LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp21 No. 2 maq. 10-12
  • O ka Etsang e le Hore o Phele Lefatsheng le Letjha?d

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Etsang e le Hore o Phele Lefatsheng le Letjha?d
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • RE LOKELA HO ‘TSEBA MODIMO’ E LE HORE RE PHOLOHE
  • BALA BIBELE, LENTSWE LA MODIMO KA MEHLA
  • RAPELA MODIMO HORE A O THUSE
  • Modimo o Entseng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • O ka Phela ka ho sa Feleng Lefatsheng
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
  • Re ka Phela ka ho sa Feleng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Lefatshe le Letjha la Paradeise le Haufi
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
wp21 No. 2 maq. 10-12

O ka Etsang e le Hore o Phele Lefatsheng le Letjha?

Dihloohong tse fetileng re ithutile hore haufinyane Modimo o tla fedisa mathata ohle le batho bohle ba kgopo. Re ka kgodiseha hore dintho tsena di tla etsahala. Hobaneng? Hobane Lentswe la Modimo e leng Bibele le re:

“Lefatshe le a feta.” ​—1 JOHANNE 2:17.

Re ka kgodiseha hore ho tla ba le batho ba tla pholoha hobane temana ya Bibele eo re buileng ka yona ka hodimo e re:

“Ya etsang thato ya Modimo o hlola ka ho sa feleng.”

Re lokela ho etsa thato ya Modimo e le hore re pholohe. E le hore re tsebe hore na thato ya Modimo ke efe, ntho ya pele eo re lokelang ho e etsa ke hore re mo tsebe.

RE LOKELA HO ‘TSEBA MODIMO’ E LE HORE RE PHOLOHE

Ditshwantsho: 1. Mooki o dutse fatshe sepetlele, o kgathetse hape o nyahame. 2. O nkile kgefu ka moo ho jellwang mme bona mosebetsimmoho le yena a bala makasine a thabile. 3. Mosebetsimmoho le yena o mo balla temana ya Bibele hape o mo fa karete ya boitsebiso ya jw. org.

Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswela pele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete.” (Johanne 17:3) Re lokela ho ‘tseba Modimo’ e le hore re pholohe ha batho ba kgopo ba fediswa. Ho tseba Modimo ha ho bolele feela ho dumela hore o teng kapa ho tseba dintlha tse seng kae ka yena. Re lokela ho ba metswalle ya hae. Ka mohlala, e le hore o be motswalle wa motho o lokela ho qeta nako o na le yena. Ho jwalo le ka ho ba motswalle wa Modimo. Hlokomela dintho tseo re ithutang tsona Bibeleng tse ka re thusang hore re be metswalle ya Modimo.

Nnete eo re Ithutang Yona ka Bibeleng

Mooki eo o hae o shebile websaete jw.org.

Re ithuta hore Modimo o ne a batla hore re phele Paradeiseng.

O ile a bopa batho ba pele e leng Adama le Eva mme a ba beha sebakeng se setle se bitswang tshimo ya Edene. Ba ne ba se na sebe mme Modimo o ne ba fa ntho e nngwe le e nngwe eo ba neng ba e hloka e le hore ba thabele bophelo. Ba ne ba ka phela ka ho sa feleng. Haeba ba ne ba ka dula e le metswalle ya Modimo, ba ne ba ke ke ba shwa. Ka maswabi ha ba a ka ba mamela taelo e bonolo eo Modimo a neng a ba file yona.

Re ithuta hore na ke hobaneng ha re na le mathata.

Ka ha Adama ha a ka a mamela Modimo, yena le batho bohle ba ile ba lahlehelwa ke monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, mme ka hoo lefu la namela ho batho bohle.” (Baroma 5:​12) Bana bohle ba Adama ba futsitse sebe ho yena jwalo ka ha motho a ka futsa ntho e itseng ho batswadi ba hae. Ka lebaka leo, re a tsofala ebile re a shwa.

Re ithuta seo Modimo a re etseditseng sona ho re thusa.

Bibele e re: “Etswe Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi [a le mong], e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho yena a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:​16) Modimo o ile a romela Jesu lefatsheng hore a tlo re shwela. Ha ntate e mong wa India ya dilemo di 86 ya bitswang Prabhakar a bua ka lerato leo Jehova a re bontshitseng lona o ile a re: “Ketso ena e mpontshitse hore Jehovaa o nthata haholo ebile lerato la hae le mpha tshepo ya ho phela ka ho sa feleng.”

Re ithuta ka moo re ka ananelang seo Modimo a re etseditseng sona.

Bibele e re re lokela ho “boloka ditaelo tsa hae [Modimo]” ho bontsha hore re ananela dintho tseo a re etseditseng tsona. (1 Johanne 2:3) Ka ha Jehova o a re rata, o re bontshitse dintho tseo re ka di etsang e le hore re thabele bophelo hona jwale. (Esaia 48:​17, 18) Modimo ha a batle hore re utlwe bohloko. O re tshepisitse hore haeba re mamela melao ya hae, re tla thabela bophelo hona jwale ebile re tla phela ka ho sa feleng nakong e tlang.

BALA BIBELE, LENTSWE LA MODIMO KA MEHLA

Mooki o dutse fatshe ka ntle ka nako ya kgefu mme o shebile lehodimong ka mora ho bala Bibele.

O ka pholoha bofelo ba lefatshe haeba o rapela Modimo hore a o thuse ebile o etsa thato ya hae

Re hloka dijo e le hore re phele empa Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Jehova.”​—Matheu 4:⁠4.

Mehleng ena mantswe a Jehova a ngotswe ka Bibeleng. Ha o ntse o bala buka eo e halalelang, o tla ithuta hore na ke dintho dife tseo Modimo a di entseng nakong e fetileng, tseo a di etsa hona jwale le tseo a tla di etsa nakong e tlang.

RAPELA MODIMO HORE A O THUSE

Ke eng eo o ka e etsang haeba o batla ho mamela Modimo empa o utlwa ho le thata ho tlohella ho etsa dintho tseo a reng di fosahetse? O ka thuswa ke ho tseba Modimo.

Nahana ka mohlala wa mme e mong ya bitswang Sakura, ya neng a etsa boitshwaro bo bobe ba thobalano. Ha a ne a qala ho ithuta Bibele o ile a hlokomela molao wa Modimo o reng re ‘balehele bohlola.’ (1 Bakorinthe 6:​18) O ile a rapela Modimo hore a mo fe matla mme o ile a tlohella ho etsa boitshwaro boo bo bobe. Empa o ntse a lokela ho lwantsha bothata bona. O re: “Ha ke tlelwa ke menahano e fosahetseng, ke rapela Jehova hobane ke a tseba hore nke ke ka kgona ho lwantsha bothata bona ntle le hore a nthuse. Ho rapela ho nthusitse hore ke be motswalle wa Jehova.” Batho ba dimilione kajeno ba ntse ba ithuta ka Modimo jwalo ka Sakura. Modimo o ba fa matla ao ba a hlokang e le hore ba fetole tsela eo ba phelang ka yona mme ba phele ka tsela e tla mo thabisa.​—⁠Bafilipi 4:13.

Ha o ntse o ithuta ka Modimo mme o mo tseba haholwanyane, o tla ba motswalle wa hae. (Bagalata 4:⁠9; Pesaleme ya 25:​14) Ha o etsa jwalo o tla tshwaneleha hore o phele lefatsheng le letjha la Modimo. Lefatshe leo le letjha le tla ba jwang? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.

a Bibele e re lebitso la Modimo ke Jehova.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share