LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 2 maq. 8-9
  • Ha Motswadi a Hlokahala

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ha Motswadi a Hlokahala
  • Fadimehang!—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BOTHATA
  • SEO O LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO O KA SE ETSANG
  • Keng e ka Thusang Ngwana ha a Hlokahalletswe ke Motswadi?
    Fadimehang!—2017
  • Nka Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahallwa Jwang?
    Batjha ba a Botsa
  • Ho Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahallwa—Seo o ka se Etsang
    Fadimehang!—2018
  • Makasine Ena: Batho ba Hlokahalletsweng ba ka Thuswa Keng?
    Fadimehang!—2018
Fadimehang!—2017
g17 No. 2 maq. 8-9
Ngwana o tshwere motho a moholo ka letsoho mabitleng

Se Ka Thusang Lelapa | Batjha

Ha Motswadi a Hlokahala

BOTHATA

Dami o ne a le dilemo tse 6 ha ntate wa hae a hlokahala ka lebaka la lefu la methapo. Derrick yena o ne a le dilemo tse 9 ha ntate wa hae a bolawa ke lefu la pelo. Athe Jeannie yena, o ne a le dilemo tse 7 ha mme wa hae a hlokahala kamora ho qeta selemo a tshwerwe ke kankere ya popelo.a

Batjha bana ba bararo, ba ne ba sa le banyane haholo ha batswadi ba bona ba hlokahala. Na le wena o hlokahalletswe ke motswadi? Haeba ho jwalo, sehlooho sena se tla o thusa hore o sebetsane ka katleho le ho utlwa bohloko.b Empa pele, hlokomela hore na ho utlwa bohloko ho akarelletsang.

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

Batho ba utlwa bohloko ka tsela tse sa tshwaneng. Sena se bolela hore tsela eo o sebetsanang le bohloko ka yona, e ka fapana le ya ba bang. Buka ya Helping Teens Cope With Death e re: “Ha hona melao, ha ho tluwa tabeng ya hore na motho o lokela ho sebetsana le bohloko jwang”. Ntho ya bohlokwa feela ke hore o se ke wa kwalla bohloko ka hare. Hobaneng? Hobane . . .

Ho kwalla bohloko ho ka ba kotsi. Jeannie, eo re buileng ka yena qalong, o re: “Ke ne ke nahana hore ke lokela ho itiisa e le hore ngwaneso a se ke a utlwa bohloko le ho feta. Esita le kajeno, ke ntse ke leka ho itiisa empa seo se a nkudisa.”

Ditsebi di a dumela hore haeba motho a kwalla bohloko ka hare a ka kula. Buka ya The Grieving Teen e re “Haeba motho a etsa eka ha a utlwa bohloko, ho na le nako eo bohloko boo, bo tla kgutla ka matla. Bo tla kgutla a sa lebella mme a ka ba le kgatello ya maikutlo kapa a kula.” Ha motho a le boemong boo, a ka qetella a se a sebedisa dithethefatsi le jwala hampe, e le hore feela a itebatse bohloko.

Ho utlwa bohloko ho ka etsa hore o ferekane. Ka mohlala, batho ba bang ba kwatela motho ya hlokahetseng hobane ba nka hore o ba lahlile kgerehlwa. Ba bang bona ba kwatela Modimo hobane ba re a kabe a ile a thibela lefu leo. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba ile ba qabana le motho eo ya hlokahetseng. Kahoo, ba sala ba utlwile bohloko kaha jwale ha ho sana nako ya ho kopa tshwarelo.

Ho hlakile hore ho ka ba thata ho sebetsana le ho utlwa bohloko. Keng e ka o thusang hore o tswele pele ka bophelo?

SEO O KA SE ETSANG

Bua le motho e mong. Ho utlwa bohloko ho ka etsa hore o batle ho ba mong. Empa ho buisana le motho e mong, ho ka o thusa hore o sebetsane le bohloko boo.—Molaomotheo wa Bibele: Liproverbia 18:24.

Eba le dayari. Ngola dintho tse o hopotsang motswadi wa hao ya hlokahetseng fatshe, mme o bone hore na o ka mo etsisa jwang.

Haeba o ile wa bua ntho e seng hantle le yena ha a sa ntse a phela, mme o ikutlwa o le molato, o ka nna ngola wa re, “Ke ikutlwa ke le phoso hobane ke ile ka buisa motswadi wa ka hampe.”

Kamora moo, hlahloba hore na ho ikutlwa jwalo ho tla o tswela molemo kapa tjhe. Buka ya The Grieving Teen e re: “Ha se ntho e utlwahalang ho ikahlola ka lebaka la ho tseba hore o ke ke wa hlola o fumana monyetla wa ho kopa tshwarelo. Ho iketsahalla feela hore re etse le ho bua dintho tse ka utlwisang ba bang bohloko.”—Molaomotheo wa Bibele: Jobo 10:1.

Itlhokomele. Phomola ka ho lekaneng, ikwetlise mme o je dijo tse ahang mmele. Haeba o ikutlwa eka ha o thabele ho ja dijo tse itseng, leka ho ja dijo tse bobebe tse kang ditholwana, tse ka kgutlisang takatso ya hao ya dijo. O seke wa theola bohloko ka hore o je dijo tse monate tse sa aheng mmele kapa ka ho nwa jwala, hobane o tla mpefatsa boemo le hofeta.

Rapela. Bibele e re: “Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, O tla o tshehetsa.” (Pesaleme ya 55:22) Thapelo ha se ntho feela tjee e etsang hore motho a ikutlwe hantle. Ke puisano ya sebele le Modimo ya re “tshedisang matshwenyehong ohle a rona.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.

Modimo o boetse o sebedisa Bibele ho re tshedisa. Ha o e bala, o tla ithuta hore na bafu ba hokae le hore Modimo o tshepisa ho tsosa batho ba hlokahetseng.c—Molaomotheo wa Bibele: Pesaleme ya 94:19.

a O ka boela wa bala ka dintho tse ileng tsa etsahalla Dami, Derrick, le Jeannie sehloohong se latelang.

b Le hoja sehlooho sena se bua ka ho hlokahallwa ke motswadi, melaomotheo e mona, e ka sebetsa hape le ha motho a hlokahelletswe ke ngwanabo kapa mokgotsi.

c Sheba kgaolo ya 16 Bukeng ya Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Volume 1 O ka boela wa e downloada mahala websaeteng ya www.jw.org/st. Sheba tlasa LINGOLILOENG.

MANGOLO A KA THUSANG

  • “Ho na le motswalle ya kgomarelang haufi ho feta morabo motho.”—Liproverbia 18:24.

  • “Ke tla bua ka moya o utlwileng bohloko!”—Jobo 10:1.

  • “Ha menahano ya ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho nna, Matshediso a hao a ile a qala ho hlabolla moya wa ka.”—Pesaleme ya 94:19.

O KA THUSA BA BANG

“Lapeng leso re Dipaki Tsa Jehova. Dilemong tse fitileng, bana ba bang ba babedi ba ile ba hlokahallwa ke bomme ba bona ka lebaka la kankere. E mong o ne a le dilemo tse 6 ha emong yena a le tse 3, e leng dilemo tse batlang di lekana le tsaka le ngwaneso ha ntate a ne a hlokahala dilemong tse 17 tse fetileng.

“Nna le ba lelapa leso re ile ra tlwaela lelapa lena. Re ne re ba kopa hore ba re tjhakele. Re ba mamela ha ba batla ho bua. Re ne re boetse re qeta nako e ngata le bona, re bapala re bile re ba fa dikeletso.

“Ho hlokahallwa ke motswadi ho bohloko haholo mme ha ho mohla o ka ho lebalang. Bohloko bona, bo ka ba betere le ha ho le jwalo, nako le nako o dula o hopola motswadi wa hao. Ke ne ke tseba hantle bohloko boo lelapa lena le bo utlwang mme ke a thaba hore ebe lelapa leso le ile la leka ho thusa. Sena se entse hore re be metswalle ya sebele.”—Dami.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share