela a Jesu e le motho wa nama a kenyelletsa pontsho ya mohau ho motho ya neng a dumetse hore o tshwanelwa ke kahlolo ya lefu. Ruri seo ke se kgothatsang! Ka hona, re ka kgodiseha hore Jesu Kreste le Jehova, Ntate wa hae, ba tla qenehela bohle ba bontshang pako ya sebele, ho sa tsotelehe dintho tseo ba di entseng nakong e fetileng.—Baroma 4:7.
(Luka 24:34) ba re: “Kannete Morena o tsositswe mme o bonahetse ho Simone!”
cl 297-298 ¶17-18
“Ho Tseba Lerato la Kreste”
17 Mohlomong mohlala o mong o amang maikutlo le ho feta wa ho tshwarela ha Jesu o ka bonwa tseleng eo a ileng a tshwara moapostola Petrose ka yona. Ha ho pelaelo hore Petrose o ne a rata Jesu haholo. Ka la 14 Nisane, bosiung ba ho qetela ba bophelo ba Jesu, Petrose o ile a re ho yena: “Morena, ke loketse ho ya le wena tjhankaneng le lefung.” Empa, dihora tse seng kae feela hamorao, Petrose o ile a latola ka makgetlo a mararo hore o tseba Jesu! Bibele e re bolella se ileng sa etsahala ha Petrose a latola ka lekgetlo la boraro: “Yaba Morena wa reteleha o sheba Petrose.” A sithabeditswe ke sebe sa hae se tebileng, Petrose a “tswela ka ntle mme [a] lla habohloko.” Ha Jesu a e shwa hamorao letsatsing leo, e ka nna yaba moapostola eo o ne a ipotsa, ‘Na ebe Morena wa ka o ntshwaretse?’—Luka 22:33, 61, 62.
18 Petrose ha aa ka a tlameha ho letela karabo nako e telele. Jesu o ile a tsoswa hoseng ha la 16 Nisane, mme kamoo ho bonahalang kateng o ile a etela Petrose hona letsatsing leo. (Luka 24:34; 1 Bakorinthe 15:4-8) Ke hobaneng ha Jesu a ile a ya ho moapostola eo ka ho kgetheha le hoja a mo latotse hakaalo? E ka nna yaba Jesu o ne a batla ho tiisetsa Petrose ya bakileng hore Morena wa hae o ne a ntse a mo rata a bile a mo ananela. Empa Jesu ha aa ka a fella moo.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Luka 23:31) Haeba ba etsa dintho tsena ha sefate se le mongobo, ho tla etsahalang ha se omeletse?
nwtsty study note se ho Lu 23:31
ha sefate se le mongobo, . . . ha se omeletse: Ho bonahala Jesu a bua ka setjahaba sa Bajuda. Se ne se tshwana le sefate se omelletseng empa se sa ntse se le mongobo hobane Jesu o ne a ntse a le lefatsheng ebile ho na le Bajuba ba bang dumelang ho yena. Leha ho le jwalo, Jesu o ne a tla bolawa haufinyane mme Bajuba ba tshepahalang ba ne ba tla tlotswa ka moya o halalelang, e be karolo ya Iseraele ya moya. (Bar 2:28, 29; Gal 6:16) Ka nako eo, setjhaba sa Iseraele se ne se shwele moyeng, se tshwana le sefate se omelletseng.—Mat 21:43.
(Luka 23:33) Ha ba fihla sebakeng se bitswang Lehata, ba mo kgokgothela thupeng le baetsi bao ba bobe, e mong ka ho la hae le letona mme e mong ka ho le letshehadi.
nwtsty media
Sepekere Lesapong la Serethe
Ke setshwantsho sa serethe sa motho sa maiketsetso se phuntsweng ka sepekere sa tshepe se botelele ba disenthimithara tse 11.5. Serethe sena sa maiketsetso se ile sa fumanwa ka 1968, nakong eo ho epollwang dintho tsa kgale leboya ho Jerusalema, mme ke sa nakong ya Baroma. Se fana ka bopaki ba dintho tsa kgale tse epollotsweng ba hore e ka nna yaba ho ne ho sebediswa dipekere ha batho ba ne ba fuwa kahlolo ya ho kokotelwa thupeng e entsweng ka lepolanka. Sepekere sena se ka nna sa tshwana le se ileng sa sebediswa ke masole a Roma ha a ne a kokotela Jesu Kreste thupeng. Serethe sena se iketseditsweng se fumanwe ka hara lebokose le entsweng ka lejwe lebitswang ossuary, ka hara masapo a motho ya shweleng ka mora hore nama ya hae e bole. Sena se ne se bontsha hore motho ya bolaetsweng thupeng a ka patuwa.
Mmalo wa Bibele
(Luka 23:1-16) Kahoo letshwele la ema, kaofela, mme la mo isa ho Pilato. 2 Jwale ba qala ho mo qosa, ba re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa habo rona mme a hanela ho lefshwa ha makgetho ho Cesare mme a re ke yena Kreste morena.” 3 Jwale Pilato a mo botsa potso: “Na o morena wa Bajuda?” Ha a mo araba a re: “Ke wena ya bolelang jwalo.” 4 Jwale Pilato a re ho baprista ba ka sehloohong le bongata: “Ha ke fumane molato ho monna enwa.” 5 Empa ba qala ho tsitlella, ba re: “O ferekanya batho ka ho ruta ho pholletsa le Judea yohle, esita le ho qala Galilea ho tla fihla mona.” 6 Ha Pilato a utlwa seo, a botsa hore na monna eo ke Mogalilea, 7 mme, ka mora ho fumana hantle hore o ne a tswa sebakeng se taolong ya Heroda, a mo romela ho Heroda, eo le yena a neng a le Jerusalema matsatsing ana. 8 Ha Heroda a bona Jesu a thaba haholo, ka ha ka nako e telele o ne a batla ho mo bona ka lebaka la hore o ne a utlwile ka yena, mme o ne a tshepile ho bona pontsho e nngwe e etswang ke yena. 9 Jwale a qala ho mo botsa ka mantswe a mangata haholo; empa ha aa ka a mo araba. 10 Le ha ho le jwalo, baprista ba ka sehloohong le bangodi ba nna ba ema mme ba mo qosa ka matla. 11 Jwale Heroda hammoho le balebedi ba hae ba masole ba mo nyedisa, mme a mo fetola ditsheho ka ho mo apesa seaparo se kganyang yaba o mo kgutlisetsa ho Pilato. 12 Jwale Heroda le Pilato ba fetoha metswalle letsatsing lona leo; etswe pele ho moo ba ne ba ntse ba e na le bora pakeng tsa bona. 13 Jwale Pilato a bokella baprista ba ka sehloohong le babusi le setjhaba 14 yaba o re ho bona: “Le tlisitse monna enwa ho nna le re o susumelletsa batho ho etsa bofetohedi, mme, bonang! ke mo hlahlobile ka pela lona empa ha ke a fumana ho monna enwa lebaka la diqoso tseo le mo qosang ka tsona. 15 Ha e le hantle, le Heroda ha aa ka a le fumana, ka ha o ile a mo kgutlisetsa ho rona; mme, bonang! ha aa etsa letho le tshwanelwang ke lefu. 16 Ka hona ke tla mo shapa mme ke mo lokolle.”