LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 6 maq. 8-9
  • Ruta Bana ba Hao Hore ba Ikokobetse

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ruta Bana ba Hao Hore ba Ikokobetse
  • Fadimehang!—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BOTHATA
  • SEO O LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO O KA SE ETSANG
  • Ho ba le Boikokobetso
    Fadimehang!—2019
  • Ho ba le Mamello
    Fadimehang!—2019
  • Jehova o Nka Bahlanka ba Hae ba Ikokobeditseng e le ba Bohlokwa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Fadimehang!—2017
g17 No. 6 maq. 8-9
Moshanyana o batla hore Mme wa hae a mo emele

Se Ka Thusang Lelapa | Ho Hodisa Bana

Ruta Bana ba Hao Hore ba Ikokobetse

BOTHATA

  • Mora wa hao o manganga le hoja a le dilemo di 10 feela!

  • O lebeletse hore batho bohle ba mo nke a le betere ho feta ba bang.

O ka nna wa ipotsa hore na ‘ebe ngwanenwa o kenwe keng? Ke nnete hore ke batla a thabe empa eseng hore a inke a le betere ho feta batho ba bang.’

Empa na ho ka etsahala hore o kgone ho ruta ngwana wa hao ho ikokobetsa feela o sa mo theole seriti?

Ngwananyana o dutse jwalo ka mofumahadi mme batswadi ba hae ba a mo thothomella

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

Dilemong tsa morao tjena, haesale batswadi ba kgothalletswa ho fa bana ba bona dintho tseo ba di batlang. Ebile hothwe batswadi ba rorise bana le haeba ho sena ntho e itseng eo ba e entseng, haesitana le hore ba se ke ba ba kgalemela. Hothwe haeba batswadi ba tshwara bana ka tsela ena e kgethehileng, bana ba tla hola ba itshepa. Empa ha e le hantle ditlamorao tsa seo ke dife? Buka e bitswang Generation Me e re: “Ho e na le hore bana e be ba itshwereng hantle le ba thabileng, kgothaletso ena e entse hore bana ba ikgohomose.”

Bana ba bangata ba hodiswang ba roriswa le ha ho sa hlokahale, ba hola ba sa itokisetsa ho swetseha, ho phoqeha le ho tshwauwa diphoso. Ka ha bana bana ba rutilwe ho itjheba bo bona feela, ba qetella ba fumana ho le thata ho ba le setswalle se tshwarellang le ha ba se ba hodile. Ka lebaka leo, bongata ba bona ba ba le kgatello ya maikutlo.

Bana ba ka ikutlwa ehlile e le ba bohlokwa haeba ba babatswa ka ntho ya bohlokwa eo ba e finyeletseng eseng hobane feela ba dula ba roriswa le ha ho se na mabaka. Sena se hloka ho fetang feela ho itshepa. Ba lokela ho ithuta ho etsa diqeto tse nepahetseng. (Liproverbia 22:29) Ba boetse ba lokela ho nahanela le batho ba bang. (1 Bakorinthe 10:24) Dintho tsena kaofela di hloka boikokobetso.

SEO O KA SE ETSANG

Thoholetsa bana ba hao ha ehlile ho hlokahala. Haeba moradi wa hao a pasitse hantle sekolong, mo babatse. Le teng ha a sa sebetsa hantle, ntho ya pele eo o sa lokelang ho e nahana, ke ho beha titjhere ya hae molato. Hobane ha o etsa jwalo, moradi wa hao a ke ke a ithuta ho ba le boikokobetso. Ntho eo o ka e etsang, ke ho mo thusa ho bona hore na a ka ntlafatsa hokae e le hore a sebetse hantle nakong e tlang. Emela ho mo rorisa mohla a sebeditseng hantle eseng sepakapakeng fela tjena.

Kgalemela bana ba hao ha ho hlokahala. Sena ha se bolele hore o lokela ho dula o tshwaya phoso e nngwe le e nngwe eo ngwana wa hao a e etsang. (Bakolose 3:21) Le ha ho le jwalo, diphoso tse tebileng ha di a lokela ho tlohelwa feela. Ka mohlala, ha ngwana a ba le mekgwanyana e mebe, o lokela ho mo kgalemela di sa tloha feela. Ho seng jwalo, mekgwa ena e ka mela ka metso.

Nka ka mohlala, ha re re mora wa hao o a ikgantsha. Haeba o sa mo kgalemele di sa tloha feela, a ka qetella e le motho ya inahanang boyena feela le ya shebelang ba bang fatshe. Kahoo, mo hlalosetse hore haeba a ikgohomosa, ha hona motho ya tla thabela ho ba le yena mme o tla dula a sa thaba. (Liproverbia 27:2) Hape mo hlalosetse hore motho ya ikokobeditseng, ha a bone ho hlokahala hore a tsamaye a ntse a jwetsa batho kamoo a kgonang ho etsa dintho tse itseng kateng. Ha o mo kgalemela ka tsela ena e lerato, o tla be o mo ruta ho ba le boikokobetso empa a sa itheole seriti.—Molaomotheo wa Bibele: Matheu 23:12.

Thusa ngwana wa hao hore a tadime bophelo ka tsela ya sebele. Ho fa ngwana wa hao ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang ka nako eo a e batlang ka yona, ho tla mo etsa hore a ikutlwe eka ke boso. Ka mohlala, haeba ngwana wa hao a batla o mo rekele ntho e itseng eo o ke keng wa e kgona, mo hlalosetse mabaka a ho tshepahalla moralo wa tshebediso ya tjhelete wa lelapa. Haeba ho ka etsahala hore le hlolehe ho ya leetong le itseng le le lelapa, mo hlalosetse hore ho swetseha le ho phoqeha ke karolo ya bophelo. O ka boela wa mo hlalosetsa ka botlalo hore na o sebetsana le maemo a jwalo jwang. Ho e na le hore o dule o sireletsa bana ba hao maemong ohle a thata, ba thuse hore ba tle ba emelane le diphephetso tseo ba tla kopana le tsona bophelong ha ba se ba le baholo.—Molaomotheo wa Bibele: Liproverbia 29:21.

Ba kgothaletse ho fana. Kgodisa ngwana wa hao hore “ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) O ka etsa see jwang? O ka dula le yena mme la ngola lethathamo la batho bao o batlang ho ba thusa ka ho reka dijo, ho ba lata ka koloi kapa ho ba thusa ho lokisa dintho tse itseng malapeng a bona. Tsamaya le ngwana wa hao ha o lo thusa batho bana. Bontsha ngwana wa hao kamoo o thabang le ho kgotsofala kateng ha o thusa batho ba bang. Ha o etsa dintho ka tsela ena, o tla be o ruta ka mohlala mme ngwana wa hao o tla ba le boikokobetso.—Molaomotheo wa Bibele: Luka 6:38.

E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka taba ena, kena ho www.jw.org/st mme o batle sehlooho se reng: “Ho Hōlisa Bana ba Nahanelang Lefatšeng le Tletseng Boithati.”

MANGOLO A KA THUSANG

  • “Mang kapa mang ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme mang kapa mang ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”—Matheu 23:12.

  • “Haeba motho a bokotsa mohlanka wa hae ho tloha botjheng ho ya pele, bophelong ba hae hamorao o tla fetoha ya se nang teboho.”—Liproverbia 29:21.

  • “Itlwaetseng ho fana.”—Luka 6:38.

NKA HORE BA BANG BA O PHAHAMETSE

Bibele e re: “Le sa etse letho ka lebaka la ho rata dikgang kapa ka lebaka la ho ipoledisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele dithahasello tsa ditaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela dithahasello tsa ba bang.”—Bafilipi 2:3, 4

Ngwana ya hodisitsweng a rutwa ho sebedisa molaomotheo ona, o tla lemoha hore ba bang ba mo phahametse. Qetellong, boikokobetso bo tla thusa ngwana wa hao ho qoba ho tshwaetswa ke boikutlo ba batho ba mehleng ena, ba ho inahana bobona feela.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share