LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp21 No. 1 maq. 14-15
  • Ho Rapela ho ka o Thusa Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Rapela ho ka o Thusa Jwang?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Dintlha tse Ding
  • Bibele e re Rutang ka Thapelo?
    Bibele e re Rutang?
  • Thapelo e ka o Thusa ho ba Motswalle wa Modimo
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na Modimo o Utlwa Dithapelo Tsa Rona?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • O ka Rapela Jwang e le Hore Modimo a o Utlwe?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
wp21 No. 1 maq. 14-15

Ho Rapela ho ka o Thusa Jwang?

Pamela o ne a tshwerwe ke kankere mme o ne a hloka thuso ya dingaka. Le ha ho le jwalo, o ile a rapela Modimo hore a mo fe matla a ho mamella ho kula. Na thapelo e ile ya mo thusa?

Pamela o re: “Ha ke ntse ke tsamaya teretemente ke ne ke tshoha haholo, empa ha ke ne ke rapela Jehova Modimo ke ne ke kgoba matshwafo mme ke ne ke kgona ho mamella bothata boo ke sa tshohe letho. Ke ntse ke opelwa, empa le ha ho le jwalo, thapelo e nthusa hore ke se ke ka nyahamiswa ke bokudi ba ka. Ha batho ba mpotsa hore na ke ikutlwa jwang ke re, ‘ke ntse ke kula, empa ke thabile!’”

Ke nnete hore re ke ke ra emela hore re kule kapa re hlahelwe ke bothata bo itseng pele re ka rapela. Kaofela ha rona re hlahelwa ke mathata, a maholo le a manyane mme hangata re hloka thuso ya hore re sebetsane le ona. Na thapelo e ka re thusa?

Bibele e re: “Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, o tla o tshehetsa. Le ka mohla a ke ke a dumella ya lokileng hore a therekele.” (Pesaleme ya 55:22) Mantswe aa a kgothatsa hakaakang! Jwale thapelo e ka o thusa jwang? Haeba o rapela Modimo ka tsela e amohelehang o tla o fa seo o se hlokang e le hore o sebetsane le mathata a hao.​—Sheba lebokose le reng “Thapelo e ka o Thusa Jwang?”

Thapelo e ka o Thusa Jwang?

Kgotso ya kelello

Rakgwebo ya ileng a lahlehelwa ke mosebetsi, o thabile mme o tsamaya a kgodisehile.

“Le se ke la tshwenyeha ka letho, empa nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi ha mmoho le diteboho dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo; mme kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela dipelo tsa lona le matla a lona a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Ha o bolella Modimo mathata a hao o tla o thusa hore o dule o kgobile matshwafo le hore o sebetsane le mathata ao hantle.

Bohlale bo tswang ho Modimo

Mosadi eo pele a neng a bala dithapelo bukeng, o bala Bibele.

“Haeba mang kapa mang wa lona a haellwa ke bohlale, a nne a kope Modimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyedise; mme o tla bo fuwa.” (Jakobo 1:5) Hangata ha re le tlasa kgatello ha re etse diqeto tse nepahetseng. Haeba o kopa bohlale ho Jehova Modimo o tla o hopotsa melaomotheo e ka o thusang e ka Lentsweng la hae Bibele.

Matla le matshediso

Banyalani bao pele ba neng ba le sepetlele, ba tsamaya ha mmoho pakeng. Monna o thusa mosadi wa hae hore a tsamaye ka molamu.

“Ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.” (Bafilipi 4:13) Ka ha Jehova ke Modimo ya Matla Ohle, o tla o fa matla a hore o sebetsane le mathata a hao mme a o tshehetse. (Esaia 40:29) Bibele e boetse e re Jehova ke “Modimo wa matshediso ohle.” A ka kgona ho re “tshedisa matshwenyehong ohle a rona.”​—2 Bakorinthe 1:3, 4.

NA THAPELO E KA O TSWELA MOLEMO?

Ke nnete hore Jehova ha a o qobelle hore o mo rapele, ho ena le hoo ka lerato oo mema hore o mo rapele. (Jeremia 29:11, 12) Ho thweng haeba nako e fetileng o ile wa utlwa eka dithapelo tsa hao ha di arabelwe? O se ke wa nyahama kapa wa tlohela ho rapela. Ho ka etsahala hore batswadi ba lerato ba se ke ba thusa bana ba bona ka tsela eo bana ba lebelletseng ka yona le ka nako eo ba e lebelletseng. E ka nna ya ba batswadi ba na le tharollo e molemo. Empa re ka kgodiseha ka ntho e le nngwe hore batswadi ba lerato ba thusa bana ba bona.

Jehova Modimo ke Ntate ya lerato ka ho fetisisa mme o batla ho o thusa. Haeba o hlahlobisisa dikeletso tseo re buileng ka tsona tse hlahang ka Bibeleng mme o etsa sohle seo o ka se kgonang ho di sebedisa bophelong ba hao, Modimo o tla araba dithapelo tsa hao ka tsela e molemo!​—Pesaleme ya 34:15; Matheu 7:7-11.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share