LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w22 October maq. 12-17
  • Ho Thaba Batho ba Tshepahallang Jehova

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Thaba Batho ba Tshepahallang Jehova
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • MOHLALA OO RE KA O ETSISANG
  • “BALAODI BA PHAHAMENG”
  • “YA HODIMODIMO”
  • NTWA YA MAKGAOLAKGANG
  • RE LOKELA HO DULA RE TSHEPAHALA
  • Dula o Tshepahala!
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • O ka Ithutang Mohlaleng wa Daniele?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
w22 October maq. 12-17

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 42

Ho Thaba Batho ba Tshepahallang Jehova

“Ho thaba batho ba tshepahalang le ba mamelang molao wa Jehova.”​—PES. 119:1.

PINA YA 124 Tshepahalang Kamehla

SEO RE TLO ITHUTA SONAa

Bara le baradibabo rona ba teronkong ka lebaka la tumelo ya bona le ba seng ba lokollotswe ho yona ba thabile.

Ba bang ba bara le baradibabo rona ba sebete ba kwalletsweng teronkong ka lebaka la ho tshepahalla bobusi ba Jehova le ba seng ba lokollotswe (Sheba serapa sa 1 le 2)

1, 2. (a) Balaodi ba bang ba hlorisa bahlanka ba Jehova ka tsela efe, hona bahlanka ba Modimo ba etsang ha ba hloriswa? (b) Ke hobaneng ha re lokela ho thaba le hoja re hloriswa? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

HONA jwale mosebetsi wa rona o thibetswe dinaheng tse ka hodimo ho 30 lefatsheng lohle. Ho tse ding tsa dinaha tseo, balaodi ba kwalletse bara le baradibabo rona teronkong. Keng e phoso eo bara le baradibabo rona ba e entseng? Jehova ha a ba nke ba entse phoso hobane ntho feela eo ba e entseng ke ho bala Bibele, ho ruta batho ba bang ka yona le ho ya dibokeng. Ba hanne le ho nka lehlakore dipolotiking. Ho sa tsotellehe kganyetso eo, bahlanka bana ba Modimo ba ile ba dula ba mo sebeletsa le ho mo tshepahalla mme ba ile ba thabiswa ke ho etsa seo.

2 E ka nna yaba o kile wa bona dinepe tsa bara le baradibabo rona bana ba sebete ba thabile. Ba thabiswa ke ho tseba hore Jehova o motlotlo ka hore ebe ba ile ba dula ba mo tshepahalla. (1 Dikron. 29:17a) Jesu o ile a re: “Ho thaba ba hlorisitsweng ka lebaka la ho loka . . . Thabang, le tlolatlole ke thabo hobane moputso wa lona o moholo.”​—Mat. 5:10-12.

MOHLALA OO RE KA O ETSISANG

Ditshwantsho: 1. Moapostola Petrose le Johanne ba bua ba eme ka pela Sanhedrine. 2. Morabo rona o a ipuella ho moahlodi a le kgotla.

Petrose le Johanne ba behetse Bakreste ba mehleng ena ba lokelang ho ya lekgotleng le ho emela tumelo ya bona mohlala (Sheba serapa sa 3 le 4)

3. Diketso 4:19, 20 e re baapostola ba Jesu ba ile ba etsang ha ba ne ba hloriswa, hona ke hobaneng ha ba ile ba etsa jwalo?

3 Baapostola ba Jesu ba ne ba hloriswa hobane ba ne ba ruta ka Jesu mme ba ile ba mamella. Bara le baradibabo rona le bona ba hloriswa ka tsela e tshwanang le ya baapostola. Ka makgetlo a mangata, baahlodi ba lekgotla le phahameng la Bajuda ba ile ba laela baapostola “hore ba se ke ba hlola ba ruta kapa ba bua ka lebitso la Jesu.” (Dik. 4:18; 5:27, 28, 40) Baapostola ba ile ba etsang? (Bala Diketso 4:19, 20.) Ba ne ba tseba hore ho na le motho ya nang le matla a maholo ya ileng a ba ‘laela hore ba bolelle batho le ho fana ka bopaki bo hlakileng’ bo mabapi le Kreste. (Dik. 10:42) Babuelli ba bona e leng Petrose le Johanne, ka sebete ba ile ba re ba tla mamela Modimo ho ena le ho mamela baahlodi bao le hore ba ke ke ba tlohela ho bua ka Jesu. E ne eka ba re ho balaodi bao: ‘Na le nahana hore melao ya lona e phahametse ya Modimo?’

4. Jwalo ka ha Diketso 5:27-29 e bontsha, ke mohlala ofe oo baapostola ba o behetseng Bakreste ba nnete, hona re ka ba etsisa jwang?

4 Baapostola ba behetse Bakreste ba nnete mohlala o motle wa hore ba mamele Modimo ka ha ke yena mmusi wa bona eseng batho. (Bala Diketso 5:27-29.) Ka mora hore baapostola ba shapelwe botshepehi ba bona, ba ile ba tswa lekgotleng le phahameng la Bajuda “ba thabile hobane ba nka e le tlotla ho tlotlollwa ka lebaka la lebitso la [Jesu]” mme ba ile ba tswela pele ba bolela ditaba tse molemo.​—Dik. 5:40-42.

5. Sehloohong see re tlo araba dipotso dife?

5 Mohlala oo baapostola ba re behetseng wona o etsa hore re ipotse dipotso. Ka mohlala, ke jwang baapostola ba neng ba mamela Modimo ho ena le batho ha ka nako e tshwanang ba ne ba mamela taelo ya Bibele e reng ba “hlomphe balaodi ba phahameng”? (Bar. 13:1) Ke jwang re ka ‘mamelang mebuso le balaodi’ jwalo ka ha moapostola Pauluse a re laetse le ho dula re tshepahalla Modimo e leng Mmusi wa rona ya phahameng?​—Tite 3:1.

“BALAODI BA PHAHAMENG”

6. (a) “Balaodi ba phahameng” bao Baroma 13:1 e buang ka bona ke bomang, hona re lokela ho ba tshwara jwang? (b) Keng eo e leng nnete ka babusi?

6 Bala Baroma 13:1. Temaneng ena mantswe “balaodi ba phahameng” a bua ka babusi. Bakreste ba lokela ho ba mamela. Balaodi bana ba etsa hore ho be le taolo naheng ebile ba etsa bonnete ba hore batho ba mamela molao mme ka dinako tse ding ba sireletsa bahlanka ba Jehova. (Tshen. 12:16) Ka hoo, re lokela ho lefa lekgetho re be re ba fe tlhompho e ba loketseng. (Bar. 13:7) Balaodi bana ba na le matla hobane Jehova ke yena ya ba dumelletseng hore ba be le ona. Jesu o ile a hlakisa ntlha ena hantle ha Mmusisi wa Roma e leng Ponse Pilato a ne a mo botsa dipotso tse ngata. Ha Pilato a ne a re a ka pholosa Jesu kapa a ka mo bolaya, Jesu o ile a re ho yena: “O ka be o se na matla hodima ka hoja ha o a a fuwa ke Modimo.” (Joh. 19:11) Ho na le moo matla a babusi le a boradipolotiki a fellang teng jwalo ka ha matla a Pilato le ona a ne a lekanyeditswe.

7. Ke neng moo re sa lokelang ho mamela babusi, hona keng eo babusi ba lokelang ho e hopola?

7 Bakreste ba lokela ho mamela melao ya balaodi hafeela e sa hanyetsane le melao ya Modimo. Re ke ke ra mamela batho haeba ba re re etse ntho eo Modimo a sa e batleng kapa ba re hanela ho etsa dintho tseo Modimo a reng re di etse. Ka mohlala, ba ka nna ba laela bahlankana hore ba lwanele naha.b Hape ba ka nna ba re thibela hore re sebedise Bibele le dingolwa tsa rona mme ba re re kgaotse ho ruta batho Bibele le ho sebeletsa Jehova re le ha mmoho. Ha babusi ba sa sebedise matla a bona hantle mme ba hlorisa barutuwa ba Kreste, ba tla ikarabella ho Jehova hobane o ba shebile.​—Moek. 5:8.

8. Phapang ke efe pakeng tsa Jehova le “balaodi ba phahameng,” hona ke hobaneng ha taba ee e le ya bohlokwa?

8 Lentswe molaodi le bolela hore motho o phahametse batho ba bang empa ha le bolele hore o phahame ka ho fetisisa. Le hoja babusi ba bitswa “balaodi ba phahameng” ho na le ya ba phahametseng ka ho fetisisa, e leng ya hodimodimo. Ka makgetlo a mane ka Bibeleng, Jehova Modimo o bitswa “Ya Hodimodimo.”​—Dan. 7:18, 22, 25, 27.

“YA HODIMODIMO”

9. Keng seo moprofeta Daniele a se boneng ponong?

9 Moprofeta Daniele o ile a bona pono e bontshang hore Jehova o phahametse balaodi bohle ba bang. Daniele o ile a qala pele ka ho bona dibata tse nne tse kgolo tse emelang mmuso o matla wa lefatshe wa nakong e fetileng e leng Babilona, Medo-Persia, Greece le Roma mme wa mehleng ena ke Anglo-America. (Dan. 7:1-3, 17) Daniele o ile a bona Jehova Modimo a dutse teroneng lekgotleng le lehodimong. (Dan. 7:9, 10) Seo moprofeta Daniele a se boneng se lemosa balaodi ba mehleng ena.

10. Ho ya ka Daniele 7:13, 14, 27, ke bomang bao Jehova a ba fang matla a hore ba laole lefatshe, hona see se bontshang ka Yena?

10 Bala Daniele 7:13, 14, 27. Modimo o nka matla a balaodi ba lefatshe mme o a fa batho ba tshwanelwang ke ona le ba matla ho ba feta. O a fa batho bafe? O a fa “e mong ya jwalo ka mora motho” e leng Jesu Kreste le “bahalaledi ba Ya Hodimodimo,” e leng ba 144 000 ba tla busa “ka ho sa feleng.” (Dan. 7:18) Ho hlakile hore Jehova ke “Ya Hodimodimo” hobane ke yena feela ya nang le matla a ho etsa sena.

11. Daniele o ile a reng hape e bontshang hore Jehova o phahametse dinaha?

11 Ketsahalo eo Daniele a e boneng ponong e tiisa seo a buileng ka sona. Daniele o ile a re: “Modimo wa lehodimo . . . o tlosa marena ebile o beha marena.” O ile a boela a re: “Ya Phahameng ka ho Fetisisa ke Mmusi mmusong wa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa wona.” (Dan. 2:19-21; 4:17) Na ho kile ha eba le nako eo Jehova a ileng a tlosa balaodi le ho beha ba bang? Ho jwalo.

Morena Belshatsare le baeti ba hae ba makalletse mongolo o ngotsweng leboteng.

Jehova o ile a nka bobusi ba Belshatsare mme a bo fa Bamede le Bapersia (Sheba serapa sa 12)

12. Fana ka mohlala wa ka moo Jehova a ileng a tlosa marena diteroneng tsa bona nakong e fetileng. (Sheba setshwantsho.)

12 Jehova o se a bontshitse hore o phahametse balaodi. Nahana ka mehlala ena e meraro. Faro wa Egepeta o ile a etsa bahlanka ba Jehova makgoba mme ka makgetlo o ile a hana ho ba lokolla. Modimo o ile a ba lokolla yaba o etsa hore Faro a kgangwe ke metsi a Lewatle le Lefubedu. (Ex. 14:26-28; Pes. 136:15) Morena Belshatsare wa Babilona o ne a tshwere mokete mme o ile a “iphahamisetsa Morena wa mahodimo” mme a ‘rorisa medimo e entsweng ka silevera le kgauta’ ho ena le ho rorisa Jehova. (Dan. 5:22, 23) Modimo o ile a kokobetsa monna eo ya ikgohomosang. Belshatsare o ile a bolawa “bosiung bona boo” mme mmuso wa hae wa fuwa Bamede le Bapersia. (Dan. 5:28, 30, 31) Morena Heroda Agripa wa pele wa Palestine o ile a bolaya moapostola Jakobo mme a kwalla moapostola Petrose teronkong a batla hore le yena a bolawe. Jehova o ile a thibela Heroda hore a etse ntho eo. “Lengeloi la Jehova la mo otla” mme o ile a shwa.​—Dik. 12:1-5, 21-23.

13. Fana ka mohlala o bontshang ka moo Jehova a ileng a hlola sehlopha sa babusi.

13 Jehova o ile a boela a bontsha hore o phahametse dihlopha tsa babusi. O ile a lwanela Baiseraele le ho ba thusa hore ba fedise marena a 31 a neng a tshehetsa Bakanana le ho hapa dikarolo tse kgolo tsa Naha e Tshepisitsweng. (Josh. 11:4-6, 20; 12:1, 7, 24) Jehova o ile a boela a thusa Baiseraele hore ba hlole Morena Ben-hadade le babusi ba bang ba 32 ba Siria ba neng ba ba lwantsha.​—1 Mar. 20:1, 26-29.

14, 15. (a) Morena Nebukadnezare le Dariuse ba ile ba reng ka bobusi ba Jehova? (b) Mongodi e mong wa pesaleme o ile a reng ka Jehova le ka setjhaba sa Hae?

14 Jehova o bontshitse ka makgetlo a mangata hore ke Ya Hodimodimo. Morena Nebukadnezare wa Babilona o ile a ithorisa ‘ka matla a hae hore a tlotliswe a be a hlomphuwe,’ ho ena le hore a dumele hore Jehova ke yena ya lokelang ho roriswa. Modimo o ile a etsa hore a hlanye. Ka mora hore kelello ya Nebukadnezare e Kgutle, o ile a “rorisa Ya Phahameng ka ho Fetisisa” mme o ile a dumela hore “puso ya [Jehova] ke e ke keng ya fela.” O ile a boela a re: “Ha ho na motho ya ka mo thibang.” (Dan. 4:30, 33-35) Ka mora hore Daniele a lahlelwe ka sekoting sa ditau, Jehova o ile a mo pholosa. Morena Dariuse o ile a re: “Batho bohle ba dulang dibakeng tse pusong ya ka ba lokela ho tshaba Modimo wa Daniele hobane ke Modimo ya phelang ebile o tla dula a le teng ka ho sa feleng. Mmuso wa hae o ke ke wa fediswa le puso ya hae e ke ke ya fela.”​—Dan. 6:7-10, 19-22, 26, 27.

15 Mongodi e mong wa pesaleme o ile a re: “Jehova o sentse merero ya ditjhaba. O thibetse merero ya batho hore e se ke ya atleha.” O ile a boela a re: “Ho thaba setjhaba seo Modimo wa sona e leng Jehova. Batho bao a ba kgethileng hore e be ba hae.” (Pes. 33:10, 12) Lena ke lebaka le utlwahalang la hore re dule re tshepahalla Jehova.

NTWA YA MAKGAOLAKGANG

Lebotho la Jehova le palame dipere tse tshweu mme le hlasela masole a lefatsheng.

Ho tla ba bonolo hore lebotho la Jehova le lehodimong le hlole ditjhaba tse ikopantseng tse mo hanyetsang le tse hanyetsang bahlanka ba hae (Sheba serapa sa 16 le 17)

16. Re ka kgodiseha kang mabapi le “mahlomola a maholo,” hona hobaneng? (Sheba setshwantsho.)

16 Re ithutile ka dintho tseo Jehova a ileng a di etsa nakong e fetileng. Re ka lebella hore ho tla etsahalang nakong e tlang? Re ka kgodiseha hore Jehova o tla pholosa bahlanka ba hae ba tshepahalang nakong ya “mahlomola a maholo.” (Mat. 24:21; Dan. 12:1) Ha ditjhaba tse ikopantseng e leng Gogo wa Magogo di hlasela bahlanka ba Jehova ba tshepahalang lefatsheng lohle, Jehova o tla ba pholosa. Le hoja ditjhaba tse ikopantseng di akarelletsa ditho tsohle tse 193 tsa Matjhaba a Kopaneng, a ke ke a o besa wa tuka ho Ya Hodimodimo le lebotho la hae le lehodimong. Jehova o re tshepisitse a re: “Ke tla itlotlisa, ke ikgalaletse ke be ke itsebahatse ditjhabeng tse ngata. Di tla tseba hore ke nna Jehova.”​—Ezek. 38:14-16, 23; Pes. 46:10.

17. Bibele e re ho tla etsahalang ka marena a lefatshe le ka batho ba dulang ba tshepahalla Jehova?

17 Tlhaselo ya Gogo e tla lebisa ntweng ya Armagedone moo Jehova a tla fedisa “marena a lefatshe lohle.” (Tshen. 16:14, 16; 19:19-21) Ke batho “ba lokileng feela ba tla dula lefatsheng ba dulang ba tshepahala ba tla sala ho lona.”​—Diprov. 2:21.

RE LOKELA HO DULA RE TSHEPAHALA

18. Bakreste ba bangata ba nnete ba ikemiseditse ho etsang, hona hobaneng? (Daniele 3:28)

18 Ka dilemo tse ngata, Bakreste ba nnete ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing le ho tela bolokolohi boo ba nang le bona hobane ba rata Jehova eo e leng Mmusi wa bona. Bakreste bao ba ikemiseditse ho tshepahalla Jehova jwalo ka Baheberu ba bararo ba ileng ba pholoswa mollong ka lebaka la ho tshepahalla Ya Hodimodimo.​—Bala Daniele 3:28.

19. Jehova o tla ahlola batho ba hae ka tsela efe, hona keng eo re lokelang ho e etsa hona jwale?

19 Mopesaleme Davida o ile a bua ka bohlokwa ba ho tshepahalla Modimo, o ile a re: “Jehova o tla ahlola batho. Nkahlole hle Jehova, o bone hore na ke lokile le hore na ke a tshepahala.” (Pes. 7:8) Davida o ile a boela a re: “E se eka nka sireletswa hobane ke a tshepahala ebile ke etsa dintho tse lokileng.” (Pes. 25:21) Tsela e molemo ke hore re tshepahalle Jehova bophelo bohle ba rona ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang. Ka hoo, re tla ikutlwa jwalo ka mongodi e mong wa pesaleme ya ileng a re: “Ho thaba batho ba tshepahalang le ba mamelang molao wa Jehova.”​—Pes. 119:1.

O KA ARABA JWANG?

  • Baapostola ba re behetse mohlala ofe?

  • Ke neng moo re lokelang ho mamela “balaodi ba phahameng”?

  • Jehova o bontshitse jwang hore ke “Ya Hodimodimo”?

PINA YA 122 Ebang Sebete Mme le Tiye!

a Bibele e re Bakreste ba lokela ho mamela balaodi, e leng mebuso ya lefatshe. Mebuso e meng e hanyetsa Jehova le bahlanka ba hae. Ke jwang re ka mamelang melao ya babusi mme ra tswela pele re tshepahalla Jehova?

b Sheba sehlooho se reng, “Ke Hobaneng ha re sa Lwane le Hoja Baiseraele ba Mehleng ya Kgale ba ne ba Lwana?” se hlahang Toreng ena ya ho Lebela.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share