LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwbq sehlooho 121
  • Lengeloi le ka Sehloohong Mikaele ke Mang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Lengeloi le ka Sehloohong Mikaele ke Mang?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Karabo ya Bibele
  • Seo e Leng Nnete ka Mangeloi
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 121
Mikaele lengeloi le ka sehloohong le lebotho la mangeloi

Lengeloi le ka Sehloohong Mikaele ke Mang?

Karabo ya Bibele

Mikaele, eo madumedi a mang a reng ke “Mohalaledi Mikaele,” ke lebitso leo ho bonahalang le ile la fuwa Jesu pele le ka mora hore a tle lefatsheng.a Mikaele o ile a pheha kgang le Satane ka mora lefu la Moshe mme o ile a thusa lengeloi ho fetisetsa molaetsa wa Modimo ho moprofeta Daniele. (Daniele 10:13, 21; Juda 9) Mikaele o phelela lebitso la hae le bolelang “Ke Mang ya Tshwanang le Modimo?” ka hore a sireletse bobusi ba Modimo le ho lwantsha dira tsa Modimo.​—Daniele 12:1; Tšenolo 12:7.

Bona mabaka a etsang hore re fihlele qeto ya hore Jesu ke yena lengeloi le ka sehloohong Mikaele.

  • Mikaele ke “lengeloi le ka sehloohong.” (Juda 9) Tlotla “lengeloi le ka sehloohong,” e hlaha habedi feela ditemaneng tsa Bibele. Maemong ana a mabedi lentswe lena le bonngweng e leng se bolelang hore ke lengeloi le le leng feela le bitswang ka tlotla ena. E nngwe ya ditemana tsena e bontsha hore Morena Jesu ya tsositsweng bafung “o tla theoha lehodimong ka mohoo o laelang, ka lentswe la lengeloi le ka sehloohong.” (1 Bathesalonika 4:​16) Jesu o na le “lentswe la lengeloi le ka sehloohong” hobane ke yena Mikaele, lengeloi le ka sehloohong.

  • Mikaele o laela lebotho la mangeloi. “Mikaele le mangeloi a hae ba lwana le drakone,” e leng Satane. (Tšenolo 12:7) O na le bolaodi ho dibopuwa tsa moya, mme o bitswa “e mong wa dikgosana tse ka pelepele” le “kgosana e kgolo.” (Daniele 10:​13, 21; 12:1) Ditlotla tsena di bontsha hore Mikaele ke “molaodi ya ka sehloohong wa lebotho la mangeloi,” jwalo ka ha New Testament scholar David E. Aune e bontsha.

    Bibele e boetse e bua ka lebitso le leng hape la motho ya okametseng lebotho la mangeloi. E re “tshenolong ya Morena Jesu ho tswa lehodimong le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso.” (2 Bathesalonika 1:​7, 8; Matheu 16:27) Jesu “o ile a ya lehodimong; mme mangeloi le balaodi le ba matla ba ile ba behwa tlasa hae.” (1 Petrose 3:​21, 22) E ne e ke ke ya eba ntho e utlwahalang hore Modimo a etse hore Jesu le Mikaele ba lwanele ho ba balaodi ba mangeloi a halalelang. Ho e na le hoo, ke ho utlwahalang ho fihlela qeto ya hore Jesu le Mikaele ke motho a le mong.

  • Mikaele “o tla raoha” ka “nako ya mahlomola” a maholo.” (Daniele 12:1) Bukeng ya Daniele, polelwana “o tla raoha” hangata e sebediswa ha ho buuwa ka morena ya tla nka kgato e kgethehileng. (Daniele 11:​2-4, 21) Jesu Kreste o hlaloswa e le “Lentswe la Modimo,” mme o tla nka kgato jwalo ka “Morena wa marena” ho fedisa dira tsohle tsa Modimo le ho sireletsa batho ba hae. (Tšenolo 19:​11-​16) O tla etsa seo nakong ya “matshwenyeho a maholo ao a kang ona a eso ka a eba teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe.”​—Matheu 24:​21, 42.

a Bibele e bitsa batho ba bang ka mabitso a fapaneng jwalo ka Jakobo (o boetse o bitswa Iseraele), Petrose (o boetse o bitswa Simone) le Thadiase (o boetse o bitswa Judase).​—Genese 49:​1, 2; Matheu 10:​2, 3; Mareka 3:​18; Liketso 1:​13.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share