LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp21 No. 3 leq. 15
  • O ka Ikgethela Hore na o Batla Hore Bokamoso ba Hao bo be Jwang

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Ikgethela Hore na o Batla Hore Bokamoso ba Hao bo be Jwang
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE JWANG RE KA RATANG JEHOVA LE HO MAMELA LENTSWE LA HAE?
  • Bokamoso ba Hao bo Matsohong a Hao!
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
  • O ka Kgona ho Atamela Haufi le Modimo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • “Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatshe”
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
  • Selelekela
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
wp21 No. 3 leq. 15
Mohlankana o bontsha motswalle wa hae ntho e hlahileng founung.

O ka Ikgethela Hore na o Batla Hore Bokamoso ba Hao bo be Jwang

Hoo e ka bang dilemo tse 3 500 tse fetileng, Jehova o ile a bolella batho ba batlang ho mo sebeletsa hore na ba lokela ho etsang e le hore ba dule ba thabile: “Ke behile bophelo le lefu ka pela lona, tlhohonolofatso le thohako; le kgethe bophelo e le hore le tswele pele le phela, lona le bana ba lona.”​—Deuteronoma 30:19.

E le hore batho bao ba dule ba thabile, ba ne ba lokela ho etsa qeto e nepahetseng. Le rona kajeno re na le kgetho eo. Bibele e a hlalosa hore na ke jwang re ka bang le bophelo bo thabisang: “Ka hore le rate Jehova Modimo wa lona, le mamele lentswe la hae.”​—Deuteronoma 30:20.

KE JWANG RE KA RATANG JEHOVA LE HO MAMELA LENTSWE LA HAE?

ITHUTE BIBELE: E le hore o rate Jehova, o lokela ho qala pela ka ho ithuta ka yena ka Bibeleng. Ha o ntse o ithuta ka yena, o tla hlokomela hore ke Modimo ya lerato, ya o batlelang se molemo. O batla hore o mo rapele ‘hobane o a o tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Bibele e tshepisa hore haeba o etsa boiteko ba ho atamela ho Modimo le yena ‘o tla atamela ho wena.’​—Jakobo 4:8.

SEBEDISA SEO O ITHUTANG SONA: Ho mamela Modimo ho bolela ho latela tataiso ya hae e bohlale e hlahang ka Bibeleng. Ha o etsa jwalo, “o tla atlehisa tsela ya hao mme . . . o tla etsa ka bohlale.”​—Joshua 1:8.

Ho ithuta dintlha tse eketsehileng, kena websaeteng ya rona ya jw.org, moo o tla kgona ho bala Bibele inthaneteng, o ithute Bibele inthaneteng,a kapa o etse kopo ya hore motho e mong a o thuse ho utlwisisa Bibele.

Etsa qeto hona jwale ya hore o dumelle Bibele hore e o tataise hore o be le bophelo bo thabisang.

a Hona jwale e fumaneha ka dipuo tse ka bang tse supileng, ho akarelletsa Sechaena sa Mandarin le sa Cantonese.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share