LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp23 No. 1 leq. 5
  • Modimo o a o Tsotella

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Modimo o a o Tsotella
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • Dintlha tse Ding
  • Ke Batla ho Shwa, na Bibele e ka Nthusa ha ke e na le Maikutlo a ho Ipolaya?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Modimo o re Tshepisa Hore ha re sa Tla Hlola re Eba le Kgatello ya Maikutlo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • Batho ba Bangata ba na le Kgatello ya Maikutlo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • 2 | ‘Mangolo a a re Tshedisa’
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
wp23 No. 1 leq. 5
Motjha o dutse ka thoko ho bethe ya hae mme o bala Bibele.

Modimo o a o Tsotella

BIBELE e na le dikeletso tse molemo haholo hobane e tswa ho Modimo. Bibele ha se buka ya dingaka empa e na le dikeletso tse ka re thusang ha re hlahelwa ke mathata, ha re nahana ka dintho tse re tshwenyang, ha re utlwile bohloko, ha re sa phele hantle mmeleng le ha re ena le kgatello ya maikutlo.

Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore Bibele e a re bolella hore Mmopi wa rona e leng Jehova Modimo,a o utlwisisa hantle tsela eo re nahanang ka yona le eo re ikutlwang ka yona ho feta motho le ha e le ofe. O ikemiseditse ho re thusa ka bothata le ha e le bofe boo re nang le bona. Ka mohlala, bona ka moo ditemana tsena tse pedi di re tshedisang ka teng:

“Jehova o haufi le bao dipelo tsa bona di utlwileng bohloko. O pholosa ba kgathetseng matla.”​—PESALEME YA 34:18.

“Nna, Jehova Modimo wa hao, ke o tshwara ka letsoho la hao le letona, ke nna ya reng ho wena, ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o thusa.’”​—ESAIA 41:13.

Jehova o re thusa jwang ho sebetsana le bothata ba ho ba le kgatello ya maikutlo? Dihlooho tse latelang di tla bontsha hore na Jehova o re bontsha jwang hore o re tsotella e le ka nnete.

a Jehova ke lebitso la Modimo.​—Pesaleme ya 83:18.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share