Keng e ka Thusang Ngwana ha a Hlokahalletswe ke Motswadi?
Na o ntse o utlwisitswe bohloko ke lefu la e mong wa lelapa leno? Haeba ho jwalo, o ka sebetsana le bohloko boo jwang? Hlokomela kamoo Bibele e thusitseng batjha ba bang ba bararo ho sebetsana le bohloko ba ho shwelwa.
PALE YA DAMI
Dami
Qalong Ntate o ile a re o tshwerwe ke hlooho feela. Ha e le hantle, o ne a tshwerwe ke lefu la methapo. Nakwana kamora moo, o ile a kula le ho feta yaba mme o bitsa ambolense. Ke sa ntse ke hopola hantle ha ambolense e ne e mo nka. Ka maswabi, ke ne ke sa tsebe hore leo e ne e le lekgetlo la ho qetela ke mo bona a phela. Kamora matsatsi a mararo, o ile a hlokahala. Ke ne ke le dilemo tse 6 feela.
Ke qetile dilemo tse ngata ke ntse ke nahana hore nkabe ke ile ka etsa ho hong. Kamehla, ke ne ke dula ke nahana ka se ileng sa etsahala tsatsing leo, ebe ke a ipotsa hore na: ‘Ke hobaneng ha ke ile ka ema feela ke sa mo thuse.’ Ke hlola ke sheba batho ba bang ba baholo ba kulang, ke be ke tlelwa ke maikutlo a hore na: ‘Ke hobaneng ha bona ba ntse ba phela empa ntate waka yena a hlokahetse.’ Kaha re Dipaki tsa Jehova, ditho tsa phutheho di ile tsa re tshehetsa. Hape le mme o ne a dula a nthusa.
Le hoja ba bang ba nahana hore motho o utlwa bohloko ka nako eo ebe bo a feta, ho nna ha ho a ka ha eba jwalo. Ha ke fihla dilemong tsa botjha, ke ile ka nahana haholo ka lefu la Ntate.
Nka rata ho fa bana ba hlokahalletsweng ke batswadi keletso ya hore, “ba bue le motho e mong ka maikutlo a bona. Seo se ka ba thusa hore ba fole maikutlong”.
Ke nnete hore ho ne ho se bonolo ho tswela pele ka bophelo ntate a le siyo. Empa ke ile ka tshediswa ke lengolo la Tšenolo 21:4 (Bibele e Halalelang), le reng haufinyane Modimo o tla ‘hlakola meokgo yohle mahlong a rona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ha ho sa tla ba maswabi leha e le ho bokolla, kapa bohloko hobane tsa pele di fetile.’
PALE YA DERRICK
Derrick
Dintho tse monate tseo ke di hopolang ka ntate, ke hore, re ne re rata ho tshwasa ditlhapi le ho ya dithabeng. O ne a rata dithaba haholo.
Ntate o ne a tshwere ke lefu la pelo. Ke hopoIa ke mo tjhakela sepetlele ha ke sa le monyane. Le ha ho le jwalo, ke ne ke sa utlwisise hore na lefu lena le kotsi hakae. Ha ke le dilemo tse 9 ntate o ile a hlokahala.
Kamora hore a hlokahale, ke ile ka lla haholo. Ke ne ke ikutlwa eka ke bipetsane, ke sa batle ho bua le motho. Ke ne ke qala ho utlwa bohloko bo bokaalo ha esale ke phela. Bana bao ke neng ke kena kereke le bona, ba ile ba leka ho nkgothatsa, empa kamora nako ba kgaotsa. Batho ba moo kerekeng ba ne ba bua dintho tse kang: “E ne e se e le nako, Modimo o mo bitsitse.” Le hoja ke ne ke sa tsebe seo Bibele e se rutang ka bafu, mantswe ao a bona ha a ka a nkgothatsa.
Mme o ile a qala ho ithuta Bibele le Dipaki tsa Jehova, ka mora moo, nna le abuti re ile ra etsa se tshwanang. Re ile ra ithuta ka hore Modimo o tshepisa ho tsosa bafu le ka hore na boemo ba bona ke bofe. (Johanne 5:28, 29) Lengolo le ileng la nthusa haholo ke la Esaia 41:10, moo Modimo a reng: “O se ke wa tshoha, kaha ke na le wena. O se ke wa tadima kwana le kwana. Ke tla o matlafatsa. Ka sebele ke tla o thusa.” Nakong eo e boima, ke ile ka tshidiswa ke ho tseba hore Jehova o na le nna mme le hona jwale seo se sa ntse se ntshidisa.
PALE YA JEANNIE
Jeannie
Mme o bolauwe ke kankere ha ke le dilemo tse 7. E ne eka ke a lora. Ke sa ntse ke hopola hore o hlokahalletse lapeng le hore nkgono le ntatemoholo ba ne ba le teng. Le ha ho le jwalo, re ne re kgobile matshwafo. Ke a hopola hape hore re ile ra ja mahe bosiung boo. Ke ne ke utlwa eka bophelo ba ka bo kopakopane.
Ho tloha ka nako eo, ke ile ka tlameha hore ke tiye e le hore ke hlokomele ngwaneso. Seo se ne se bolela hore ke lokela ho kwalla bohloko ka hare. Ka bomadimabe, le ho tla fihlela lena le hodimo, ke ntse ke sa kgone ho bua ha ke utlwile bohloko. E leng ntho eo ke tsebang hore e kotsi.
Ke sa ntse ke hopola lerato le tshehetso eo re ileng ra e fumana ho tswa phuthehong ya Dipaki Tsa Jehova ya sebakeng sa heso. Le hoja e ne e se kgale re ya dibokeng tsa Dipaki, Dipaki tsa moo di ile tsa re tshwara jwalo kaha eka ke kgale re tsebana. Selemo sohle kamora hore mme a hlokahale, ha ke hopole le ka mohla o le mong ntate a tlameha ho re phehela kaha Dipaki di ne di dula di re tlisetsa dijo.
Lengolo le nnileng la nkama haholo ke la Pesaleme ya 25:16, 17. Moo, mongodi wa Pesaleme o kopa Modimo mme o re: “Retelletsa sefahleho sa hao ho nna, mme o mpontshe mohau; etswe ke nnotshi mme ke hlorile. Mahlomola a pelo ya ka a atile; o ntshe dikgatellong tse hodima ka.” Ho a tshedisa ho tseba hore ha o mong ha o utlwile bohloko. Modimo o na le wena. Bibele e nthusitse hore ke tswele pele ka bophelo mme ke hopole hore haufinyane, Modimo o tshepisa hore o tla tsosa bafu. Ke a tseba hore ke tla boela ke bone mme, a se a sa kule.—2 Petrose 3:13.
Haeba o batla ho fumana dintlha tse ding tse tswang ka Bibele bakeng sa batho ba hlokahalletsweng. Downloada Bukana ya Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa mahala.Kena ho www.jw.org/st, sheba tlasa LINGOLILOENG > LIBUKA LE LIBUKANA.