Batho ba Bangata ba na le Kgatello ya Maikutlo
“Ke dula ke tshwenyehile le ha ho se na lebaka la hore ke tshwenyehe.”
“Ke a tshwenyeha ha ke thabile haholo hobane ke a tseba hore ka ho panya ha leihlo, thabo ya ka e ka fetoha maswabi.”
“Ke leka ho sebetsana le mathata a letsatsi ka leng empa ka dinako tse ding ke ikutlwa ke tshwenyehile ka dintho tse ngata.”
Na o na le ho ikutlwa ka tsela eo batho baa ba ikutlwang ka yona kapa na ho na le motho eo o mo tsebang ya kileng a ikutlwa ka tsela ee?
Kgodiseha hore ha o mong. Batho ba bangata le bona ba na le kgatello ya maikutlo. Ba bang ba tshwenyehile ka ba malapa a bona ba nang le kgatello ya maikutlo.
Ka nnete hona jwale ‘bophelo bo thata.’ (2 Timothea 3:1) Dipatlisiso di bontsha hore lefatsheng lohle motho a le mong ho ba robedi o na le kgatello ya maikutlo. Ha ho bapiswa pakeng tsa selemo sa 2019 le selemo sa 2020, dipalopalo tsa batho ba nang le bothata ba ho tshwenyeha haholo di ile tsa eketseha ka diphesente tse 26 mme tsa batho ba nang le kgatello ya maikutlo tsa eketseha ka diphesente tse 28 ka lebaka la sewa sa COVID-19.
Le hoja e le ha bohlokwa ho tseba hore na ke batho ba bakae ba nang le kgatello ya maikutlo, ntho ya bohlokwa le ho feta ke ho tseba hore na wena le ba lelapa la hao le ka sebetsana le bothata bona jwang.
Na o na le kgatello ya maikutlo?
Motho ya se nang kgatello ya maikutlo o qeta nako e ngata a ikutlwa hantle ebile a etsa dintho hantle. O kgona ho sebetsana le dintho tse mo tshwenyang, o sebetsa ka thata ha a le mosebetsing ebile o thabela ho phela.
Ho ba le kgatello ya maikutlo . . .
HA HO BOLELE hore o a fokola.
KE bothata bo hlokang ngaka. Bo ka ama tsela eo motho a nahanang ka yona, a ikutlwang ka yona le eo a etsang dintho ka yona.
Ho ka etsa hore motho a thatafallwe ke ho ba le metswalle le ho sebetsana le mathata a bophelo.
Ho ka ama batho ba dilemo tsohle, ditso tsohle, merabe yohle, madumedi ohle, batho ba rutehileng le ba sa rutehang, ba nang le tjhelete kapa ba se nang yona.
Batla thuso ya dingaka
Haeba o hlokomela hore o se o etsa dintho ka tsela e sa tlwaelehang kapa o bona motho e mong eo o mo ratang a etsa dintho ka tsela e sa tlwaelehang, mohlomong o se a robala nako e telele haholo kapa ha a sa robala hantle, ha a sa ja hantle, o se a tshwenyeha haholo kapa o qeta nako e ngata a sa thaba, ho ka nna ha hlokahala hore le batle thuso e le hore le ka tseba hore na bothata bona bo bakwa ke eng. Le ka fumana thuso hokae?
Monna ya bohlale ka ho fetisisa ya kileng a phela e leng Jesu Kreste o ile a re: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka.” (Matheu 9:12) Batho ba kulang ba ka thuswa ke ho ya ngakeng e le hore ba kgone ho fumana meriana e tla ba thusa hore ba phele hantle. E ka ba hantle hore ba potlakele ho fumana thuso ya dingaka haeba bothata bona bo tswela pele.a
Bibele ha se buka ya dingaka empa e ka o thusa hore o sebetsane le bothata ba kgatello ya maikutlo. Re kopa hore o bale dihlooho tse latelang tse bontshang ka moo Bibele e ka re thusang ka teng hore re sebetsane le bothata ba kgatello ya maikutlo.
a Makasine ena ya Tora ya ho Lebela ha e kgothaletse mofuta o itseng wa phekolo. Motho ka mong o lokela ho hlahloba ka hloko phekolo eo a e kgethang pele a etsa qeto.